Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 38

Batjha, le Batla Bophelo bo Jwang?

Batjha, le Batla Bophelo bo Jwang?

“Temoho e tla o sireletsa.”—DIPROV. 2:11.

PINA YA 135 Jehova o Ipiletsa ka Mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Ke boemo bofe bo boima boo Joase, Uzia le Josiase ba ileng ba eba ho bona?

 O NE o ka ikutlwa jwang haeba o ne o ka ba morena wa batho ba Modimo o sa le tlase haholo dilemong? O ne o ka sebedisa matla a hao le bolaodi jwang? Bibele e re bolella ka batjha ba mmalwa bao e ileng ya eba marena Juda. Ka mohlala, Joase e ile ya eba morena ha a le dilemo di supileng, Uzia di le 16, ha Josiase yena di ne di le robedi. Ho ka etsahala hore ebe ho ba marena ba sa le banyenyane jwalo ho ne ho le boima ho bona. Ho sa tsotellehe seo, Jehova le batho ba bang ba ile ba ba thusa ho etsa dintho ka tsela e nepahetseng.

2. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re ithute mehlaleng ya Joase, Uzia le Josiase?

2 Le hoja re se marena kapa mafumahadi, re ka ithuta ho hongata mohlaleng wa Joase, wa Uzia le wa Josiase. Ba ile ba etsa diqeto tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ha re ntse re ithuta mehlaleng ya bona, re tla bona hore na ke hobaneng ha re lokela ho ba bohlale ha re kgetha metswalle, ho dula re ikokobeditse le ho dula re ikemiseditse ho sebeletsa Jehova.

KGETHA METSWALLE E NEPAHETSENG

Le mehleng ena re ka etsisa mohlala wa Joase ka ho mamela dikeletso tsa metswalle e molemo (Sheba serapa sa 3 le 7) c

3. Moprista ya Phahameng Jehojada o ile a thusa Morena Joase ho etsa diqeto tse bohlale jwang?

3 Etsa diqeto tse bohlale jwalo ka Joase. Morena Joase o ile a etsa diqeto tse bohlale ha a sa le monyenyane. Ka ha o ne a se na ntate, o ile a latela tataiso ya monna ya tshepahalang e leng Moprista ya Phahameng Jehojada. Moprista eo o ile a ruta Joase jwalo ka ha eka ke mora wa hae. Ka lebaka leo, Joase o ile a etsa qeto e bohlale ka ho sebeletsa Jehova le ho thusa setjhaba sohle hore le sona se mo sebeletse. O ile a ba a qala mosebetsi wa ho lokisa tempele ya Jehova.—2 Dikron. 24:​1, 2, 4, 13, 14.

4. Ho mamela le ho rata ditaelo tsa Jehova ho re tswela molemo jwang? (Diproverbia 2:​1, 10-12)

4 Haeba batswadi ba hao kapa motho e mong a o ruta ho rata Jehova le ho mamela melao le melaomotheo ya hae, tseba hore eo ke mpho ya bohlokwa. (Bala Diproverbia 2:​1, 10-12.) Batswadi ba ka sebedisa ditsela tse fapaneng ho ruta bana ba bona. Hlokomela ka moo ntate wa Moradi wa bo rona Katya a ileng a mo thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng. Letsatsi le leng le le leng ha a ne a mo isa sekolong, ba ne ba buisana ka temana ya letsatsi. Moradi wa bo rona Katya o re: “Dipuisano tseo di ne di nthusa ho etsa dintho tse nepahetseng ha ke ne ke kopana le diteko letsatsi ka leng.” Ho thweng teng haeba batswadi ba hao ba etsa melao ba ipapisitse le seo Bibele e se rutang empa o utlwa eka melao eo ha e o fe bolokolohi boo o bo batlang? O ka thuswa keng hore o ba mamele? Moradi wa bo rona Anastasia o hopola hore batswadi ba hae ba ne ba ipha nako ya ho mo hlalosetsa hore na ke hobaneng ha ba entse melao e itseng. O re: “Seo ba neng ba se etsa se ile sa nthusa ho utlwisisa hore ba ne ba sa etse melao feela ho ntaola empa ho ntshireletsa hobane ba nthata.”

