Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41

Re ka Ithutang Mangolong a Mabedi ao Petrose a a Ngotseng?

Re ka Ithutang Mangolong a Mabedi ao Petrose a a Ngotseng?

“Ke ikemiseditse ho dula ke le hopotsa dintho tsena.”—2 PET. 1:12.

PINA YA 127 Ke Tshwanetse ho ba Motho wa Mofuta Ofe?

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Nakwana pele moapostola Petrose a hlokahala, Jehova o ile a mo susumeletsa hore a etseng?

 MOAPOSTOLA Petrose o ne a tseba hore haufinyane o ne a tlo hlokahala. O ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata a sebetsa le Jesu mme a bolella batho bao e neng e se Bajuda ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Petrose o ile a boela a ba setho sa sehlopha se busang. Hoo e ka bang ka selemo sa 62 ho ya ho 64 mehleng ya baapostola, Modimo o ile a mo susumeletsa hore a ngole mangolo a mabedi a Bibele e leng Petrose wa pele le Petrose wa bobedi. O ne a ena le tshepo ya hore mangolo ana a ne a tla thusa Bakreste ka mora hore a hlokahale.—2 Pet. 1:​12-15.

2. Ke hobaneng ha Bakrestemmoho le Petrose ba ne ba hloka mangolo ao a a ngotseng?

2 Petrose o ngotse mangolo a hae nakong eo Bakrestemmoho le yena ba neng ba “utlwiswa bohloko ke diteko tse fapaneng.” (1 Pet. 1:6) Batho ba kgopo ba ne ba leka ho tlisa dithuto tse fosahetseng le boitshwaro bo bobe ka phuthehong ya Bokreste. (2 Pet. 2:​1, 2, 14) Bakreste ba neng ba dula Jerusalema ba ne ba tla bona “qetello ya dintho tsohle” e leng nakong eo motse wa Jerusalema le tempele ya wona di neng di tla fediswa ke masole a Roma. (1 Pet. 4:7) Mangolo a Petrose a ile a thusa Bakreste hore ba dule ba tshepahala le hoja ba ne ba ena le mathata le hore ba itokisetse mathata a neng a tla ba hlahela nakong e tlang. b

3. Ke hobaneng ha re lokela ho bala mangolo ao Petrose a a ngotseng?

3 Le hoja Petrose a ne a ngoletse Bakreste ba mehleng ya pele, Jehova o ile a etsa hore mangolo ao e be karolo ya mangolo a Bibele e le hore re ka rua molemo ho ona. (Bar. 15:4) Ka ha re phela lefatsheng le kgothaletsang boitshwaro bo bobe, le rona re hlahelwa ke mathata a ka etsang hore ho be thata ho sebeletsa Jehova. Haufinyane re tla hlahelwa ke matshwenyeho a fetang a ileng a hlahela Bakreste ba mehleng ya pele ha Jerusalema le tempele ya yona e fediswa. Re fumana dikgopotso tsa bohlokwa mangolong ao a mabedi a Petrose. Dikgopotso tsena di re hopotsa hore re dule re lebeletse letsatsi la Jehova, re se ke ra tshaba batho le hore re tswele pele re ratana haholo. Dikgopotso tsena di ka boela tsa thusa baholo hore ba thuse bara le baradi ba bo rona hore ba dule ba ena le kamano e ntle le Jehova.

DULANG LE LEBELETSE LETSATSI LA JEHOVA

4. Lengolo la 2 Petrose 3:​3, 4, le bontsha hore ke eng e ka etsang hore tumelo ya rona e fokole?

4 Re phela le batho ba sa dumeleng hore boprofeta ba Bibele ke nnete. Bahanyetsi ba ka nna ba re soma hobane haesale re ntse re re bofelo bo haufi. Batho ba bang ba re ha ho mohla bofelo bo tla fihla. (Bala 2 Petrose 3:​3, 4.) Tumelo ya rona e ka nna ya fokola haeba re utlwa motho eo re mo bolellang molaetsa wa Bibele ebang ke mosebetsimmoho kapa e mong wa lelapa a tjho jwalo. Petrose o a re hlalosetsa hore na re ka thuswa keng.

