Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40

Etsisa Petrose ka Hore o se ke wa Nyahamiswa ke Diphoso Tsa Hao

Etsisa Petrose ka Hore o se ke wa Nyahamiswa ke Diphoso Tsa Hao

“Morena, tloha ho nna hobane ke moetsadibe.”—LUKA 5:8.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Petrose o ile a ikutlwa jwang ka mora hore Jesu a mo thuse ka mohlolo hore a tshwase ditlhapi tse ngata?

 PETROSE o ne a qetile bosiu bohle a ntse a tshwasa ditlhapi empa o ne a sa fumane letho. Jesu o ile a tla ho yena a re: “Se hulele moo ho tebileng ebe le theolela matlowa tlase hore le tshwase ditlhapi.” (Luka 5:4) Petrose o ne a sa batle ho theolela letlowa la hae ka metsing, a nahana hore o ntse a sa tlo fumana letho. Empa o ile a le lahlela yaba le tla le ditlhapi tse ngata tse ileng tsa tabola letlowa la hae. Ha Petrose le bao a neng a sebetsa le bona ba hlokomela mohlolo oo o qetang ho etsahala, ba ile ba ‘makala haholo’ yaba Petrose o re ho Jesu: “Morena, tloha ho nna hobane ke moetsadibe.” (Luka 5:​6-9) Ho bonahala eka Petrose o ne a ikutlwa a sa tshwanelehe hore a ka ba le Jesu.

2. Ho ithuta pale ya Petrose ho ka re thusa jwang?

2 Petrose o ne a nepile. E ne e le “moetsadibe.” Le Mangolo a a bontsha hore ka dinako tse ding o ne a bua ebile a etsa dintho tseo a neng a ikwahlaela tsona. Mohlomong le wena o ye o ikutlwe jwalo ka Petrose. Na ho na le phoso eo o e etsang hangata kapa bofokodi boo o ntseng o lwantshana le bona? Haeba ho jwalo, mohlala wa Petrose o ka o thusa. Ka tsela efe? Jehova a ka be a entse hore diphoso tsa Petrose di se ke tsa ngolwa ka Bibeleng. Empa o entse hore di ngolwe e le hore re ka ithuta mohlaleng wa hae. (2 Tim. 3:​16, 17) Ho ithuta ka monna enwa ya neng a etsa diphoso jwalo ka rona ho tla re thusa ho bona hore Jehova ha a lebella hore re se ke ra etsa diphoso. O batla hore re tswele pele re mo sebeletsa ho sa tsotellehe hore na re mo fosetsa hakae.

3. Ke hobaneng ha re lokela ho dula re leka ho etsa dintho tse nepahetseng?

3 Ke hobaneng ha re lokela ho dula re leka ho etsa dintho tse nepahetseng? Lebaka ke hobane re kgona ho etsa ntho hantle haeba re e etsa ka makgetlo a mangata. Ka mohlala, motho a ka nka dilemo tse ngata a ithuta ho letsa seletsa se itseng sa mmino. Qalong a ka nna a etsa diphoso tse ngata empa ha a ntse a tswela pele a ithuta, o qetella a se a tseba ho se letsa hantle. O tla nne a etse diphoso ka dinako tse ding le hoja a tseba ho letsa seletsa seo hantle. Le ha ho jwalo, diphoso tseo ha di mo nyahamise empa o tswela pele a se letsa e le hore a ka ntlafatsa bokgoni ba hae. Ka tsela e tshwanang, re ka hlola bothata bo itseng boo re nang le bona empa re ka iphumana re entse phoso e tshwanang hape. Le ha ho le jwalo, ha re nyahame empa re leka ka hohle ho hlola bothata boo. Ka dinako tse ding re bua le ho etsa dintho tseo ha morao re ikwahlaelang tsona empa Jehova o tla re thusa hore re ntlafatse haeba re sa nyahame empa re dula re leka ho etsa dintho tse nepahetseng. (1 Pet. 5:10) A re ke re hlahlobeng mohlala wa Petrose wa ho se nyahamiswe ke diphoso tsa hae. Ho nahana ka moo Jesu a ileng a utlwela Petrose bohloko ka teng le hoja a ne a etsa diphoso, ho ka re thusa hore re se ke ra nyahamiswa ke diphoso tsa rona ha re ntse re sebeletsa Jehova.