5. Diketso tsa hao di ka ama Jehova le batswadi ba hao jwang? (Diproverbia 22:6; 23:​15, 24, 25)

5 Batswadi ba hao ba tla thaba ha o mamela dikeletso tsa bona tse thehilweng Bibeleng. Ha bohlokwa le ho feta ke hore o tla thabisa Modimo mme kamano ya hao le yena e tla ba matla le ho feta. (Bala Diproverbia 22:6; 23:​15, 24, 25.) Ao ke mabaka a utlwahalang a ho etsisa mohlala wa Joase ha a sa le monyenyane.

6. Ka mora hore Jehojada a shwe, Joase o ile a qala ho mamela dikeletso tsa bomang, hona ditlamorao e bile dife? (2 Dikronike 24:​17, 18)

6 Ithute diqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a di etsa. Ka mora hore Jehojada a shwe, metswalle ya Joase e ile ya mo susumeletsa ho etsa dintho tse fosahetseng. (Bala 2 Dikronike 24:​17, 18.) O ile a mamela dikgosana tsa Juda tse neng di sa sebeletse Jehova. O ka nna wa dumela hore Joase o ne a lokela hore ebe o ile a qoba dikgosana tseo hobane di ne di etsa dintho tse fosahetseng. (Diprov. 1:10) Ho ena le hoo, o ile a mamela dikeletso tsa tsona tse bowatla. Ho hobe le ho feta ke hore ha motswala wa hae Zakaria a leka ho mo eletsa, Joase o ile a laela hore a bolawe. (2 Dikron. 24:​20, 21; Mat. 23:35) Eo e bile ketso e mpe le e bowatla hakaakang! Joase o ile a qala a etsa dintho hantle empa ka maswabi o ile a fetoha mokwenehi le mmolai. Qetellong bahlanka ba hae ba ile ba mo bolaya. (2 Dikron. 24:​22-25) Dintho di ka be di ile tsa mo tsamaela hantle hoja a ile a tswela pele a mamela Jehova le batho ba mo ratang. O ka ithutang mohlaleng oo?

7. O lokela ho kgetha metswalle e jwang? (Sheba setshwantsho.)

7 Ntho e nngwe eo re ithutang yona diqetong tse fosahetseng tseo Joase a ileng a di etsa ke hore re lokela ho kgetha metswalle e ratang Jehova ebile e ikemiseditse ho mo thabisa. Metswalle e jwalo e tla re thusa ho etsa dintho tse nepahetseng. Re ka ba metswalle le batho ba baholo kapa ba banyenyane ho rona. Hopola hore Joase o ne a le monyenyane haholo ho motswalle wa hae Jehojada. Ha o kgetha metswalle ipotse dipotso tsena: ‘Na e nthusa ho ba le kamano e matla le Jehova? Na e nthusa ho mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e bua ka Jehova le ka dintho tsa bohlokwa tseo a re rutang tsona? Na e mamela melao le melaomotheo ya Modimo? Na e mpolella dintho tseo nka thabelang ho di utlwa feela kapa na e ba le sebete sa ho nkeletsa ha ke kgeloha?’ (Diprov. 27:​5, 6, 17) Ho hlakile hore haeba metswalle ya hao e sa rate Jehova, ha o e hloke. Empa haeba metswalle ya hao e rata Jehova, o se ke wa e tlohela hobane e tla ba le tshusumetso e ntle ho wena.—Diprov. 13:20.

8. Haeba re sebedisa metjha ya puisano, ke dipotso dife tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

8 Metjha ya puisano e re thusa ho dula re buisana le ba malapa a rona kapa metswalle. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba sebedisa metjha ena ho kgahlisa batho ba bang ka ho beha ditshwantsho le divideo tsa dintho tseo ba di rekileng kapa tseo ba di finyeletseng. Haeba o sebedisa metjha ya puisano, ipotse: ‘Na morero wa ka ke ho kgahlisa batho ba bang? Na ke beha dintho tse tla haha batho ba bang kapa tse tla etsa hore ba nthorise? Na ke dumella dintho tseo batho ba bang ba di behang ho ba le tshusumetso e mpe tseleng eo ke nahanang ka yona, eo ke buang ka yona kapa eo ke etsang dintho ka yona?’ Morabo rona Nathan Knorr eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka keletso ena: “O se ke wa leka ho thabisa batho hobane o ke ke wa atleha. Thabisa Jehova mme o tla thabisa le bohle ba mo ratang.”

