Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37

O ka Tshepa Bara le Baradibabo Rona

O ka Tshepa Bara le Baradibabo Rona

“Lerato . . . le dumela dintho tsohle, le tshepa dintho tsohle.”​—1 BAKOR. 13:4, 7.

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke hobaneng ha re sa makale ha batho ba bangata mehleng ena ba sitwa ho tshepa batho ba bang?

 BATHO ba lefatshe lena la Satane ha ba tsebe hore na ba lokela ho tshepa mang. Ba dula ba swetswa ke boitshwaro ba bo rakgwebo, bo radipolotiki le baetapele ba bodumedi. Taba ena e etsa hore ba qetelle ba sa tshepe metswalle, baahisane ha mmoho le ba malapa a bona. Sena ha se a lokela ho re makatsa. Bibele e ile ya bolela esale pele ya re: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba . . . ba sa tshepahaleng, . . . baetselletsi, . . . baeki.” Taba ena e bolela hore batho ba ne ba tla ba jwalo ka Satane e leng modimo wa tsamaiso ena ya dintho ya ke keng a tsheptjwa.​—2 Tim. 3:1-4; 2 Bakor. 4:4.

2. (a) Re ka beha tshepo ya rona hokae? (b) Ba bang ba ka ipotsa eng?

2 Re a tseba hore re lokela ho tshepa Jehova ka ho felletseng ka ha re Bakreste. (Jer. 17:7, 8) Re kgodisehile hore o a re rata le hore a “ke ke a tlohela” metswalle ya hae. (Pes. 9:10) Re ka boela ra tshepa Jesu Kreste hobane o fane ka bophelo ba hae bakeng sa rona. (1 Pet. 3:18) Re boetse re bone bophelong ba rona hore Bibele e fana ka tataiso e tshepahalang. (2 Tim. 3:16, 17) Re a tseba hore re ka tshepa Jehova, Jesu le Bibele. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba ipotsa hore na ba lokela ho dula ba tshepa bara le baradibabo rona ka phuthehong. Ke hobaneng ha re lokela ho ba tshepa?

RE HLOKA BARA LE BARADIBABO RONA

Lefatsheng lohle re na le bara le baradibabo rona ba tshepahalang ba ratang Jehova jwalo ka rona (Sheba serapa sa 3)

3. Re na le tlotla efe e ikgethang? (Mareka 10:29, 30)

3 Jehova o re kgethile hore re be karolo ya lelapa la hae le lefatsheng lohle. Ena ke tlotla e ikgethang haholo mme ho na le melemo e mengata. (Bala Mareka 10:29, 30.) Re na le bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba ratang Jehova jwalo ka rona le ba ikemiseditseng ho phela ka melao ya hae. Re ka nna ra fapana le bona ka puo, setso le moaparo empa re a ba rata esita le ha re qala ho kopana le bona. Re thabela haholo ho rapela le bona le ho rorisa Ntate wa rona ya lehodimong.​—Pes. 133:1.

4. Ke hobaneng ha re hloka bara le baradibabo rona?

4 Hona jwale re lokela ho momahana le bara le baradibabo rona ho feta le ha e le neng pele. Ka dinako tse ding ba a re thusa ha re imetswe. (Bar. 15:1; Bagal. 6:2) Ba re kgothalletsa ho dula re sebeletsa Jehova ka mafolofolo le hore re dule re le metswalle ya hae. (1 Bathes. 5:11; Baheb. 10:23-25) Nahana feela hore na re ne re tla ikutlwa jwang haeba re ne re se na phutheho e re thusang e le hore re ka hlola Satane Diabolose le lefatshe la hae le kgopo. Haufinyane Satane le bohle ba laolwang ke yena ba tla hlasela batho ba Modimo. Ka nako eo re tla thaba haholo ha bara le baradibabo rona ba re tshehetsa.

5. Ke eng e ka etsang hore batho ba bang ba thatafallwe ke ho tshepa bara le baradibabo rona?

5 Ba bang ba ka nna ba thatafallwa ke ho tshepa bara le baradibabo rona. E ka nna yaba ba ile ba bolella motho e mong ka phuthehong lekunutu la bona yaba motho eo o le bolella batho ba bang. E ka nna yaba motho e mong ka phuthehong ha a ka a phethahatsa tshepiso e itseng. Kapa ho ka etsahala hore motho e mong o buile kapa o entse ntho e ba utlwisang bohloko haholo. Dintho tsena di ka etsa hore re thatafallwe ho tshepa batho ba bang. Jwale ke eng e ka re thusang ho tshepa bara le baradibabo rona?

