Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39

Na Lebitso la Hao le Ngotswe “Bukeng ya Bophelo”?

Na Lebitso la Hao le Ngotswe “Bukeng ya Bophelo”?

“Buka ya kgopotso ya qala ho ngolwa ka pela hae bakeng sa ba tshabang Jehova.”​—MAL. 3:16.

PINA YA 61 Tswelang Pele Lona Dipaki!

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

Ho tloha mehleng ya Abele esale Jehova a ngola mabitso a batho “bukeng ya bophelo” (Sheba serapa sa 1 le 2)

1. Ho ya ka Malakia 3:16, Jehova o ntse a ngola buka efe, hona o ntse a ngola eng ho yona?

 HO SE ho fetile dilemo tse ngata Jehova a ntse a ngola buka ya bohlokwa. Buka ena e na le mabitso a mangata mme lebitso la pele le ngotsweng ho yona ke la Abele, e leng paki ya pele e tshepahalang. b (Luka 11:50, 51) Haesale Jehova a ntse a ngola mabitso a batho bukeng ena mme hona jwale e na le mabitso a mangata. Ka Bibeleng buka ena e bitswa “buka ya kgopotso,” ‘buka ya bophelo’ le ‘moqolo wa bophelo.’ Sehloohong sena re tla bua ka yona e le ‘buka ya bophelo.’​—Bala Malakia 3:16; Tšen. 3:5; 17:8.

2. Ke bomang ba ngotsweng bukeng ya bophelo, hona re lokela ho etsang e le hore mabitso a rona a ngolwe bukeng eo?

2 Buka ena ya bohlokwa e na le mabitso a batho bohle ba hlomphang Jehova le ba ratang lebitso la hae. Batho bana ba tla ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Ka hoo, re ka etsa hore mabitso a rona a ngolwe bukeng ena ka hore re be le kamano e ntle le Jehova hape re be le tumelo sehlabelong sa Mora wa hae, Jesu Kreste. (Joh. 3:16, 36) Kaofela ha rona re batla hore mabitso a rona a ngolwe bukeng ena ebang re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng.

3, 4. (a) Na re tla phela ka ho sa feleng haeba mabitso a rona a ngotswe bukeng ya bophelo hona jwale? Hlalosa. (b) Re tlo bua kang sehloohong see le se latelang?

3 Na batho bohle bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ba tla fumana bophelo bo sa feleng? Re fumana karabo ya potso ena ho seo Jehova a se bolelletseng Moshe ho Exoda 32:33. Jehova o ile a re: “Mang kapa mang ya ntshitetsweng, ke tla mo hlakola bukeng ya ka.” Ka hoo, mabitso a ngotsweng bukeng ena a ka hlakolwa. Ho jwalo ka ha eka Jehova o ngotse mabitso ana ka pentshele. (Tšen. 3:5) Re lokela ho etsa bonnete ba hore mabitso a rona a dula a ngotswe bukeng ena ho fihlela a ngolwa ka pene.

4 Taba ena e ka nna ya etsa hore re ipotse dipotso. Ka mohlala, re ka ipotsa hore na Bibele e reng ka batho bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo le bao a sa ngolwang ho yona. Batho bao mabitso a bona a leng bukeng ena ba tla fumana bophelo bo sa feleng neng? Ho tla etsahalang ka batho ba ileng ba hlokahala ba sa ka ba ithuta ka Jehova? Na mabitso a bona a ka ngolwa bukeng ee? Dipotso tsena di tla arajwa sehloohong sena le se latelang.

KE BOMANG BA NGOTSWENG BUKENG EE?

5, 6. (a) Ho ya ka Bafilipi 4:3, ke mabitso a bomang a ngotsweng bukeng ya bophelo? (b) Mabitso a bona a tla ngolwa neng bukeng ya bophelo a sa hlakolwe?

5 Ke bomang ba ngotsweng bukeng ee ya tshwantshetso? Ho araba potso ena re tla bua ka dihlopha tse hlano tsa batho ba fapaneng. Dihlopheng tsena batho ba bang ba ngotswe bukeng ya bophelo, ba bang bona ha ba a ngolwa.