RE LOKELA HO DULA RE IKOKOBEDITSE

9. Jehova o ile a thusa Morena Uzia ho etsang? (2 Dikronike 26:​1-5)

9 Etsa diqeto tse nepahetseng jwalo ka Uzia. Morena Uzia o ne a ikokobeditse ha a sa le motjha. O ile a ithuta “ho hlompha Modimo wa nnete.” O phetse dilemo tse 68 mme boholo ba nako eo a e phetseng, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. (Bala 2 Dikronike 26:​1-5.) Morena Uzia o ile a hlola ditjhaba tse ngata tseo e neng e le dira tsa setjhaba sa hae a ba a etsa hore lebotho la Jerusalema le be matla. (2 Dikron. 26:​6-15) Re kgodisehile hore Morena Uzia o ne a thabile ka lebaka la dintho tseo Modimo a ileng a mo thusa ho di etsa.—Moek. 3:​12, 13.

10. Keng e ileng ya etsahalla Morena Uzia?

10 Ithute diqetong tse fosahetseng tseo Uzia a ileng a di etsa. Morena Uzia o ne a tlwaetse ho laela mme ho ka etsahala hore ebe sena se ile sa etsa hore a nahane hore a ka etsa eng kapa eng eo a e batlang. Ka letsatsi le leng, Morena Uzia o ile a ya tempeleng ya Jehova mme ka boikgohomoso a leka ho tjhesa dibano aletareng e leng seo marena a neng a sa lokela ho se etsa. (2 Dikron. 26:​16-18) Moprista ya Phahameng Azaria o ile a leka ho mo kgalemela empa sena se ile sa halefisa Uzia haholo. Ka maswabi, Uzia o ile a hloleha ho dula a tshepahala mme Jehova o ile a mo otla ka lepera. (2 Dikron. 26:​19-21) Dintho di ka be di mo tsamaetse hantle hoja o ile a tswela pele a ikokobeditse.

Ho ena le ho ithorisa ka dintho tseo re di entseng, re lokela ho dula re leboha Jehova ka dintho tsohle tseo a re thusang ho di etsa (Sheba serapa sa 11) d

11. Re ka bontsha jwang hore re ikokobeditse? (Sheba setshwantsho.)

11 Ha Morena Uzia a se a le matla, o ile a kgaotsa ho bontsha hore o ananela dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a mo etseditse tsona. Re ithutang? Ka mehla re lokela ho hopola hore ke Jehova ya re fang dintho tsohle tse molemo tseo re di thabelang bophelong le tshebeletsong ya hae. Ho ena le ho ithorisa ka dintho tseo re di entseng, re lokela ho dula re leboha Jehova ka dintho tsohle tseo a re thusang ho di etsa. b (1 Bakor. 4:7) Ka ha ha re a phethahala, re lokela ho ikokobetsa mme re amohele kgalemelo. Morabo rona ya dilemo di ka bang 60 o ile a re: “Ke ithutile hore ha ke a lokela ho nyahama kapa ho kwata ha batho ba bang ba hlokomela diphoso tsa ka. Ha ke kgalemellwa diphoso tse nyenyane tseo ke di entseng, ke leka kahohle ho ntlafatsa le ho tswela pele ke sebeletsa Jehova ka pelo yohle.” Ke nnete hore ha re mamela Jehova ebile re dula re ikokobeditse, dintho di tla re tsamaela hantle bophelong.—Diprov. 22:4.

TSWELA PELE O SEBELETSA JEHOVA

12. Ke jwang Josiase a ileng a sebeletsa Jehova ha a sa le motjha? (2 Dikronike 34:​1-3)

12 Etsa diqeto tse nepahetseng jwalo ka Josiase. Ha Josiase e sa le moshanyana, o ile a qala ho sebeletsa Jehova. O ne a batla ho ithuta ka Jehova le ho etsa thato ya hae. Le ha ho le jwalo, ho ne ho se bonolo. O ile a tlameha ho emela borapedi bo hlwekileng nakong eo borapedi ba bohata bo neng bo atile. O ile a fela a etsa jwalo. Pele Josiase a ka ba dilemo di 20, o ile a qala ho fedisa borapedi ba bohata naheng yohle.—Bala 2 Dikronike 34:​1-3.