DIPHOSO TSA PETROSE LE DITLHOHONOLOFATSO TSEO A ILENG A DI FUMANA

O ne o tla etsang haeba o ne o le boemong ba Petrose? (Sheba serapa sa 4)

4. Petrose o itlhalosa e le motho ya jwang ho Luka 5:​5-10 empa Jesu o ile a reng ha a mo kgothatsa?

4 Bibele ha e bolele hore na ke hobaneng ha Petrose a ne a re ke “moetsadibe” le hore na o ne a nahanne ka dibe dife. (Bala Luka 5:​5-10.) Ho ka etsahala hore ho ne ho ena le diphoso tse kgolo tseo a ileng a di etsa. Jesu o ile a hlokomela hore Petrose o tshohile e leng boikutlo boo e ka nnang yaba bo ne bo bakwa ke ho ikgalala. Jesu o ne a boetse a tseba hore Petrose a ka kgona ho dula a tshepahala. Ke ka hoo Jesu a ileng a re ho yena: “O se ke wa tshoha.” Petrose o ile a kgothatswa ke ho hlokomela hore Jesu o a mo tshepa. Petrose le ngwanabo Andrease ba ile ba qetella ba tlohetse kgwebo ya bona ya ho tshwasa ditlhapi mme ya eba balatedi ba Mesia e leng qeto e ileng ya etsa hore Jehova a ba hlohonolofatse haholo.—Mar. 1:​16-18.

5. Petrose o ile a hlohonolofatswa jwang ka hore ebe o ile a kgaotsa ho tshoha mme ya eba molatedi wa Jesu?

5 Petrose o ile a ba le monyetla wa ho bona dintho tse ngata tseo Jesu a ileng a di etsa ka ha e ne e se e le molatedi wa hae. O ile a bona ha a fodisa batho, a leleka bademona le ha a ne a tsosa bafu. b (Mat. 8:​14-17; Mar. 5:​37, 41, 42) Petrose o ile a boela a bona pono ya se neng se tla etsahala nakong e tlang ha Jesu e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. (Mar. 9:​1-8; 2 Pet. 1:​16-18) Petrose o ile a bona dintho tseo ho hang a neng a sa nahana hore o tla ke a di bone. E tlameha ebe Petrose o ile a thaba haholo hore ebe ha a ka a dumella hore maikutlo ao a neng a ena le ona ka diphoso tsa hae a etse hore a fetwe ke ditlhohonolofatso tsena.

6. Na Petrose o ile a kgaotsa ho etsa diphoso? Hlalosa.

6 Petrose o ile a nna a etsa diphoso ho sa tsotellehe dintho tsohle tseo a ileng a utlwa Jesu a di bua le ho bona a di etsa. Nahana ka diketsahalo tse latelang. Ha Jesu a ne a hlalosa hore o tlo hloriswa a be a shwe ho phethahatsa boprofeta bo ka Bibeleng, Petrose o ile a mo kgalemela. (Mar. 8:​31-33) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba dula ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo hara bona. (Mar. 9:​33, 34) Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolawa, Petrose o ile a hlasela monna e mong a ba a mo kgaola tsebe. (Joh. 18:10) Bosiung bona boo, o ile a tshoha mme a latola hore o tseba motswalle wa hae Jesu ka makgetlo a mararo. (Mar. 14:​66-72) Ntho eo e ile ya etsa hore Petrose a lle ha bohloko.—Mat. 26:75.

7. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a fa Petrose monyetla ofe?

7 Jesu ha a ka a lahla moapostola enwa wa hae ya neng a nyahame. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a fa Petrose monyetla wa hore a bontshe hore o ntse a mo rata. Jesu o ile a mo fa mosebetsi wa hore a hlokomele dinku tsa hae. (Joh. 21:​15-17) Petrose o ile a amohela mosebetsi oo. Petrose o ile a ba hara batho ba pele ba ileng ba tlotswa ka moya o halalelang ha a ne a le Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta.

