Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39

Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova

Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova

“Ba ne ba . . . mo utlwisa bohloko [hangata].”​—PES. 78:40.

PINA YA 102 “Le Thuse ba fokolang”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ha motho a tloswa ka phuthehong batho ba bang ba ikutlwa jwang?

NA HO na le motho eo o mo ratang ya ileng a tloswa ka phuthehong? E ka nna yaba o ne o utlwile bohloko haholo. Moradiwabo rona Hilda o re: “Ha monna wa ka a ne a hlokahala ka mora dilemo tse 41 re nyalane, ke ile ka utlwa bohloko haholo empa ha mora wa ka a ne a tlohela mosadi wa hae, bana ba hae le phutheho, ke ile ka utlwa bohloko bo fetang boo. *

Jehova o utlwisisa bohloko boo o bo utlwang ha motho eo o mo ratang a tlohela ho mo sebeletsa (Sheba serapa sa 2 le 3) *

2, 3. Ho ya ka Pesaleme ya 78:​40, 41, Jehova o ikutlwa jwang ha bahlanka ba hae ba tlohela ho mo sebeletsa?

2 Nahana hore na Jehova o ile a utlwa bohloko hakae ha mangeloi a mang lelapeng la hae a ne a mo fetohela. (Juda 6) Hape o nahane hore na o ile a utlwa bohloko hakae ha batho bao a neng a ba rata e leng Baiseraele ba ne ba mo fetohela ka makgetlo a mangata. (Bala Pesaleme ya 78:​40, 41.) Kgodiseha hore Ntate wa rona ya lerato le yena o ntse a utlwa bohloko ha motho eo o mo ratang a mo fetohela. O a utlwisisa hore na o utlwile bohloko hakae. O tla o kgothatsa a be a o fe tshehetso eo o e hlokang.

3 Sehloohong sena re tlo bua ka ntho eo re ka e etsang hore Jehova a re thuse haeba motho eo re mo ratang a tlohela ho mo sebeletsa. Re tla boela re bone hore na re ka thusa ba bang jwang ka phuthehong ba nang le bothata bo tshwanang. Empa a re qale pele ka ho bona hore na ke eng eo re lokelang ho e qoba.

O SE KE WA IPEHA MOLATO

4. Batswadi ba bangata ba ikutlwa jwang ha bana ba bona ba tlohela ho sebeletsa Jehova?

4 Ha bana ba tlohela ho sebeletsa Jehova, ho tlwaelehile hore batswadi ba nahane hore ho na le ntho eo ba ka beng ba e entse ho ba thusa hore ba tswele pele ba sebeletsa Jehova. Ka mora hore mora wa morabo rona Luke a kgaolwe, morabo rona Luke o ile a re: “Ke ne ke nahana hore ke phoso ya ka. Taba ena e ne e sa nthobatse. Ka dinako tse ding ke ne ke lla mme pelo ya ka e eba bohloko haholo.” Moradiwabo rona Elizabeth ya neng a le boemong bo tshwanang hangata o ne a ipotsa a re: “Ebe ke ile ka fosa hokae? Ke ne ke utlwa eka ha ke a ruta ngwana wa ka hantle hore a rate Jehova.”

5. Ke phoso ya mang ha motho a tlohela ho sebeletsa Jehova?

5 Re lokela ho hopola hore Jehova o file e mong le e mong wa rona bolokolohi ba ho ikgethela. Taba ena e bolela hore re ka ikgethela hore na re batla ho mo mamela kapa tjhe. Bana ba bang ba ne ba se na batswadi ba ba behelang mohlala o motle empa ba ile ba etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova le ho dula ba tshepahala. Ba bang batswadi ba bona ba ile ba sebetsa ka thata ho ba ruta hore ba rate Jehova empa ha morao ha ba hola ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Qetellong e mong le e mong wa rona o lokela ho etsa qeto ya hore na o sebeletsa Jehova kapa tjhe. (Josh. 24:​15) Jwale lona batswadi ba ileng ba utlwa bohloko ka lebaka la hore bana ba lona ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova, le se ke la nahana hore ke phoso ya lona.

6. Ngwana a ka nna a ikutlwa jwang ha motswadi a tlohela ho sebeletsa Modimo?

6 Ka dinako tse ding ntate kapa mme a ka tlohela ho sebeletsa Jehova a ba a tlohela le lelapa la hae. (Pes. 27:​10) Ntho eo e ka utlwisa bana bohloko haholo ba neng ba hlompha le ho rata batswadi ba bona. Moradiwabo rona Esther eo ntate wa hae a ileng a kgaolwa o re: “Ke ne ke dula ke lla hobane ke hlokomela hore ntate wa ka o ne a entse qeto ya hore ha a sa batla ho sebeletsa Jehova ho hang. Ke rata ntate wa ka, ka hoo ha a ne a kgaotswe ke ne ke dula ke tshwenyehile ka yena. Ka dinako tse ding ke ne ke tshwenyeha ka tsela e sa tlwaelehang.”