5. Ke eng e ka re thusang hore re letele hore lefatshe lena le kgopo le fediswe? (2 Petrose 3:​8, 9)

5 Batho ba bang ba ka bona eka Jehova o dieha ho fedisa lefatshe lena le kgopo empa mantswe a Petrose a ka re thusa hobane a re hopotsa hore Jehova ha a shebe nako jwalo ka rona batho. (Bala 2 Petrose 3:​8, 9.) Dilemo tse sekete di tshwana le letsatsi le le leng ho yena. Jehova o na le mamello ebile ha a batle hore motho le ha e le ofe a fediswe. Ha letsatsi la hae le fihla, jwang kapa jwang lefatshe lena le tla fediswa. Re na le monyetla o babatsehang wa hore re sebedise nako e setseng ho bolella batho bohle molaetsa wa Bibele.

6. Re ka etsang e le hore re ‘dule re hopola’ letsatsi la Jehova? (2 Petrose 3:​11, 12)

6 Petrose o re kgothaletsa hore re ‘dule re hopola’ letsatsi la Jehova. (Bala 2 Petrose 3:​11, 12.) Re ka etsa seo jwang? Letsatsi le letsatsi re ka leka ho nahana ka hore na bophelo bo tla be bo le monate hakae lefatsheng le letjha. Ipone o hema moya o hlwekileng, o ja dijo tse nang le phepo, o amohela ba lelapa le metswalle ya hao e tla beng e tsositswe ebile o ruta batho ba phetseng mehleng ya kgale ka tsela eo boprofeta ba Bibele bo phethahetseng ka yona. Ho nahana ka dintho tsena ho tla o thusa hore o dule o lebeletse letsatsi la Jehova ebile ho tla etsa hore o kgodisehe hore bofelo bo haufi. Re ke ke ra kgeloswa ke dithuto tsa leshano ka ha ‘re tsebile dintho tsena esale pele’ ka bokamoso ba rona.—2 Pet. 3:17.

O SE KE WA TSHABA BATHO

7. Ho tshaba batho ho ka re ama jwang?

7 Ho dula re nahana ka letsatsi la Jehova ho re susumeletsa hore re bolelle batho ba bang ditaba tse monate tse tswang ka Bibeleng. Ka dinako tse ding re ka tshaba ho ba bolella ditaba tsena. Hobaneng? Lebaka ke hobane re ka nna ra tshaba batho. Petrose le yena o ile a tshaba batho. Ha ho ne ho tshwerwe nyewe ya Jesu bosiung bo bong, Petrose o ile a tshaba ho bua hore ke e mong wa barutuwa ba Jesu mme o ile a hana ka makgetlo hore o a mo tseba. (Mat. 26:​69-75) Le ha ho le jwalo, ha morao Petrose ha a ka a hlola a tshaba batho, ke ka hoo a ileng a re: “Le se ke la tshaba dintho tseo ba di tshabang kapa tsa le ferekanya.” (1 Pet. 3:14) Mantswe a Petrose a etsa hore re kgodisehe hore le rona re ka kgaotsa ho tshaba batho.

8. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra tshaba batho? (1 Petrose 3:15)

8 Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshaba batho? Petrose o ile a re: “Le dumele ka dipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore o a halalela.” (Bala 1 Petrose 3:15.) Taba ena e akareletsa ho nahana ka matla ao Morena wa rona Kreste Jesu a nang le ona. Haeba o tshoha ha ho hlaha monyetla wa hore o bolelle batho ditaba tse monate, hopola Morena wa rona. Ako nahane ka yena a busa lehodimong mme a potapotilwe ke mangeloi a mangata. Hopola hore o “filwe matla hodima ntho e nngwe le e nngwe e lehodimong le lefatsheng” le hore o tla ba le wena “ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela.” (Mat. 28:​18-20) Petrose o re kgothaletsa hore re dule re “itokiseditse” ho buella dintho tseo re di dumelang. Na o ka rata ho bolella motho ditaba tse monate ha o le mosebetsing, ha o le sekolong kapa sebakeng se seng? Nahana ka hore na o tla kgona ho etsa jwalo neng ebe o lokisetsa esale pele hore na o tla reng. Kopa Jehova hore a o fe sebete mme o tshepe hore o tla o thusa hore o se ke wa tshaba batho.—Dik. 4:29.