13. Ho inehela ho Jehova ho tla ama bophelo ba hao jwang?

13 O ka etsisa Josiase ka ho sebeletsa Jehova le ho ithuta ho ananela makgabane a hae le haeba o le monyenyane haholo. Ha o etsa jwalo, o tla batla ho inehela ho Jehova. Boinehelo boo bo tla ama bophelo ba hao jwang letsatsi le letsatsi? Luke ya kolobeditsweng ha a le dilemo di 14 o re: “Ho tloha hona jwale ho ya pele, ke tla etsa hore ho sebeletsa Jehova le ho mo thabisa e be yona ntho e tlang pele bophelong ba ka.” (Mar. 12:30) E tla ba tlhohonolofatso e kaakang haeba le wena o ikemiseditse ho etsa ntho e tshwanang!

14. Fana ka mehlala ya ka moo batjha ba bang ba etsisang Morena Josiase.

14 Ke diteko dife tseo wena motjha ya sebeletsang Jehova o ka tobanang le tsona? Johan ya ileng a kolobetswa ha a le dilemo di 12 o re bana bao a kenang sekolo le bona ba ile ba leka ho mo susumeletsa ho tsuba (vaping). E le hore a kgone ho hlola tshusumetso eo, Johan o ne a dula a ikgopotsa hore ho tsuba ho ka ama bophelo ba hae hampe ha ba ha senya setswalle sa hae le Jehova. Rachel ya ileng a kolobetswa ha a le dilemo di 14 o hlalosa hore na keng e mo thusang ho hlola diteko tseo a tobanang le tsona sekolong. O re: “Ke leka ho sheba dintho tse nkgopotsang seo ke ithutileng sona Bibeleng. Ka mohlala, seo re ithutang sona tlelaseng ya histori se ka nkgopotsa tlaleho e itseng ya Bibele kapa boprofeta. Kapa ka dinako tse ding ha ke buisana le bana bao ke kenang sekolo le bona, ke hopola lengolo la bohlokwa leo nka buisanang le bona ka lona.” Ke nnete hore diteko tseo o tobanang le tsona di ka fapana le tseo Morena Josiase a ileng a ba le tsona empa le wena o ka etsa dintho ka bohlale wa ba wa dula o tshepahalla Jehova. Ho sebetsana le diteko o sa le motjha ho tla o thusa ho sebetsana le diteko tseo o tla tobana le tsona ha o se o le moholo.

15. Keng e ileng ya thusa Morena Josiase ho sebeletsa Jehova ka botshepehi? (2 Dikronike 34:​14, 18-21)

15 Ha Morena Josiase a le dilemo di 26, o ile a qala ho ntjhafatsa tempele. Ha ho ntse ho etswa mosebetsi oo, ho ile ha fumanwa “buka ya Molao wa Jehova oo a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe.” Ha morena a utlwa mantswe ao, o ile a laela hore ho etswe dintho tse neng di ngotswe bukeng eo. (Bala 2 Dikronike 34:​14, 18-21.) Na o batla ho bala Bibele ka mehla? Haeba o se o qadile, na ho a o natefela? Na o tshwaya ditemana tsa Bibele tse ka o thusang? Luke eo re buileng ka yena pejana, o ngola fatshe dintlha tseo a di thabetseng ha a ntse a ithuta. Ho etsisa mohlala o tshwanang ho ka o thusa ho hopola ditemana tsa Bibele kapa dintlha tseo o di thabetseng ha o ntse o ithuta. Ha o rata Bibele haholo ebile o e utlwisisa, seo se tla etsa hore o batle ho sebeletsa Jehova le ho feta. Jwalo ka ha buka ya Molao e ile ya thusa Morena Josiase ho etsa se nepahetseng, le wena ho ithuta Lentswe la Modimo ho tla o tswela molemo.