7. Jehova o ikutlwa jwang ka ngwana eo motswadi wa hae a kgaotsweng?

7 Haeba e mong wa batswadi ba hao a kgaotswe re o utlwela bohloko. Ka kopo kgodiseha hore Jehova o a tseba hore na taba ena e o utlwisa bohloko hakae. Jehova o a o rata ebile o thabiswa ke ho bona o mo sebeletsa ka botshepehi mme le rona re thabiswa ke taba eo. Hape hopola hore ha o ikarabelle diqetong tseo batswadi ba hao ba di entseng. Jwalo ka ha ho hlalositswe qalong, Jehova o file e mong le e mong bolokolohi ba hore a ikgethele. Motho e mong le e mong ya inehetseng ho Jehova ebile a kolobeditswe o lokela ho “jara mojaro wa hae.”​—Bagal. 6:5.

8. Ditho tsa lelapa di ka etsang ha di ntse di emetse hore setho se seng se kgutlele ho Jehova? (Sheba lebokose le reng “ Kgutlela ho Jehova.”)

8 Ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova, ho tlwaelehile hore re dule re ena le tshepo ya hore ka le leng o tla kgutlela ho yena. O ka etsa eng ha o ntse o mo emetse hore a kgutlele ho Jehova? Etsa ka hohle ka moo o ka kgonang hore o dule o ena le tumelo e matla. Ha o etsa jwalo o tla behela ditho tse ding tsa lelapa mohlala o motle mohlomong le motho eo ya kgaotsweng. O tla boela o be le matla a ho mamella bohloko boo o bo utlwang. Ka hoo, a re ke re bone hore na o ka etsa eng hore tumelo ya hao e dule e le matla.

O KA ETSA ENG HORE TUMELO YA HAO E DULE E LE MATLA?

9. O ka etsang hore tumelo ya hao e dule e le matla? (Sheba lebokose le reng “ Mangolo a Kgothatsang Haeba Motho eo o mo Ratang a Tlohetse ho Sebeletsa Jehova.”)

9 Etsa ka hohle hore o dule o ena le tumelo e matla. Ke ha bohlokwa hore o tswele pele ho imatlafatsa le ho matlafatsa ditho tse ding tsa lelapa. O ka etsa jwalo jwang? Tumelo ya hao e tla ba matla haeba o dula o bala Lentswe la Modimo ka mehla, o nahanisisa ka lona ebile o e ya dibokeng. Moradiwabo rona Joanna eo ntate wa hae le ausi wa hae ba ileng ba tlohela phutheho o re: “Ke dula ke kgobile matshwafo ha ke bala ka ditlaleho tsa Bibele tse buang ka Abigaile, Esthere, Jobo, Josefa le Jesu. Mohlala wa bona o nkgothatsa haholo ebile o nthusa hore ke se ke ka nyahama. Dipina tsa Broadcasting le tsona di nkgothatsa haholo.”

10. Pesaleme ya 32:​6-8 e re re etseng nakong eo re tshwenyehileng?

10 Bolella Jehova ka dintho tsohle tse o tshwenyang. Ha o tshwenyehile o se ke wa tlohela ho bua le yena. Tswela pele o kopa Modimo wa rona ya lerato hore a o thuse hore o nke boemo boo o leng ho bona ka tsela eo a bo nkang ka yona le hore a o fe “temohisiso mme [a] o rupele ka tsela eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Bala Pesaleme ya 32:​6-8.) Ho ka nna ha o utlwisa bohloko haholo ho bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Empa Jehova o utlwisisa hantle hore na o ikutlwa jwang. O o rata haholo hoo a reng o mo bolelle ntho e nngwe le e nngwe e ka sefubeng sa hao.​—Ex. 34:6; Pes. 62:​7, 8.

11. Ho ya ka Baheberu 12:​11 ke hobaneng ha re lokela ho tshepa tokisetso ya Jehova ya ho kgalemela mofosi? (Sheba lebokose le reng “ Tokisetso ya ho Kgaolwa e Bontsha Hore Jehova o a re Rata.”)

11 Tshehetsa qeto eo baholo ba e entseng. Ho kgaolwa ke e nngwe ya ditokisetso tseo Jehova a di entseng. Kgalemelo ena ke tokisetso e lerato e thusang motho ya kgaoditseng ho sebeletsa Jehova le e thusang batho ba bang. (Bala Baheberu 12:​11.) Batho ba bang ka phuthehong ba ka nna ba re baholo ha ba etsa qeto e nepahetseng ka hore ba kgaole motho ya itseng empa hopola hore batho ba jwalo hangata ha ba bue ka dintho tse mpe tseo motho eo a di entseng. Bonneteng ha re na dintlha kaofela. Ke ka hoo ho leng bohlokwa hore re tshepe baholo ba komiting ya boahlodi hore ba ile ba latela Mangolo ka hohle ka moo ba ka kgonang e le hore ba ahlolele “Jehova.”​—2 Likron. 19:6.