“LE RATANE HAHOLO”

Petrose o ile a mamela ha Pauluse a mo kgalemela. Mangolo a mabedi ao Petrose a ileng a a ngola a re ruta hore re rate Bakrestemmoho le rona (Sheba serapa sa 9)

9. Petrose o ile a hloleha jwang ho bontsha lerato? (Sheba setshwantsho.)

9 Petrose o ile a ithuta ho bontsha lerato. O ne a le teng ha Jesu a ne a re: “Ke le fa taelo e ntjha ya hore le ratane. Le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile.” (Joh. 13:34) Le ha ho le jwalo, ha morao Petrose o ile a hana ho ja le Bakreste bao e neng e se Bajuda hobane o ne a tshaba Bakreste ba Bajuda. Moapostola Pauluse o ile a re ntho eo Petrose a e entseng ke boikaketsi. (Bagal. 2:​11-14) Petrose o ile a mamela kgalemelo eo ya Pauluse a ba a ithuta ho yona. Mangolong a hae ka bobedi o re kgothaletsa hore re se ke ra bua feela hore re rata Bakrestemmoho le rona empa re ba bontshe lerato leo ka diketso.

10. Ke eng e ka re thusang hore re ‘ratane e le ka nnete’? (1 Petrose 1:22)

10 Petrose o ile a re re lokela ho “ratana e le ka nnete.” (Bala 1 Petrose 1:22.) Re tla rata Bakrestemmoho le rona e le ka nnete ha re ‘mamela lentswe la Modimo.’ Lentswe la Modimo le bontsha hore “Modimo ha a leeme.” (Dik. 10:​34, 35) Re ke ke ra kgona ho mamela taelo ya Jesu ya hore re ratane haeba re rata batho ba itseng feela ka phuthehong. Ke nnete hore jwalo ka Jesu re ka nna ra tlwaela batho ba itseng haholo ho feta ba bang. (Joh. 13:23; 20:2) Empa Petrose o re hopotsa hore re lokela ho ‘rata bana ba bo rona kaofela’ hobane re lelapa.—1 Pet. 2:17.

11. Ho ‘ratana ka pelo yohle’ ho bolelang?

11 Petrose o ile a re kgothaletsa hore re ‘ratane ka pelo yohle.’ Mantswe ana a bolela hore re lokela ho rata batho ba bang le hoja ho ka ba thata ho etsa jwalo. Ka mohlala, re ka etsang haeba Mokrestemmoho le rona a bua kapa a etsa ntho e re utlwisang bohloko? Le rona re ka nna ra batla ho mo utlwisa bohloko. Petrose o ile a ithuta ho Jesu hore ho etsa jwalo ha ho thabise Modimo. (Joh. 18:​10, 11) Petrose o ile a re: “Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile. Ho ena le ho etsa jwalo, le ba etsetse dintho tse molemo.” (1 Pet. 3:9) Haeba o rata Bakrestemmoho le wena haholo, o tla ba bontsha mosa o be o ba nahanele le haeba ba ka etsa kapa ba bua dintho tse o utlwisang bohloko.

12. (a) Ho rata Bakrestemmoho haholo ho tla re thusa hore re etseng? (b) O ikemiseditse ho etsang ka mora hore o shebelle video ya Boloka Mpho e Babatsehang ya Bonngwe?

12 Lengolong la hae la pele, Petrose o ile a re ha re ‘ratana haholo’ re ke ke ra tshwarelana ka makgetlo a mmalwa feela empa re tla dula re “itokiseditse ho tshwarela.” (1 Pet. 4:8) Mohlomong Petrose o ile a hopola tsela eo Jesu a ileng a mo ruta hore a tshwarele batho ba bang ka yona dilemo tse mmalwa pele ho moo. Ka nako eo, ho ka etsahala hore Petrose o ne a nahana hore o mosa ha a ne a re o ne a ka tshwarela ngwanabo ka “makgetlo a supileng.” Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a mo ruta hore a tshwarele ka “makgetlo a 77” mme le rona re lokela ho etsa jwalo. (Mat. 18:​21, 22) Taba ena e bolela hore re lokela ho dula re tshwarela batho ba bang. O se ke wa nyahama haeba o utlwa ho le thata hore o mamele taelo ena. Bahlanka ba Jehova ha ba a phethahala mme ka dinako tse ding ba thatafallwa ke ho tshwarela batho ba bang. Ntho ya bohlokwa hona jwale ke hore o tshwarele batho ba bang le hore o etse kgotso le bona. c