16. Ke hobaneng ha Josiase a ile a etsa phoso e ileng ya etsa hore a bolawe, hona re ka ithuta eng phosong eo?

16 Ithute qetong e fosahetseng eo Josiase a ileng a e etsa. Ha Josiase a le dilemo di ka bang 39, o ile a etsa phoso e ileng ya etsa hore a bolawe. O ile a itshepa ho ena le ho kopa tataiso ho Jehova. (2 Dikron. 35:​20-25) Re ithutang? Ho sa tsotellehe hore na re baholo hakae kapa hore na re na le nako e kae re ithuta Bibele, re lokela ho tswela pele re batla tataiso ya Jehova. Sena se akareletsa hore ka mehla re rapelle tataiso ya hae, re ithute Lentswe la hae le ho mamela dikeletso tsa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Sena se ka etsa hore re thabe bophelong re be re qobe ho etsa diphoso tse kgolo.—Jak. 1:25.

BATJHA, DINTHO DI KA LE TSAMAELA HANTLE

17. Re ka ithutang mehlaleng ya marena a mararo a Juda?

17 Ho na le dintho tse ngata tse thabisang tseo o ka di etsang ha o ntse o le motjha. Mehlala ya Joase, Uzia le Josiase e a bontsha hore batjha ba ka etsa diqeto tse bohlale mme ba thabisa Jehova. Ke nnete hore marena ao a ile a etsa diphoso tse ileng tsa etsa hore a hlahelwe ke dintho tse bohloko. Le ha ho le jwalo, haeba re etsisa dintho tse ntle tseo a ileng a di etsa le ho qoba ho etsa diphoso tse tshwanang le tseo a ileng a di etsa, re ka kgodiseha hore dintho di tla re tsamaela hantle bophelong.

Davida e ile ya eba motswalle wa Jehova a sa le monyenyane dilemong. O ile a kgahlisa Modimo mme dintho tsa mo tsamaela hantle (Sheba serapa sa 18)

18. Ke mehlala ya bomang e hlahang ka Mangolong e bontshang hore o ka thaba bophelong? (Sheba setshwantsho.)

18 Mangolo a na le mehlala ya batjha ba bang ba ileng ba atamela ho Jehova mme a ba amohela yaba dintho di ba tsamaela hantle bophelong. Davida ke e mong wa bona. Ha a sa le motjha, o ile a kgetha ho ba motswalle wa Modimo mme ha morao ya eba morena ya tshepahalang. Ke nnete hore ka dinako tse ding o ile a etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a mo nka a tshepahala. (1 Mar. 3:6; 9:​4, 5; 14:8) Ho ithuta ka Davida ho ka re susumeletsa ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. Hape o ka ithuta haholwanyane ka Mareka kapa Timothea. Ba ile ba sebeletsa Jehova ka botshepehi ho tloha ha ba sa le banyenyane. Ba ile ba thabisa Modimo ka ho etsa qeto ya ho mo sebeletsa mme le bona ba thaba bophelong.

19. O batla hore bophelo ba hao bo be jwang?

19 Tsela eo o phelang ka yona hona jwale e tla ama tsela eo bophelo ba hao bo tla ba ka yona nakong e tlang. Ho tshepa Jehova ho ena le ho itshepa ho tla o thusa hore o etse diqeto tse bohlale. (Diprov. 20:24) O tla phela bophelo bo monate le bo molemo. Hopola hore Jehova o ananela seo o mo etsetsang sona. Na ho na le tsela e molemo ho feta ho sebedisa bophelo ba rona ho sebeletsa Ntate wa rona ya lehodimong, Jehova?

PINA YA 144 Tadima Moputsong!

a Batjha, Jehova o a tseba hore ka dinako tse ding ho ka ba thata hore le etse dintho tse nepahetseng e le hore le dule le le metswalle ya hae. Le ka etsa diqeto tse bohlale tse tla thabisa Ntate wa lona ya lehodimong jwang? Re tlo bua ka mehlala ya bashanyana ba bararo bao e ileng ya eba marena a Juda. Hlokomelang hore na le ka ithuta eng mehlaleng ya bona.

b Sheba lebokose le reng Beware of the ‘Humble Brag’ le hlahang ho jw.org tlasa sehlooho se reng “How Important Is Online Popularity?”

c DITSHWANTSHO: Moradi wa bo rona ya hodileng o eletsa moradi wa bo rona e motjha.

d SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona ya tlo botswa dipotso kopanong o rapela Jehova. Ka mora moo, o a mo rorisa bakeng sa dintho tseo a mo thusitseng ho di etsa.