Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39

Eba Motho ya Bonolo

Eba Motho ya Bonolo

“Mohlanka wa Morena ha a lokela ho lwana empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.”—2 TIM. 2:24.

PINA YA 120 Eba Bonolo Jwalo ka Kreste

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Keng eo re ka nnang ra e botswa ha re le mosebetsing kapa sekolong?

 O IKUTLWA jwang ha motho eo o sebetsang le yena kapa eo o kenang sekolo le yena a o botsa ka dintho tseo o di dumelang? Na o a tshoha? Bongata ba rona re a tshoha. Empa dipotso tse jwalo di re thusa ho utlwisisa hore na batho ba bang ba nahanang le hore na ba dumelang. Hape di re fa monyetla wa hore re ba bolelle ditaba tse monate tse tswang ka Bibeleng. Ka dinako tse ding, motho a ka re botsa potso hobane a batla ho ngangisana le rona. Ha re a lokela ho makala ha seo se etsahala hobane batho ba bang ba boleletswe dintho tseo e seng nnete ka dintho tseo re di dumelang. (Dik. 28:22) Taba e nngwe hape ke hore re phela “mehleng ya bofelo” eo batho “ba sa batleng ho dumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe” ebile ba le “bohale bo tshosang.”—2 Tim. 3:​1, 3.

2. Ke hobaneng ha re lokela ho ba batho ba bonolo?

2 O ka nna wa ipotsa: ‘Nka ba mosa le ho bontsha temoho jwang ha ke bua le motho ya ngangisanang le nna ka dintho tseo ke di dumelang?’ O ka thuswa ke hore o be bonolo. Motho ya bonolo ha a halefe kapele ebile o kgona ho laola maikutlo a hae haeba batho ba bang ba mo halefisa. (Diprov. 16:32) O ka nna wa utlwa eka ho thata hore o be bonolo. O ka thuswa keng hore o be bonolo? O ka bontsha bonolo jwang ha o araba motho ya hanyetsang dintho tseo o di dumelang? Haeba o motswadi, o ka ruta bana ba hao jwang hore ba be bonolo ha ba buella dintho tseo ba di dumelang? A re boneng.

O KA ETSANG HORE O BE MOTHO YA BONOLO?

3. Ke hobaneng ha ho ba bonolo ho sa bolele hore motho o a fokola? (2 Timothea 2:​24, 25)

3 Motho ya bonolo ha a fokole. Ha e le hantle o lokela ho kgoba matshwafo ha ho hlaha boemo bo thata. Bonolo ke e nngwe ya “ditholwana tse behwang ke moya o halalelang.” (Bagal. 5:​22, 23) Ka dinako tse ding lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bonolo,” le ne le sebediswa ha ho buuwa ka pere e hlaha e seng e thapisitswe. Le hoja pere eo e thapisitswe, e ntse e le matla. Rona re ka ba batho ba bonolo le ba matla jwang? Re hloka thuso e le hore re be batho ba jwalo. Re lokela ho kopa Modimo hore a re fe moya wa hae o halalelang mme a re thuse hore re be bonolo. Ho na le batho ba bangata ba ithutileng ho ba bonolo. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di bua ka bonolo ha batho ba di hanyetsa mme seo se thusitse batho ba bang hore ba fetole maikutlo a bona ka Dipaki. (Bala 2 Timothea 2:​24, 25.) O ka thuswa keng hore o be motho ya bonolo?