12. Batho ba bang ba ile ba fumana molemo ofe ka lebaka la ho tshehetsa tokisetso ya Jehova ya ho kgalemela?

12 Haeba o tshehetsa qeto eo baholo ba e entseng ya ho kgaola motho eo o mo ratang, ha e le hantle ntho eo e tla mo thusa hore a kgutlele ho Jehova. Moradiwabo rona Elizabeth eo re buileng ka yena o re: “Ho ne ho le thata haholo ho kgaotsa ho buisana le mora wa rona ya moholo le ho qeta nako le yena. Ka mora hore a kgutlele ho Jehova o ile a dumela hore e ne e le qeto e ntle hore a kgaolwe. Ha nako e ntse e ya o ile a re o ananela dintho tse ngata tseo a ithutileng tsona. Ke ile ka bona hore kgalemelo ya Jehova ka mehla e nepahetse.” Monna wa hae e leng morabo rona Mark o re: “Ha nako e ntse e ya mora wa rona o ile a mpolella hore o ne a batla ho kgutlela ka lapeng hobane re ne re sa ikamahanye le yena ho hang ha a ntse a kgaotswe. Ke leboha Jehova hore o ile a re thusa hore re mamele.”

13. Ke eng e ka o thusang ha o utlwile bohloko haholo?

13 Bua le metswalle e utlwisisang hore na o ikutlwa jwang. Qeta nako le Bakreste ba nang le boiphihlelo ba tla o thusa hore o se ke wa fellwa ke tshepo. (Liprov. 12:​25; 17:​17) Moradiwabo rona Joanna eo re buileng ka yena o re: “Ke ne ke utlwa ke se na mang wee. Empa ho bua le metswalle ya ka eo ke e tshepang ho ile ha nthusa haholo.” Jwale o tla etsang haeba ka phuthehong ho ena le batho ba etsang hore o ikutlwe o nyahame le ho feta?

14. Ke hobaneng ha re lokela ho ‘tswela pele re mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi’?

14 Mamella bara le baradibabo rona. Re ke ke ra lebella hore e tla ba motho e mong le e mong ya buang dintho tse kgothatsang. (Jak. 3:2) Kaofela ha rona ha re a phethahala, ka hoo o se ke wa makala haeba o bona motho a sa tsebe hore na a reng kapa a bua ntho e o utlwisang bohloko a sa hlokomele. Hopola keletso ya moapostola Pauluse e reng: “Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi haeba le ha e le mang a ena le sesosa sa pelaelo kgahlanong le e mong.” (Bakol. 3:​13) Moradiwabo rona e mong eo wa lelapa labo a ileng a kgaolwa o re: “Jehova o nthusitse hore ke tshwarele bara le baradibabo rona ba ileng ba leka ho nkgothatsa empa ba nkutlwisa bohloko.” Phutheho e ka thusa ditho tsa lelapa jwang?

PHUTHEHO E KA THUSA

15. Ke eng e ka thusang ditho tsa lelapa ha e mong a sa tswa kgaolwa?

15 E ba mosa ho ditho tsa lelapa tse setseng di sebeletsa Jehova ka botshepehi. Moradiwabo rona Miriam o re o ne a tshaba ho ya dibokeng ka mora hore abuti wa hae a kgaolwe. O re: “Ke ne ke tshaba hore na batho ba tla reng. Empa ho ne ho ntse ho ena le bara le baradibabo rona ba neng ba utlwile bohloko jwalo ka nna ebile ba sa bue hampe ka abuti wa ka. Ka lebaka la bona ke ne ke sa ikutlwe ke le mong.” Moradiwabo rona e mong o ile a re: “Ka mora hore mora wa rona a kgaolwe bara le baradibabo rona ba ile ba tla ho tlo re kgothatsa. Ba bang ba ile ba re bolella hore ba ne ba sa tsebe hore na ba reng. Ba ne ba lla le nna kapa ba nthomella mangolo a kgothatsang. Ka nnete ba ile ba nthusa hona hoo.”