HA RE RATA BARA LE BARADIBABO RONA RE TLA BA TSHEPA

6. Ke jwang lerato le ka re thusang ho tshepa batho ba bang? (1 Bakorinthe 13:4-8)

6 Lerato ke motheo wa ho tshepana. Bakorinthe ba pele kgaolo ya 13 e hlalosa dintho tse fapaneng tseo lerato le ka re thusang ho di etsa e le hore re ka tshepa batho ba bang. (Bala 1 Bakorinthe 13:4-8.) Ka mohlala, temana ya bone e re “lerato le a tiisetsa mme le mosa.” Jehova o a re mamella le ha re mo sitelwa. Ka sebele re tla mamella bara le baradibabo rona ha ba re utlwisa bohloko ka dintho tseo ba di buang kapa tseo ba di etsang. Ho ekelletsa moo, temana ya bohlano e re: “[Lerato] ha le itshware ka mokgwa o sa hlompheheng. Ha le boloke tlaleho ya bobe.” Ka hoo, ha re batle ho ‘boloka tlaleho ya bobe’ ka ho hopola dintho tse bohloko tseo bara le baradibabo rona ba ileng ba re etsa tsona nakong e fetileng. Moeklesia 7:9 e re re “se ke ra potlakela ho kgopeha.” Ho bohlokwa haholo hore o sebedise keletso e hlahang ho Baefese 4:26 e reng: “Letsatsi le se ke la le dikella le halefile.”

7. Molaomotheo o hlahang ho Matheu 7:1-5 o re thusa jwang ho tshepa batho ba bang?

7 Ntho e nngwe e ka re thusang ho tshepa bara le baradibabo rona ke ho ba sheba ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona. Modimo o a ba rata ebile ha a boloke tlaleho ya diphoso tsa bona. Le rona ha re a lokela ho etsa jwalo. (Pes. 130:3) Ho ena le ho sheba diphoso tsa bona, re lokela ho sheba makgabane a bona le bokgoni ba bona ba ho etsa dintho tse nepahetseng. (Bala Matheu 7:1-5.) Re dumela hore ba batla ho etsa dintho tse ntle mme ha ba a ikemisetsa ho re utlwisa bohloko etswe lerato “le dumela dintho tsohle.” (1 Bakor. 13:7) Sena ha se bolele hore Jehova o batla re tshepe batho ka hlooho e ntsho feela. Ho ena le hoo, o batla hore re ba tshepe hobane ba bontshitse hore ba a tshepahala. b

8. O ka etsang e le hore o tshepe bara le baradibabo rona?

8 Ho nka nako ho tshepa batho ba bang feela jwalo ka ha ho nka nako ho ba hlompha. Ka hoo, o ka etsang hore o tshepe bara le baradibabo rona? Iphe nako ya ho ba tseba. Bua le bona ha le le dibokeng tsa phutheho. Eya tshebeletsong ya tshimo le bona. Eba le mamello mme o ba fe monyetla wa ho bontsha hore ke batho ba ka tsheptjwang. Ke nnete hore qalong o ka nna wa kgetha hore na o bua ka eng ho motho eo o ntseng o ithuta yena. Ha o ntse o ba tseba haholwanyane o ka nolofallwa ke ho ba phetlela sefuba. (Luka 16:10) Empa o ka etsang haeba diketso tsa mora kapa moradiwabo rona di etsa hore o se ke wa mo tshepa? Ha seo se etsahala, o se ke wa potlakela ho kgaotsa setswalle empa o mo fe nako. Hape o se ke wa dumella diketso tsa batho ba mmalwa feela hore di o sitise ho tshepa bara le baradibabo rona kaofela. Re ntse re nahanne ka taba ena, re tla hlahloba mehlala ya ba bang ba bahlanka ba Jehova ba nang le tumelo, ba ileng ba dula ba tshepa batho ba bang le hoja ho ena le ba ileng ba ba swetsa.