6 Sehlopha sa pele ke sa batho ba kgethetsweng ho yo busa le Jesu lehodimong. Na mabitso a bona a ngotswe bukeng ya bophelo? Ho jwalo. Ha moapostola Pauluse a bua le “basebetsimmoho” le yena ba Filipi, o ile a re mabitso a batlotsuwa ba tla busa le Jesu a se a ngotswe bukeng ya bophelo. (Bala Bafilipi 4:3.) Empa ba lokela ho dula ba tshepahala e le hore mabitso a bona a dule a le bukeng ena ya tshwantshetso. Mabitso a bona a tla ngolwa bukeng ena mme a ke ke a hlakolwa ka mora hore ba fumane tiiso ya bona ya ho qetela. Sena se tla etsahala pele ba hlokahala kapa pele matshwenyeho a maholo a qala.​—Tšen. 7:3.

7. Tšenolo 7:16, 17 e re mabitso a bongata bo boholo ba dinku tse ding a tla ngolwa bukeng ya bophelo neng a sa hlakolwe?

7 Sehlopha sa bobedi ke sa bongata bo boholo ba dinku tse ding. Na mabitso a bona a ngotswe bukeng ya bophelo? Ho jwalo. Na mabitso a bona a tla nne a be teng bukeng ya bophelo ka mora hore ba pholohe Armagedone? Ho jwalo. (Tšen. 7:14) Jesu o ile a re batho bana ba tshwanang le dinku ba tla ya “bophelong bo sa feleng.” (Mat. 25:46) Empa batho ba tla pholoha Armagedone ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng hanghang. Mabitso a bona a tla tswela pele a ntse a ngotswe ka pentshele bukeng ya bophelo. Nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o “tla ba tataisetsa didibeng tsa metsi a bophelo.” Batho ba tla mamela tataiso ya Kreste le bao Jehova a tla ba nka ba tshepahala, mabitso a bona a tla ngolwa bukeng ya bophelo mme a ke ke a hlakolwa.​—Bala Tšenolo 7:16, 17.

8. Ke bomang ba sa ngolwang bukeng ya bophelo, hona ho tla etsahalang ka bona?

8 Sehlopha sa boraro ke dipodi tse tla fediswa ka Armagedone. Mabitso a bona ha a ngolwa bukeng ya bophelo. Jesu o ile a re “ba tla ya phedisong e sa feleng.” (Mat. 25:46) Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a re: “Bana ba tla feta kotlong ya boahlodi ya timetso e sa feleng.” (2 Bathes. 1:9; 2 Pet. 2:9) Batho bao e leng hore ka dilemo tse ngata ka boomo ba ile ba fosetsa moya o halalelang le bona ba ke ke ba phela ka ho sa feleng empa ba tla fumana timetso e sa feleng. Ho hlakile hore ba ke ke ba tsoswa. (Mat. 12:32; Mar. 3:28, 29; Baheb. 6:4-6) A re bueng ka dihlopha tse pedi tse tla tsosetswa mona lefatsheng.

BATHO BA TLA TSOSWA

9. Jwalo ka ha Liketso 24:15 e bontsha, ke dihlopha dife tse pedi tsa batho tse tla tsosetswa lefatsheng, hona di fapane jwang?

9 Bibele e bua ka dihlopha tse pedi tsa batho ba tla tsosetswa ho phela ka ho sa feleng mona lefatsheng e leng “ba lokileng” le “ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) Batho “ba lokileng” ke ba ileng ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ha ba ntse ba phela. Ka lehlakoreng le leng, “ba sa lokang” ke batho ba sa kang ba sebeletsa Jehova ka botshepehi. Ha e le hantle, maemong a mangata ba ne ba sa etse dintho tse lokileng. Ka ha dihlopha tsena tse pedi tsa batho di tla tsoswa, na re ka re mabitso a bona a ngotswe bukeng ya bophelo? E le hore re arabe potso ena a re ke re bueng ka sehlopha ka seng.