4. Re ithutang mohlaleng wa Isaka?

4 Bibele e na le ditlaleho tse ngata tse bontshang hore ho ba bonolo ho bohlokwa. Nahana ka mohlala wa Isaka. Ha a ne a dula Gerare, naheng ya Bafilista, baahisani ba hae ba neng ba mo monela ba ile ba nka mobu, ba kata didiba tseo bahlanka ba ntate wa hae ba neng ba di tjhekile. Ho ena le hore Isaka a lwanele didiba tseo, o ile a tloha sebakeng seo le lelapa la hae mme a tjheka didiba tse ding. (Gen. 26:​12-18) Empa Bafilista ba ile ba re metsi a didibeng tseo le ona ke a bona. Le lekgetlong lena Isaka ha a ka a ba lwantsha. (Gen. 26:​19-25) Keng e ileng ya mo thusa hore a dule a le bonolo ha batho ba bang ba ne ba mo halefisa? O ile a thuswa ke ho sheba tsela eo batswadi ba hae ba neng ba etsa dintho ka yona mme a ithuta ho ba le kgotso jwalo ka ntate wa hae Abrahama le ho ba bonolo le ho ba mosa jwalo ka mme wa hae Sara.—1 Pet. 3:​4-6; Gen. 21:​22-34.

5. Ke mohlala ofe o ka thusang batswadi ba Bakreste hore ba rute bana ba bona ho ba bonolo?

5 Batswadi ba Bakreste, kgodisehang hore le ka kgona ho ruta bana ba lona hore ba be bonolo. Nahana ka mohlala wa Maxence ya dilemo di 17. O ne a lokela ho buisana le batho ba bohale sekolong le tshebeletsong ya tshimo. Batswadi ba hae ba ile ba mo ruta ka mamello hore a be bonolo. Ba re Maxence o se a utlwisisa hore ho bonolo hore motho a halefe empa motho ya matla o kgona ho ithiba le ho dula a kgobile matshwafo. Ho a thabisa hore ebe Maxence e se e le motho ya bonolo.

6. Ho rapela ho ka re thusa jwang hore re bontshe bonolo?

6 Re ka etsang haeba batho ba bang ba re halefisa, mohlomong ba senya Modimo wa rona lebitso kapa ba bua dintho tse mpe ka Bibele? Re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moya wa hae o halalelang le hore a re fe bohlale ba ho ba araba ka tsela e bonolo. Empa re ka etsang haeba re hlokomela hore ha re a ka ra ba araba hantle? Re ka rapela hape ka taba eo mme ra nahana ka hore na re ka ba araba jwang nakong e tlang. Ha re etsa jwalo, Jehova o tla re fa moya wa hae o halalelang e le hore re kgone ho ithiba ha re halefile le ho ba bonolo.

7. Ho dula re hopola mangolo a itseng a Bibele ho ka re thusa jwang ho laola tsela eo re buang ka yona le eo re itshwarang ka yona? (Diproverbia 15:​1, 18)

7 Ditemana tse ding tsa Bibele di ka re thusa ho laola tsela eo re buang ka yona ha re bua le batho ba re halefisang. Moya o halalelang wa Modimo o ka re thusa hore re hopole ditemana tseo. (Joh. 14:26) Ka mohlala, re fumana dikeletso bukeng ya Diproverbia tse ka re thusang hore re be bonolo. (Bala Diproverbia 15:​1, 18.) Buka ena ya Bibele e boetse e bua ka melemo eo re e fumanang ha re dula re kgobile matshwafo ha re bua le batho ba re halefisang.—Diprov. 10:19; 17:27; 21:23; 25:15.

HO BA LE TEMOHO HO RE THUSA HORE RE BE BONOLO

8. Ke hobaneng ha re lokela ho ipotsa hore na ke eng e entseng hore motho a re botse potso e itseng?

8 Ho ba le temoho ho ka re thusa. (Diprov. 19:11) Motho ya nang le temoho o a ithiba ha batho ba leka ho mo halefisa ka hore ba bue dintho tse mpe ka dintho tseo a di dumelang. Ka dinako tse ding ha batho ba re botsa dipotso ka seo re se dumelang, ha ba re bolelle mabaka a hore na ke hobaneng ha ba botsa. Ka hoo, pele re ba araba re lokela ho hlokomela hore ha re tsebe mabaka a hore na ke hobaneng ha ba re botsa dipotso.—Diprov. 16:23.