ITHUTE MOHLALENG WA BA ILENG BA DULA BA TSHEPA BATHO BA BANG

Ho sa tsotellehe hore na Eli o ile a araba Anna jwang, Anna o ile a tswela pele ho tshepa tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona (Sheba serapa sa 9)

9. (a) Anna o ile a etsang ho bontsha hore o tshepa tsela ya Jehova ya ho etsa dintho ho sa tsotellehe mefokolo ya baemedi ba hae? (b) Re ithutang ho Anna mabapi le ho tshepa tsela eo Jehova a reng dintho di etswe ka yona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

9 Na o kile wa swetswa ke boitshwaro ba morabo rona ya nang le boikarabelo? Haeba ho jwalo, o ka ithuta mohlaleng wa Anna. Ka nako eo, Moprista ya Phahameng Eli e ne e le yena ya etellang pele borapedi ba Jehova Iseraele. Empa ba lelapa la hae ba ne ba sa behe mohlala o motle. Bara ba hae bao e neng e le baprista ba ne ba etsa dintho tse hlabisang dihlong le tse sa hlwekang. Le ha ho le jwalo, ntate wa bona ha a ka a ba kgalemela ka matla. Jehova ha a ka a etsa hore Eli a se ke a hlola a sebeletsa e le moprista ya phahameng hanghang. Le ha ho le jwalo, Anna ha a ka a furalla tsela eo Modimo a reng dintho di etswe ka yona ka hore a hane ho rapella tabernakeleng ha Eli e ntse e le moprista ya phahameng. Ha Eli a bona Anna a rapela a le tlasa kgatello, o ile a etsa phoso ya ho nahana hore Anna o tahuwe empa a sa ipha nako ya ho batla hore na ho etsahalang. (1 Sam. 1:12-16) Le ha ho le jwalo, Anna o ile a etsa kano ya hore ha a ka ba le mora o tla mo tlisa tabernakeleng ho tla sebeletsa teng a le tlhokomelong ya Eli. (1 Sam. 1:11) Na taba e amanang le bara ba Eli e ne e hloka ho rarollwa? E, e ne e hloka ho rarollwa mme Jehova o ile a nka kgato ka nako e loketseng. (1 Sam. 4:17) Ka mora nako e itseng Modimo o ile a putsa Anna ka mora e leng Samuele.​—1 Sam. 1:17-20.

10. Ke eng e ileng ya thusa Morena Davida ho tshepa batho ba bang le hoja ho ena le ba ileng ba mo fetohela?

10 Na o kile wa swetswa ke motswalle ya haufi? Haeba ho jwalo, nahana ka dintho tse ileng tsa etsahalla Morena Davida. E mong wa metswalle ya hae e ne e le monna ya bitswang Akitofele. Ha mora wa Davida e leng Absalome a leka ho inkela borena ba ntate wa hae, Akitofele o ile a tshehetsa Absalome borabeleng boo ba hae. E tlameha ebe Davida o ile a utlwa bohloko hakaakang ha ka nako e le nngwe a fetohelwa ke mora wa hae le monna eo a neng a mo nka e le motswalle wa hae. Le ha ho le jwalo, Davida ha a ka a dumella bofetohedi bona ho mo sitisa ho tshepa batho ba bang. O ile a tswela pele ho tshepa motswalle e mong wa hae ya tshepahalang e leng Hushai ya sa kang a mo fetohela. Davida o ne a ena le mabaka a utlwahalang a ho tshepa Hushai. Hushai o ile a ipaka e le motswalle wa nnete hoo a ileng a ba a beha bophelo ba hae kotsing e le ho thusa Davida.​—2 Sam. 17:1-16.