10. Ke hobaneng ha ho tla tsoswa batho “ba lokileng,” hona ba bang ba bona ba tla ba le monyetla ofe? (O ka boela wa bala sehlooho se reng, “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” se buang ka tsoho ya bafu e tlo ba teng mona lefatsheng.)

10 Sehlopha sa bone ke sa batho “ba lokileng.” Pele ba hlokahala mabitso a bona a ile a ngolwa bukeng ya bophelo. Na mabitso a bona a ile a tloswa bukeng eo ha ba ne ba hlokahala? Tjhe, hobane ba ntse ba “phela” mohopolong wa Jehova. Jehova “ke Modimo wa ba phelang, eseng wa bafu, ka ha kaofela ba a phela ho yena.” (Luka 20:38) Sena se bolela hore ha ba lokileng ba tsosetswa lefatsheng, mabitso a bona a tla fumanwa ka bukeng ya bophelo le hoja a tla be a ngotswe ka “pentshele.” (Luka 14:14) Ha ho pelaelo hore ba bang ba batho bana ba tsositsweng ba tla ba le monyetla wa hore e be “dikgosana lefatsheng lohle.”​—Pes. 45:16.

11. Batho “ba sa lokang” ba lokela ho ithuta eng pele mabitso a bona a ngolwa bukeng ya bophelo?

11 A re bueng ka sehlopha sa ho qetela e leng sehlopha sa bohlano sa batho “ba sa lokang.” Ka ha ba ne ba sa tsebe melao ya Jehova, ha ba a ka ba etsa dintho tse lokileng pele ba hlokahala. Ka hoo, mabitso a bona ha a ka a ngolwa bukeng ya bophelo. Empa Modimo o tla ba tsosa e le hore a ba fe monyetla wa hore le bona mabitso a bona a ngolwe bukeng ena. Batho bana “ba sa lokang” ba tla hloka thuso ka ha pele ba hlokahala ba bang ba bona ba ile ba etsa dintho tse mpe haholo. Ba tla hloka ho rutwa hore na ba lokela ho etsang e le hore ba phele ka melao ya Jehova e lokileng. Mmuso wa Modimo o tla fana ka taelo ya hore ho be le mosebetsi wa ho ruta oo o eso ka o eba teng lefatsheng, hore batho bana ba rutwe ho phela ka melao e lokileng ya Jehova.

12. (a) Ke bomang ba tla ruta batho ba sa lokang? (b) Ho tla etsahalang ka batho ba sa mameleng dintho tseo ba ithutileng tsona?

12 Ke bomang ba tla ruta batho ba sa lokang? Ke bongata bo boholo le batho ba lokileng ba tla tsoswa. Batho ba sa lokang ba lokela ho ba le kamano e ntle le Jehova le hore ba inehele ho yena e le hore mabitso a bona a ngolwe bukeng ya bophelo. Jesu Kreste le batlotsuwa ba tla sheba batho bana ba sa lokang ba le lehodimong, ho bona hore na ebe ba mamela dintho tseo ba di rutwang. (Tšen. 20:4) Ba hanang ho mamela ha ba rutwa ba tla fediswa le hoja mohlomong ba tla be ba se ba le dilemo di lekgolo. (Esa. 65:20) Jehova le Jesu ba kgona ho bona se ka pelong ya motho mme ba ke ke ba dumella motho le ha e le ofe hore a senye lefatshe le letjha.​—Esa. 11:9; 60:18; 65:25; Joh. 2:25.

TSOHO YA BOPHELO LE YA KAHLOLO

13, 14. (a) Nakong e fetileng re ne re utlwisisa mantswe a Jesu a hlahang ho Johanne 5:29 jwang? (b) Keng eo re lokelang ho e hlokomela ka seo Jesu a ileng a se bua?

13 Jesu o ile a boela a bua ka batho ba tla tsosetswa ho tla phela mona lefatsheng. Ka mohlala, o ile a re: “Hora e a tla eo ka yona bohle ba mabitleng a kgopotso ba tla utlwa lentswe la hae mme ba tswe, ba entseng dintho tse molemo ba ye tsohong ya bophelo, ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe ba ye tsohong ya kahlolo.” (Joh. 5:28, 29) Jesu o ne a bolelang?

