Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dintho Tse ka o Thusang ha o Etsa Dipatlisiso

Dintho Tse ka o Thusang ha o Etsa Dipatlisiso

Dintho Tseo Bana ba ka di Etsang

Batswadi ba na le boikarabelo bo boima ba ho ruta bana ba bona ka Jehova. (Baef. 6:4) Mokgatlo wa Jehova o hatisitse dihlooho, divideo le dipina tse ngata ho thusa batswadi ho etsa jwalo. O ka di sebedisa jwang ho ruta bana ba hao?

  • Di batle. Websaete ya JW.ORG e na le dintho tsohle tse hatisitsweng bakeng sa bana, ho akareletsa divideo le maqephe ao ba ka ngollang kapa ba toroela ho ona. a E le hore o di fumane, ngola “Bana” kapa “Batjha” karolong ya “Batla.”

  • Kgetha tse loketseng ngwana wa hao. Dintho tse hlahang karolong ya “Bana” di ka o thusa hore o kgethe dintho tse loketseng ngwana wa hao. E le hore o di fumane, batla karolo ya “Seo le ka se Etsang Nakong ya Borapeli ba Lelapa.”

  • Buisana le ngwana wa hao ka tsona. O se ke wa sebedisa divideo tsa rona kapa dikgatiso tsa rona tse ngotsweng hore feela o tlose ngwana wa hao bodutu. Iphe nako ya ho buisana le ngwana wa hao ka tsona e le hore o mo thuse ho matlafatsa setswalle sa hae le Jehova.

a JW Library® e na le divideo tsohle tsa bana empa maqephe ao ba ka ngollang kapa ba toroela ho ona a a fokola.