11. Mohlanka e mong wa Nabale o ile a bontsha jwang hore o tshepa batho ba bang?

11 Nahana hape ka mohlala wa e mong wa bahlanka ba Nabale. Ka mosa Davida le bahlanka ba hae ba ile ba sireletsa mohlape wa monna wa Moiseraele ya neng a ruile ya bitswang Nabale. Ha morao Davida o ile a kopa Nabale dijo tseo a neng a ka kgona ho mo fa tsona, yena le bahlanka ba hae. Ha Nabale a hana kopo ya Davida e utlwahalang, Davida o ile a halefa haholo hoo a ileng a batla ho bolaya motho e mong le e mong e motona ntlong ya Nabale. E mong wa bahlanka ba Nabale o ile a tlalehela mosadi wa Nabale e leng Abigaile boemo bona. Ka ha e ne e le e mong wa bahlanka ba Nabale, o ne a tseba hore bophelo ba hae bo matsohong a Abigaile. Ho ena le hore a balehe, o ile a tshepa hore Abigaile o tla lokisa dintho. O ne a ikutlwa jwalo hobane Abigaile o ne a tsebahala a le bohlale. O ne a nepile hobane ntho e ileng ya etsahala ka mora moo e ile ya paka hore a ka tshepa Abigaile. Abigaile o ile a bontsha sebete ka ho thibela Davida ho phetha morero wa hae. (1 Sam. 25:2-35) O ne a tshepa hore Davida o tla etsa qeto e nepahetseng.

12. Jesu o ile a bontsha jwang hore o tshepa barutuwa ba hae ho sa tsotellehe mefokolo ya bona?

12 Jesu o ne a tshepa balatedi ba hae ho sa tsotellehe diphoso tsa bona. (Joh. 15:15, 16) Ha Jakobo le Johanne ba kopa Jesu hore a ba fe boemo bo kgethehileng Mmusong wa Modimo, Jesu ha a ka a belaella mabaka ao ba sebeletsang Jehova ka ona mme ha a ka a re e se ke ya hlola e eba baapostola. (Mar. 10:35-40) Ha morao bosiung boo Jesu a ileng a tshwarwa ka bona, baapostola ba hae ba ile ba mo tlohela kaofela mme ba baleha. (Mat. 26:56) Ho ntse ho le jwalo, Jesu ha a ka a kgaotsa ho ba tshepa. O ne a tseba mefokolo ya bona hantle empa “o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Joh. 13:1) Ka mora hore a tsoswe, o ile a ba a fa baapostola ba hae ba tshepahalang ba 11 boikarabello ba bohlokwa ba ho etella pele mosebetsi wa ho etsa barutuwa le ho hlokomela dinku tsa hae. (Mat. 28:19, 20; Joh. 21:15-17) O ne a ena le mabaka a utlwahalang a ho tshepa banna bana ba sa phethahalang. Kaofela ha bona ba ile ba tshepahala ho fihlela ba hlokahala. Ruri Anna, Davida, mohlanka wa Nabale, Abigaile le Jesu ba re behetse mohlala o motle wa ho tshepa batho ba sa phethahalang.

O KA TSHEPA BARA LE BARADIBABO RONA HAPE

13. Keng e ka etsang hore ho be thata ho tshepa batho ba bang?

13 Na o kile wa bolella morabo rona eo o mo tshepang lekunutu empa a se ke a le boloka? Ntho eo e utlwisa bohloko. Moradiwabo rona e mong o ile a bolella moholo lekunutu a ena le tshepo ya hore a ke ke a bolella batho ba bang. Letsatsing le hlahlamang mohatsa moholo eo o ile a letsetsa moradiwabo rona a mo kgothatsa. Ho hlakile hore moholo eo o ne a mo bolelletse. Moradiwabo rona o ne a se a thatafallwa ke ho tshepa moholo enwa. Le ha ho le jwalo, o ile a etsa ntho e nepahetseng yaba o kopa thuso. O ile a bua le moholo e mong ka taba ena mme moholo eo o ile a mo thusa hore a tshepe baholo hape.

14. Keng e ileng ya thusa morabo rona hore a boele a tshepe ba bang hape?

14 Ka nako e telele morabo rona e mong o ne a kwatetse baholo ba babedi bao a neng a utlwa a se a sa ba tshepe. Le ha ho le jwalo, o ile a nahana ka mantswe a bonolo empa a le matla a morabo rona eo a neng a mo hlompha haholo a reng: “Sera sa rona ke Satane eseng barababo rona.” Ka mora ho nahanisisa ka hloko ka taba eo le ho e rapella, morabo rona o ile a kgona ho bopa kgotso le baholo bao ba babedi.