14 Nakong e fetileng re ne re utlwisisa hore mantswe a Jesu a bolela dintho tseo batho ba tsositsweng ba neng ba tla di etsa ka mora hore ba tsoswe, e leng se bolelang hore batho ba bang ba tsositsweng ba ne ba tla etsa dintho tse lokileng ha ba bang bona ba etsa tse mpe. Hlokomela hore Jesu ha a ka a re batho ba tswang mabitleng ba tla etsa dintho tse lokileng kapa ba tla etsa dintho tse mpe. O ile a bua ka dintho tseo batho bao ba di entseng nakong e fetileng ka ha o ile a re ba “entseng dintho tse molemo” le ba ileng ba “tlwaela ho etsa dintho tse mpe.” Taba ena e bontsha hore dintho tsena ba di entse pele ba hlokahala. Sena se a utlwahala hobane lefatsheng le letjha ha ho na motho ya tla dumellwa hore a etse dintho tse mpe. E tlameha ebe bana ba sa lokang ba ile ba etsa dintho tse mpe pele ba hlokahala. Ka hoo, Jesu o ne a bolelang ha a ne a bua ka ‘tsoho ya bophelo’ le ‘tsoho ya kahlolo’?

15. Ke bomang ba tla fumana ‘tsoho ya bophelo,’ hona hobaneng?

15 Batho ba lokileng ba ileng ba etsa dintho tse lokileng pele ba hlokahala, ba tla fumana ‘tsoho ya bophelo’ hobane mabitso a bona a tla be a se a ntse a ngotswe bukeng ya bophelo. Sena se bolela hore tsoho ya batho “ba entseng dintho tse molemo” eo Johanne 5:29 e buang ka yona, e tshwana le tsoho ya batho “ba lokileng” bao Liketso 24:15 e buang ka bona. Kutlwisiso ena e tshwana le polelo e ho Baroma 6:7, e reng: “Ya shweleng o hlakotswe molato wa sebe sa hae.” Ka hoo, ha batho ba lokileng ba hlokahala Jehova o tshwarela dibe tsa bona empa o tla dula a hopola dintho tsohle tse lokileng tseo ba ileng ba di etsa ha ba ntse ba phela. (Baheb. 6:10) Ke nnete hore batho bana ba lokileng ba ileng ba tsoswa ba tla lokela hore ba dule ba tshepahala e le hore mabitso a bona a dule a ngotswe bukeng ya bophelo.

16. Ke bomang ba tla tsosetswa “tsohong ya kahlolo”?

16 A re bueng ka batho ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe pele ba hlokahala. Ha ba a ka ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ha ba ntse ba phela le hoja dibe tsa bona di tla hlakolwa ha ba hlokahala. Ka hoo, mabitso a bona ha a ngolwa bukeng ya bophelo. Ke ka hoo tsoho ya batho “ba ileng ba tlwaela ho etsa dintho tse mpe” e tshwanang le tsoho ya batho “ba sa lokang” bao Liketso 24:15 e buang ka bona. Tsoho ya bona e tla ba ‘tsoho ya kahlolo.’ c Jesu o tla ahlola batho ba lokileng ka hore a shebe dintho tseo ba di etsang ka nako eo. (Luka 22:30) Ka mora nako e itseng, Jesu o tla etsa qeto ya hore na ke mabitso a bomang a tla ngolwa bukeng ya bophelo. Mabitso a batho bana ba sa lokang a tla ngolwa bukeng ya bophelo hafeela ba tlohela dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa mme ba inehela ho Jehova.

17, 18. Batho bohle ba tla tsosetswa lefatsheng ba lokela ho etsang, hona “diketso” tseo ho buuwang ka tsona ho Tšenolo 20:12, 13 ke dife?