9. Gideone o ile a bontsha jwang hore o na le temoho le hore o bonolo ha a ne a bua le banna ba Efraime?

9 Nahana ka moo Gideone a ileng a araba banna ba leloko la Efraime ka teng. Ba ne ba halefile mme ba ile ba mo botsa hore na ke hobaneng ha a sa ka a ba bitsa hore ba mo thuse ho lwantsha dira tsa Iseraele. Empa na ho na le lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ba halefe hakaalo? Na mohlomong ba ne ba halefile hobane ba ne ba ikgohomosa? Ho sa tsotellehe hore na lebaka leo ba neng ba halefile ka lona ke lefe, Gideone o ile a leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba ne ba halefile mme o ile a ba araba ka tsela e bonolo. Bibele e bontsha hore ha a qeta ho bua le bona ba ile “ba tlohela ho halefa.”—Baahl. 8:​1-3.

10. Keng e tla re thusa ho araba batho ba re botsang dipotso ka dintho tseo re di dumelang? (1 Petrose 3:15)

10 Motho eo o sebetsang le yena kapa ngwana eo o kenang sekolo le yena a ka nna a o botsa hore na ke hobaneng ha o mamela melao ya Bibele. Re leka ka ditsela tsohle ho buella dintho tseo re di dumelang empa ka nako e tshwanang re hlompha maikutlo a batho ba bang. (Bala 1 Petrose 3:15.) Ho ena le hore re nke hore motho eo o a re hlasela, re lokela ho nahana hore na potso ya hae e ka re thusa jwang hore re tsebe hore na ke dintho dife tseo a di nkang e le tsa bohlokwa. Re lokela ho mo araba ka tsela e bonolo le e mosa ho sa tsotellehe lebaka leo a re botsang dipotso ka lona. Tsela eo re arabang dipotso tsa hae ka yona e ka etsa hore a fetole maikutlo a hae. Le haeba a re phoqa, re lokela ho dula re ikemiseditse ho mo araba ka mosa.—Bar. 12:17.

Re ka kgona ho araba motho ya re memelang moketeng wa letsatsi la tswalo hantle ha re qala ka ho ipotsa hore na ke hobaneng ha a re mema (Sheba serapa sa 11 le 12)

11, 12. (a) Re ka ipotsa dipotso dife pele re araba potso e thata? (Sheba setshwantsho.) (b) Etsa mohlala o bontshang ka moo ho botsa motho potso ho ka re fang monyetla wa hore re qoqe le yena.

11 Ka mohlala, haeba mosebetsimmoho a re botsa hore na ke hobaneng ha re sa keteke matsatsi a tswalo, re ka nahana ka dipotso tse latelang: Na o nahana hore ha re a dumellwa ho ithabisa? Kapa na o nahana hore taba ya hore ebe ha re keteke matsatsi a tswalo e tla etsa hore ho se ke ha ba monate mosebetsing? Re ka qala ka ho mo babatsa ka hore o tsotella batho ba bang ebe re a mo tiisetsa hore le rona re batla hore ho be monate mosebetsing. Seo se ka re fa monyetla wa hore re qoqe le yena ka hore na Bibele e reng ka matsatsi a tswalo.

12 Re ka boela ra etsa se tshwanang ha motho a re botsa potso eo ho leng thata hore re ka e araba. Ngwana eo re kenang sekolo le yena a ka re Dipaki Tsa Jehova di lokela ho fetola tsela eo di ikutlwang ka yona ka di gay. Na a ka tjho jwalo hobane a sa utlwisise tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ikutlwang ka yona ka di gay? Kapa mohlomong ke hobane o na le motswalle kapa e mong wa lelapa eo e leng gay? Na ke hobane a nahana hore Dipaki Tsa Jehova di hloile di gay? Re ka nna ra lokela ho mo kgodisa hore re rata batho bohle le hore re hlompha qeto ya motho e mong le e mong ya hore a ikgethele hore na o batla ho phela ka tsela efe. b (1 Pet. 2:17) Re ka boela ra mo bontsha hore ho mamela melao ya Bibele ho etsa hore re thabele bophelo.