15. Fana ka mohlala o bontshang hore ho ka nka nako ho tshepa batho ba bang hape.

15 Na o kile wa lahlehelwa ke boikarabello ka phuthehong? Ke ntho e bohloko haholo. Grete le mme wa hae e ne e le Dipaki tse tshepahalang tsa Jeremane nakong eo Manazi a neng a thibetse mosebetsi wa rona dilemong tsa bo1930. Grete o ne a fuwe boikarabello ba ho kopitsa Molula-Qhooa bakeng sa badumedimmoho le yena. Ha barababo rona ba utlwa hore ntate wa hae o hanyetsa Dipaki, ba ile ba mo amoha boikarabello boo hobane ba ne ba tshoha hore ntate wa hae o tla bolella bahanyetsi ba Dipaki boitsebiso ba phutheho. Boo e ne e se bona feela bothata ba Grete. Ka Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, barababo rona ba ne ba sa fe Grete le mme wa hae dimakasine ebile ba sa bue le bona ha ba kopana tseleng. Seo se ile sa utlwisa Grete bohloko haholo mme ho ile ha mo nka nako hore a tshwarele le hore a boele a tshepe bara bao babo rona hape. Ha nako e ntse eya, o ile a dumela hore Jehova o ba tshwaretse ka hoo le yena o ile a ba tshwarela. c

“Sera sa rona ke Satane eseng barababo rona”

16. Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re tshepe bara le baradibabo rona hape?

16 Haeba o kile wa etsahallwa ke ntho e bohloko jwalo ka ena o lokela ho sebetsa ka thata hore o tshepe batho ba bang hape. Ho ka nna ha nka nako empa boiteko ba hao e ke ke ya eba ba lefeela. Ka mohlala, haeba o kile wa ja dijo tse bodileng, o ka nna wa ba hlokolosi hore na o ja eng. Le ha ho le jwalo, seo ha se bolele hore ha o sa tla ja. Ka ho tshwanang ha o a lokela ho dumella ntho e le nngwe e bohloko e kileng ya o etsahalla hore e o sitise ho tshepa bara le baradibabo rona bao re tsebang hantle hore ha ba a phethahala. Ha re sebetsa ka thata hore re boele re tshepe batho ba bang hape, re tla thaba ebile re tla tsepamisa dikelello tsa rona tabeng ya hore na re ka etsang hore ho be le kgotso le hore re tshepane ka phuthehong.

17. (a) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho tshepana? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong se latelang?

17 Ha ho bonolo ho tshepana lefatsheng lena la Satane empa re ka tshepa bara le baradibabo rona hobane re a ba rata mme le bona ba a re rata. Ha re tshepana re tla thaba, re tla ba bonngweng hape seo se tla re sireletsa ha re kopana le mathata ka moso. O lokela ho etsang haeba o ile wa phoqwa ke motho eo o neng o mo tshepa? Leka ho sheba dintho ka tsela ya Jehova, sebedisa melaomotheo ya Bibele, rata bara le baradi beno hape o ithute mehlaleng e ka Bibeleng. Re ka fola haeba re ne re utlwile bohloko mme ra kgona ho tshepa batho ba bang hape. Ha re etsa jwalo re tla hlohonolofatswa ka metswalle e mengata e “kgomarelang haufi ho feta morabo motho.” (Liprov. 18:24) Le hoja re lokela ho tshepa batho ba bang, le rona re lokela ho etsa hore ba re tshepe. Sehloohong se latelang re tla bona hore na re ka etsang e le hore bara le baradibabo rona ba re tshepe.

PINA YA 99 Dimiriade Tsa Barabeso

a Re lokela ho tshepa bara le baradibabo rona. Ha se kamehla ho leng bonolo ho etsa jwalo hobane ka dinako tse ding ba ka re phoqa. Sehloohong sena re tlo bua ka e meng ya melaomotheo ya Bibele e ka re thusang le mehlala e meng ya batho ba nakong e fetileng eo re ka nahanang ka yona. Ho etsa jwalo ho tla re thusa ho tshepa bara le baradibabo rona le ho feta kapa ho re thuse hore re ba tshepe hape haeba ba ile ba re phoqa.

b Bibele e a re lemosa hore ho ka nna ha eba le batho ba sa tshepahaleng ka phuthehong. (Juda 4) Maemong a mang ho ka ba le Bakreste ba sa tshepahaleng ka phuthehong ba ka lekang ho kgelosa ba bang ka ho bua “dintho tse sothehileng.” (Lik. 20:30) Ha re tshepe batho ba jwalo ebile ha re ba mamele.

c Bakeng sa dintlha tse eketsehileng ka pale ya Grete, bala Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova ya 1974 ya Senyesemane, leq. 129-131.