8. Ke phoso efe e kgolo eo Petrose a ileng a e etsa ha a le Antioke?

8 Petrose o ne a ntse a etsa diphoso le ka mora hore a tlotswe ka moya o halalelang. Ka selemo sa 36 o ne a le teng ha Korneliase wa Moditjhaba ya neng a sa bolla a tlotswa ka moya o halalelang. Ketsahalo eo e ne e bontsha hore “Modimo ha a leeme” le hore Baditjhaba ba ne ba ka kgona ho ba ditho tsa phutheho ya Bokreste. (Dik. 10:​34, 44, 45) Ka mora ketsahalo eo, Petrose o ile a ikutlwa a lokolohile hore a ka ja le Baditjhaba e leng ntho eo a neng a ke ke a e etsa pele ho moo. (Bagal. 2:12) Le ha ho le jwalo, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba re Bajuda le Baditjhaba ha ba a lokela ho ja ha mmoho. Ha Bajuda ba bang ba Bakreste ba fihla Antioke, Petrose o ile a kgaotsa ho ja le bana ba bo ba Baditjhaba, mohlomong hobane a ne a tshaba ho kgopisa Bakreste bao ba Bajuda. Ha moapostola Pauluse a bona ketso ena e bontshang boikaketsi, o ile a mo kgalemela ka pela batho ba bang. (Bagal. 2:​13, 14) Petrose ha a ka a nyahamiswa ke phoso eo. Ke eng e mo thusitseng?

KENG E THUSITSENG PETROSE HORE A SE KE A NYAHAMISWA KE DIPHOSO TSA HAE?

9. Lengolo la Johanne 6:​68, 69, le bontsha jwang hore Petrose o ne a tshepahala?

9 Petrose o ne a tshepahalla Jesu. Ha a ka a dumella letho ho mo sitisa hore a dule a latela Jesu. O ile a bontsha hore o tshepahalla Jesu nakong eo a neng a bua ntho eo barutuwa ba bang ba neng ba sa e utlwisise. (Bala Johanne 6:​68, 69.) Barutuwa ba bangata ba ile ba kgaotsa ho latela Jesu ba sa mo botsa le ho mo botsa hore na o ne a bolelang. Petrose yena ha a ka a kgaotsa ho mo latela. O ile a hlokomela hore ke Jesu feela ya nang le ‘mantswe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’

Taba ya hore Jesu o ne a tshepa Petrose e o kgothatsa jwang? (Sheba serapa sa 10)

10. Jesu o ile a bontsha jwang hore o tshepa Petrose? (Sheba setshwantsho.)

10 Jesu ha a ka a lahla Petrose. Jesu o ne a tseba hore Petrose le baapostola ba bang ba hae ba ne ba tlo mo lahla bosiung ba ho qetela pele a bolawa. Le ha ho le jwalo, o ile a bolella Petrose hore ka mora hore a mo lahle, o ne a tla kgutla mme a tswele pele a tshepahala. (Luka 22:​31, 32) Jesu o ne a utlwisisa hore “pelo e na le tabatabelo empa nama e a fokola.” (Mar. 14:38) Ka hoo, le ka mora hore Petrose a latole hore o tseba Jesu, Jesu ha a ka a mo lahla. Ka mora hore a tsoswe bafung, o ile a hlaha ho Petrose moo a neng a le mong. (Mar. 16:7; Luka 24:34; 1 Bakor. 15:5) E tlameha ebe ntho eo e ile ya kgothatsa Petrose haholo nakong eo a neng a nyahame.

11. Jesu o ile a kgodisa Petrose jwang hore Jehova o tla mo hlokomela?

11 Jesu o ile a kgodisa Petrose hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a etsetsa Petrose le baapostola ba hae mohlolo o mong hape wa ho tshwasa ditlhapi. (Joh. 21:​4-6) Mohlolo oo o ile wa kgodisa Petrose hore Jehova a ka kgona ho mo hlokomela. Mohlomong moapostola eo o ile a hopola mantswe a Jesu ha a ne a re Jehova o tla hlokomela ba etsang hore “Mmuso wa Modimo” e be ntho e tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Ka lebaka leo, Petrose o ile a etsa hore mosebetsi wa boboledi e be wona o tlang pele, eseng kgwebo ya hae ya ho tshwasa ditlhapi. O ile a bolela ditaba tse monate ka sebete ka letsatsi la Pentekonta ka selemo sa 33 mme a thusa batho ba bangata hore e be barutuwa. (Dik. 2:​14, 37-41) Ka mora moo, o ile a thusa le Basamaria le Baditjhaba hore e be balatedi ba Kreste. (Dik. 8:​14-17; 10:​44-48) Ka nnete Jehova o ile a sebedisa Petrose haholo ho thusa batho ba mefuta yohle hore ba tle ka phuthehong.