13. O ka thusa motho ya somang batho ba dumelang ho Modimo jwang?

13 Ha re kopana le motho ya sa dumellaneng le rona, ha re a lokela ho nahana hore re a tseba hore o dumelang. (Tite 3:2) Ka mohlala, o ka reng haeba ngwana eo o kenang sekolo le yena a re ke ho hloka kelello ho dumela ho Modimo? Na o lokela ho nahana hore o dumela hore dintho di ikentse le hore o tseba dintho tse ngata ka taba eo? E ka nna yaba o bua dintho tseo a di utlwileng ho batho ba bang. Ho ena le hore o leke ho mo bontsha hore dintho di bopilwe, o ka mo botsa ntho e tla etsa hore a nahane ka taba eo. Mohlomong o ka mo fa linki e mo isang websaeteng ya jw.org e buang ka popo. Ha morao a ka nna a batla ho buisana le wena ka sehlooho kapa video eo a e fumaneng ho yona. Ho bua ka tsela e bontshang tlhompho ho ka mo thusa hore a batle ho ithuta hore na Bibele e reng ka taba eo.

14. Niall o ile a sebedisa websaete ya rona jwang ho thusa ngwana eo a kenang tlelase le yena ya neng a dumela dintho tseo e seng nnete ka Dipaki Tsa Jehova?

14 Motjha e mong ya bitswang Niall o ile a sebedisa websaete ya rona e le hore a ka bontsha hore dintho tseo ho buuwang ka tsona ka Dipaki Tsa Jehova ha se nnete. O re o ne a dula a bolellwa ke ngwana eo a kenang tlelase le yena hore ha a dumele ho saense hobane a tshepa buka e iqapetsweng eseng dintho tseo ho entsweng dipatlisiso ka tsona. Ha ngwana eo a kenang tlelase le yena a sa mo dumelle hore a hlalose dintho tseo a di dumelang, o ile a mo lebisa ho jw.org karolong e reng “Saense le Bibele.” Ha morao Niall o ile a hlokomela hore ngwana eo o ile a bala dihlooho tseo a di fumaneng websaeteng mme o ne a batla ho bua le yena ka hore na bophelo bo bile teng jwang. Le wena o ka ba boemong bo tshwanang.

LOKISETSANG LE LE LELAPA

15. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba be bonolo ha ba araba bana ba kenang sekolo le bona ba ba botsang ka dintho tseo ba di dumelang?

15 Batswadi ba ka ruta bana ba bona hore ba arabe ka tsela e bonolo ha ba botswa dipotso ka dintho tseo ba di dumelang. (Jak. 3:13) Batswadi ba bang ba lokisetsa ha mmoho le bana ba bona nakong ya borapedi ba lelapa. Ba nahana ka dihlooho tseo bana ba bona ba ka botswang ka tsona ha ba le sekolong ebe ba buisana ka tsona mme ba ba bontsha hore na ba ka araba jwang. Hape ba ruta bana ba bona hore ba bue ka tsela e bonolo le e tla etsa hore batho ba batle ho ba mamela.—Sheba lebokose le reng “ Ho Lokisetsa ho ka Thusa Lelapa la Hao.”

16, 17. Ho lokisetsa le bana ho ka ba thusa jwang?