16. Ke jwang phutheho e ka tswelang pele ho thusa le ho kgothatsa ditho tsa lelapa tseo ho nang le setho se kgaotsweng?

16 Tswela pele o tshehetsa ditho tsa lelapa. Ba hloka o ba rate o be o ba kgothatse ho feta le ha e le neng pele. (Baheb. 10:​24, 25) Ka dinako tse ding, ditho tsa lelapa di a hlokomela hore ka phuthehong ho na le batho ba seng ba sa ba buise jwalo ka ha eka ke bona ba kgaotsweng. Ha re batle hore ba ikutlwe ka tsela eo. Re lokela ho babatsa le ho kgothatsa bana bao batswadi ba bona ba ileng ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Moradiwabo rona Maria eo monna wa hae a ileng a tlohela phutheho le lelapa la hae o re: “Metswalle e meng ya ka e ne e tla ha ka, e pheha ebile e nthusa hore ke ithute Bibele le bana ba ka. E ne e utlwisisa bohloko boo ke bo utlwang ebile e lla le nna. E ne e mpuella ha batho ba bua dintho tse fosahetseng ka nna. E ne e mpha matla.”​—Bar. 12:​13, 15.

Phutheho e ka tshehetsa ditho tsa lelapa tseo setho se seng se tlohetseng ho sebeletsa Jehova (Sheba serapa sa 17) *

17. Baholo ba ka etsa eng ho kgothatsa ba utlwileng bohloko?

17 Baholo, sebedisang monyetla ofe kapa ofe oo le o fumanang ho matlafatsa malapa ana. Le na le monyetla o babatsehang wa ho kgothatsa Bakreste bao batho ba ba ratang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova. (1 Bathes. 5:​14) Ba kgothatse pele ho diboka le ka mora tsona. Ba etele mme o rapele le bona. Eya le bona tshebeletsong ya tshimo kapa ka dinako tse ding o ba memele borapeding ba lelapa. Baholo ba lokela ho hlokomela dinku tsa Jehova tse utlwileng bohloko, ba di bontshe mosa le ho di rata.​—1 Bathes. 2:​7, 8.

DULA O ENA LE TSHEPO MME O TSWELE PELE O TSHEPA JEHOVA

18. Ho ya ka 2 Petrose 3:​9, Modimo o batla hore batho ba ileng ba tlohela ho mo sebeletsa ba etseng?

18 Jehova “ha a lakatse hore le ha e le mang a timetswe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (Bala 2 Petrose 3:9.) Le hoja motho a ka etsa sebe se tebileng, Modimo o ntse a nka bophelo ba hae e le ba bohlokwa. Hopola hore Jehova o ile a re rekolla kaofela ha rona a sebedisa sehlabelo sa Mora wa hae ya ratwang. Ka lerato Jehova o leka ho thusa batho ba mo tlohetseng hore ba kgutlele ho yena. O na le tshepo ya hore ba tla kgutlela ho yena jwalo ka ha re bona papisong eo Jesu a ileng a e etsa ya mora ya lahlehileng. (Luka 15:​11-32) Batho ba bangata ba ileng ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova, ha morao ba ile ba kgutlela ho Ntate wa bona ya lerato mme phutheho yohle e ile ya ba amohela ka mofuthu. Moradiwabo rona Elizabeth eo re buileng ka yena o ne a thabile haholo ha mora wa hae a kgutlisetswa ka phuthehong. O re, “Ke leboha haholo hore batho ba bangata ba ile ba re kgothalletsa hore re se ke ra lahla tshepo.”

19. Ke hobaneng ha re ka kgona ho tswela pele re tshepa Jehova?

19 Re ka tshepa Jehova ka dinako tsohle. Ka mehla o re fa keletso e re thusang. Ke Ntate ya fanang, ya mosa, ya ratang bohle ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Kgodiseha hore Jehova a ke ke a o lahla le dinakong tse thata. (Baheb. 13:​5, 6) Morabo rona Mark eo re buileng ka yena o re, “Jehova ho hang a ke ke a re lahla. O tla dula a re thusa maemong a thata.” Jehova o tla tswela pele a o fa “matla a fetang se tlwaelehileng.” (2 Bakor. 4:7) O ka dula o tshepahala ebile o ena le tshepo ha motho eo o mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova.

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng

^ par. 5 Re utlwa bohloko haholo ha motho eo re mo ratang a tlohela ho sebeletsa Jehova. Sehloohong sena re tlo bona hore na Modimo o ikutlwa jwang ha ntho ena e etsahala. Re tlo bona hore na lelapa le ka etsa eng e le hore le kgothale le hore le dule le ena le tumelo e matla ha e mong wa lelapa a tlohetse ho sebeletsa Jehova. Re tla boela re bone hore na phutheho e ka kgothatsa le ho tshehetsa lelapa leo jwang.

^ par. 1 Mabitso a mang a fetotswe.

^ par. 79 DITSHWANTSHO: Ha morabo rona a tlohela lelapa la hae le Jehova, mosadi wa hae le bana ba hae ba utlwa bohloko.

^ par. 81 DITSHWANTSHO: Baholo ba babedi ba tlo kgothatsa mme le bana.