RE ITHUTANG?

12. Re nahanne ka mohlala wa Petrose, re lokela ho hopola eng haeba re dula re etsa diphoso tse tshwanang?

12 Jehova a ka re thusa hore re tswele pele re mo sebeletsa. Ho ka ba thata hore re tswele pele re sebeletsa Jehova, haholo haeba re dula re etsa phoso e tshwanang. Ka dinako tse ding bothata boo re nang le bona bo ka bonahala bo le boima ho feta boo Petrose a neng a ena le bona. Empa Jehova a ka re thusa hore re se ke ra dula re nyahame. (Pes. 94:​17-19) Ka mohlala, morabo rona e mong o ne a ratana le banna ba bang ka dilemo tse ngata pele e eba Paki ya Jehova. Ka mora hore a hlokomele hore tsela eo a phelang ka yona e fosahetse, o ile a etsa qeto ya ho fetoha. Le ha ho le jwalo, o ntse a lwantshana le ditakatso tseo tse fosahetseng. Keng e ileng ya mo thusa hore a se ke a nyahama? O re: “Jehova ke yena ya re thusang. O sebedisa moya wa hae o halalelang ho nthusa hore ke phele ka tsela eo a e batlang. Jehova o ntse a mpha monyetla wa hore ke sebediswe ka phuthehong ebile o mpha matla a hore ke tswele pele ke mo sebeletsa ho sa tsotellehe bothata bona boo ke ntseng ke lwantshana le bona.”

Morabo rona Horst Henschel o qadile tshebeletso ya hae ya nako e tletseng ka la 1 January 1950. Na o nahana hore o ne a ikwahlaela hore ebe o ile a qeta bophelo bohle ba hae a sebeletsa Jehova? (Sheba serapa sa 13 le 15) d

13. Ho latela se tlalehilweng ho Diketso 4:​13, 29, 31, re ka etsisa mohlala wa Petrose jwang? (Sheba setshwantsho.)

13 Re se re bone hore Petrose o ile a pheta phoso e tshwanang ka makgetlo hobane a ne a tshaba batho. Empa o ile a rapella ho ba sebete mme Jehova a mo thusa. (Bala Diketso 4:​13, 29, 31.) Le rona Jehova a ka re thusa hore re be sebete. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Horst ya neng a dula Jeremane nakong ya puso ya Manazi. Ha e ntse e le motjha, ka makgetlo o ne a dumedisa batho a re “Hitler o tla re pholosa!” le hoja a ne a tseba hore ho fosahetse ho tjho jwalo hobane a ne a tshaba matitjhere le bana bao a neng a kena sekolo le bona. Ho ena le hore batswadi ba hae ba mo halefele, ba ile ba rapela le yena ba kopa Jehova hore a mo fe sebete. Ka mora nako Morabo rona Horst o ile a ba sebete hobane batswadi ba hae ba ile ba mo thusa ebile a tshepile Jehova. O re: “Jehova o ile a dula a nthusa.” c