16 Ho lokisetsa esale pele ho ka thusa batjha hore ba fane ka mabaka a utlwahalang ha ba hlalosetsa batho ba bang ka dintho tseo ba di dumelang le hore ba kgodisehe ka tsona. Sehlooho se reng “Batjha Ba a Botsa” se hlahang dihloohong tse ho jw.org/st-za se na le karolo e nang le maqephe a ho ngolla a batjha. Karolo ena e etseditswe ho thusa batjha hore ba kgodisehe ka dintho tseo ba di dumelang le hore ba arabe ka mantswe a bona. Ho bala dihlooho tsena le le lelapa ho ka le thusa hore le buelle dintho tseo le di dumelang ka bonolo le ka tsela e tla etsa hore batho ba batle ho le mamela.

17 Motjha e mong ya bitswang Matthew o hlalosa hore na ho lokisetsa esale pele ho mo thusitse jwang. Nakong ya borapedi ba lelapa, hangata Matthew le batswadi ba hae ba ne ba etsa dipatlisiso ka dihlooho tsa dintho tseo ho ka nnang ha buuwa ka tsona ka tlelaseng. O re ba nahana ka dipotso tse ka nnang tsa botswa ebe ba lokisetsa hore na a ka reng ho latela dipatlisiso tseo ba di entseng. Matthew o re ha a utlwisisa mabaka a dintho tseo a di dumelang o ba sebete ebile ho ba bobebe hore a arabe batho ba bang ka tsela e bonolo.

18. Bakolose 4:6 e re re lokela ho bua le batho jwang?

18 Le hoja ka dinako tse ding re ka araba dintho ka tsela e utlwahalang, ha se batho kaofela ba tla utlwisisa seo re ba hlalosetsang sona. Empa ha re bontsha temoho mme re bua le bona ka tsela e bonolo ba ka utlwisisa. (Bala Bakolose 4:6.) Ha o bua le motho ka seo o se dumelang, ho ka tshwana le ha o mo akgella bolo. O ka mo akgella yona hantle kapa wa e akgela hampe. Ha o mo akgella yona hantle a ka kgona ho e tshwara mme la tswela pele le bapala. Ka tsela e tshwanang, ha re sebedisa temoho le ho bua le batho ka tsela e bonolo, ba ka thabela ho re mamela le ho tswela pele ba qoqa le rona. Ha motho a batla ho ngangisana le rona le ho bua dintho tse mpe ka dintho tseo re di dumelang, ha re a lokela ho tswela pele re bua le yena. (Diprov. 26:4) Empa batho ba bangata ha ba jwalo. Mohlomong ba bang ba ka re mamela.

19. Ke hobaneng ha re lokela ho ba bonolo ha re buella dintho tseo re di dumelang?

19 Re se re ithutile hore ho ba bonolo ho re tswela molemo. Ka hoo, rapela Jehova o mo kope hore a o fe matla ao o a hlokang e le hore o ka ba bonolo ha batho ba o botsa dipotso tse thata kapa ba o tshwaya diphoso. Hopola hore ho ba bonolo ho ka o thusa hore o qobe ho ngangisana le batho ha ba ena le maikutlo a fapaneng ka taba e itseng. Hape ho araba ka tsela e bonolo ho ka etsa hore batho ba bang ba fetole maikutlo a bona ka rona le ka seo Bibele e se rutang. ‘Dula o itokiseditse ho ikarabella ho motho le ha e le ofe’ ya o botsang ka dintho tseo o di dumelang mme o etse jwalo “ka bonolo le ka tlhompho.” (1 Pet. 3:15) Eba motho ya bonolo.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

a Sehlooho sena se fana ka dikeletso tsa hore na re ka buella dintho tseo re di dumelang jwang ha batho ba bang ba re halefisa kapa ba re botsa dipotso tse thata.

b Ho fumana dintlha tse ka o thusang, sheba sehlooho se reng “Bibele e reng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tshwanang?” ho Tsoha! ya No. 4 2016.

c O ka fumana dikeletso tse ka o thusang dihloohong tsa “Batjha Ba a Botsa” le tsa Dipotso Tse Atisang ho Botswa ka Dipaki Tsa Jehova” ho jw.org/st-za.