17 Ho sa tsotellehe hore na batho ba tsositsweng ba ne ba lokile kapa ba sa loka, ba tla lokela hore ba mamele melao e tla beng e le meqolong e metjha e tla bulwa nakong ya dilemo tse sekete. Ha moapostola Johanne a hlalosa seo a se boneng ponong, o ile a re: “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pela terone, mme meqolo ya bulwa. Empa moqolo o mong wa bulwa; ke moqolo wa bophelo. Bafu ba ile ba ahlolwa ka dintho tse ngotsweng meqolong eo ho ya ka diketso tsa bona.”​—Tšen. 20:12, 13.

18 Batho ba tsositsweng ba tla ahlolwa ho ya ka “diketso” dife? Na e tla ba dintho tseo ba ileng ba tlwaela ho di etsa pele ba hlokahala? Tjhe. Hopola hore ha ba hlokahala dibe tsa bona di ile tsa hlakolwa. Mona mantswe “diketso tsa bona” ha a bolele diketso tseo ba di entseng pele ba hlokahala. Le ha ho le jwalo, e tlameha ebe a bolela dintho tseo ba tla di etsa ha ba ntse ba rutwa lefatsheng le letjha. Esita le banna ba bang ba neng ba tshepahala e leng Noe, Samuele, Davida le Daniele le bona ba tla lokela ho ithuta ka Jesu Kreste le ho ba le tumelo sehlabelong sa hae. Haeba banna baa ba tla lokela ho ithuta, sena se bontsha hore batho ba sa lokang le bona ba tla hloka ho ithuta.

19. Ho tla etsahalang ka batho ba hanang monyetla ona o babatsehang?

19 Ho tla etsahalang ka batho ba hanang monyetla ona o babatsehang? Tšenolo 20:15 e re: “Mang kapa mang ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo a dihelwa ka letsheng la mollo.” Batho bao ba tla fediswa. Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re etse bonnete ba hore mabitso a rona a ngotswe bukeng ya bophelo mme a dula a le teng ho yona.

Morabo rona o etsa mosebetsi o moholo wa ho ruta o tla etswa nakong ya dilemo tse sekete (Sheba serapa sa 20)

20. Ke mosebetsi ofe o thabisang o tla etswa nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

20 Puso ya Dilemo Tse Sekete e tla ba nako e thabisang haholo. Nako ena e tla akareletsa mosebetsi o moholo wa ho ruta oo bahlanka ba Modimo ba eso ka ba o etsa le ka mohla lefatsheng. Empa e tla boela e be nako eo ho tla shejwa diketso tsa batho ba lokileng le ba sa lokang. (Esa. 26:9; Lik. 17:31) Mosebetsi oo wa ho ruta o tla etswa jwang? Sehlooho se latelang se tla re thusa ho utlwisisa sena le hore re ananele monyetla ona wa bohlokwa.

PINA YA 147 Ho Tshepisitswe Bophelo bo sa Feleng

a Sehloohong sena re tlo ithuta ka tsela e ntjha eo re seng re utlwisisa mantswe a Jesu a ho Johanne 5:28, 29 mabapi le ‘tsoho ya bophelo’ le ‘tsoho ya kahlolo.’ Re tlo ithuta hore na o ne a bolelang le hore na ke bomang ba tla tsosetswa tsohong ya bophelo le ya kahlolo.

b Buka ena e qadile ho ngolwa ho tloha ho “thehweng ha lefatshe,” e leng ho tloha ha batho ba eba le monyetla wa ho fumana molemo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. (Mat. 25:34; Tšen. 17:8) Ka ha Abele o ne a lokile, ke yena motho wa pele wa hore a ngolwe ka bukeng ya bophelo.

c Pele re ne re utlwisisa lentswe “kahlolo” e le ho fana ka kotlo. Ha e le hantle, lentswe “kahlolo” le ka bolela sona seo. Empa temaneng ena ho bonahala Jesu a sebedisitse lentswe “kahlolo” ho bontsha hore o tla sheba motho kapa ho mo hlahloba ka hloko mme dikishinari e nngwe ya Bibele ya Segerike e re ke ho “hlahloba boitshwaro ba motho.”