14. Baholo ba ka kgothatsa batho ba nyahameng jwang?

14 Jehova le Jesu ba ke ke ba re qhalla matsoho empa ba tla dula ba re thusa. Petrose o ne a lokela ho etsa qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hae ka mora hore a latole hore o tseba Kreste. Na o ne a tla tswela pele e le morutuwa wa Kreste kapa o ne a tla tlohela? Jesu o ne a ile a rapella Petrose hore Jehova a mo thuse hore a dule a ena le tumelo. Jesu o ile a bolella Petrose hore o mo rapeletse mme a mo kgodisa hore o a mo tshepa le hore ha morao o ne a tla kgona ho matlafatsa le ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena. (Luka 22:​31, 32) E tlameha ebe Petrose o ile a kgothala haholo ha a hopola mantswe ao a Jesu. Le rona ha re tlameha ho etsa diqeto tsa bohlokwa bophelong ba rona, Jehova a ka sebedisa baholo hore ba re kgothatse le ho re thusa ho bona hore re ka kgona ho dula re tshepahala. (Baef. 4:​8, 11) Morabo rona Paul ya seng a qetile dilemo tse ngata e le moholo, o leka ka hohle ho thusa Bakrestemmoho le yena ka tsela ena. Ha a kopana le Bakrestemmoho ba nyahameng, o a ba hopotsa hore Jehova o ba tlisitse ka phuthehong hobane a ba rata le hore a ke ke a ba lahla. O re o bone ha Jehova a thusa batho ba bangata ba neng ba nyahame hore ba boele ba mo sebeletse.

15. Mohlala wa Petrose le wa Morabo rona Horst o re thusa jwang ho bona hore mantswe a hlahang ho Matheu 6:33 ke nnete?

15 Jehova o ile a fa Petrose le baapostola ba bang dintho tseo ba neng ba di hloka. Re ka kgodiseha hore le rona haeba re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba rona, o tla re fa dintho tseo re di hlokang. (Mat. 6:33) Morabo rona Horst eo re buileng ka yena pejana o ne a batla ho ba pulamadiboho ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe empa o ne a futsanehile. O ne a se na tshepo ya hore o tla fumana mosebetsi o tla mo dumella hore e nne e be pulamadiboho. O ile a etsang? Morabo rona Horst o ne a batla ho bona hore na Jehova o tla mo hlokomela. Ka hoo, o ile a etsa qeto ya ho ya tshimong beke kaofela nakong eo molebedi wa potoloho a neng a etetse phutheho ya bona. Ha beke eo e fela, o ile a makala ha molebedi wa potoloho a mo fa enfelopo eo a neng a sa tsebe hore na e tswa ho mang. Enfelopo eo e ne e ena le tjhelete e neng e tla mo thusa haholo hoo a neng a ke ke a hloka hore a sebetse ka dikgwedi tse ngata. Mpho eo e ile ya etsa hore Morabo rona Horst a bone hore Jehova o tla mo hlokomela. Ka hoo, o ile a qeta bophelo bohle ba hae a nka ho sebeletsa Jehova e le yona ntho e tlang pele bophelong ba hae.—Mal. 3:10.

16. Mohlala wa Petrose le dintho tseo a di ngotseng di ka re thusa jwang?

16 E tlameha ebe Petrose o ile a thaba haholo hore ebe Jesu ha a ka a tloha ho yena jwalo ka ha Petrose a ne a kopile. Kreste o ile a tswela pele ho kwetlisa Petrose hore e be moapostola ya tshepahalang eo hape e leng mohlala le ho Bakreste ba bang. Kwetliso eo ya Petrose e tlalehilweng ka Bibeleng e re tswela molemo kaofela. Mangolong a hae a mabedi ao a ileng a a romela diphutheho tsa mehleng ya baapostola, Petrose o bua ka dintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu. Sehloohong se latelang re tla bua ka tse ding tsa dintho tse hlahang mangolong ana a Petrose tse ka re thusang mehleng ena.

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang

a Sehlooho sena se tlo thusa batho bao ho nang le bofokodi boo ba ntseng ba bo lwantsha ho bona hore ba ka kgona ho dula ba tshepahalla Jehova ho sa tsotellehe bofokodi boo.

b Mangolo a mangata sehloohong sena a nkuwe Kosepeleng ya Mareka. Ho bonahala eka dintho tseo a di ngotseng Kosepeleng ena, ke tseo a di qoqetsweng ke Petrose hobane o ne a le teng ha di ne di etsahala.

c Sheba pale ya bophelo ya Morabo rona Horst Henschel sehloohong se reng, “Ke Susumeditswe ke Botshepehi bo sa Sekisetseng ba Lelapa Leso ho Modimo,” ho Tsoha! ya March 8, 1998.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Jwalo ka ha re bona setshwantshong, batswadi ba Morabo rona Horst Henschel ba ile ba rapela le yena, ba mo matlafatsa mme ba mo kgodisa hore a ka kgona ho ba sebete.