BAHOLO, DISANG MOHLAPE

13. Ke eng e ka etsang hore ho be thata hore baholo ba fumane nako ya ho kgothatsa Bakrestemmoho le bona?

13 Petrose ha a ka a lebala mantswe ao Jesu a ileng a mo bolella ona ka mora hore a tsoswe a reng: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:16) Ho ka ba thata hore moholo a phethe boikarabelo bona ba bohlokwa. Moholo o boetse o lokela ho etsa bonnete ba hore lelapa la hae le fumana dintho tsohle tseo le di hlokang, setho se seng le se seng sa lelapa se ikutlwa se ratwa ebile o lokela ho thusa lelapa la hae hore le dule le ena le kamano e ntle le Jehova. O boetse o lokela ho beha mohlala ha a le tshebeletsong ya tshimo, ha a fana ka dipuo dibokeng tsa Bokreste le ha a le dikopanong tse kgolo le tse nyenyane. Baholo ba bang ba thusa Dikomiting Tsa Bohokahanyi le Dipetlele mme ba bang ba etsa mesebetsi e meng Lefapheng la Meralo le Kaho. Ka nnete baholo ba dula ba phathahane.

Baholo ba bontsha hore ba na le lerato ka hore le hoja ba dula ba phathahane ba sebetse ka thata ho hlokomela mohlape wa Modimo (Sheba serapa sa 14 le 15)

14. Ke eng e susumetsang baholo hore ba hlokomele mohlape? (1 Petrose 5:​1-4)

14 Petrose o ile a re ho baholo: “Le dise mohlape oo Modimo a le fileng wona.” (Bala 1 Petrose 5:​1-4.) Haeba o moholo, re a tseba hore o rata Bakrestemmoho le wena mme o batla ho ba hlokomela. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka nna wa utlwa eka o phathahane haholo kapa o kgathetse haholo mme o ke ke wa kgona ho phetha mosebetsi ona. O ka etsang haeba o ikutlwa jwalo? Bolella Jehova hore na o ikutlwa jwang. Petrose o ile a re: “Haeba motho . . . a thusa batho ba bang, a itshetlehe ka matla a Modimo.” (1 Pet. 4:11) Bakrestemmoho le wena ba hlahelwa ke mathata a ke keng a fela hona jwale empa hopola hore “modisa ya ka sehloohong” Jesu Kreste, a ka ba thusa ho feta mang kapa mang. A ka ba thusa hona jwale ebile a ka ba thusa le lefatsheng le letjha. Modimo o batla hore baholo ba rate Bakrestemmoho le bona, ba ba hlokomele le hore ba behele “mohlape mohlala.”

15. Moholo e mong o etsang hore a hlokomele mohlape? (Sheba setshwantsho.)

15 Morabo rona William eo ho seng ho fetile dilemo tse ngata e le moholo, o utlwisisa bohlokwa ba ho hlokomela Bakrestemmoho. Ha sewa sa COVID-19 se qala, yena le baholo ba bang ba ile ba etsa bonnete ba hore ba letsetsa bara le baradi ba bo rona ba dihlopheng tsa bona beke le beke. O re bara le baradi ba bo rona ba bangata ba ne ba dula ba le bang mme seo se ne se ka etsa hore ba nahane ka dintho tse nyahamisang. Ha Mokrestemmoho a ena le bothata bo itseng, William o mo mamela ka hloko e le hore a ka utlwisisa hore o tshwenyehile ka eng le hore keng seo a se hlokang mme ha a fumana hore bothata ke bofe, o leka ho fumana dingolwa le divideo tse hlahang websaeteng ho thusa Mokreste eo. O re: “Hona jwale Bakrestemmoho le rona ba hloka ho hlokomelwa le ho feta. Ka ha re sebetsa ka thata ho thusa batho hore ba tsebe Jehova, re lokela ho sebetsa ka thata le ho feta ho thusa Bakrestemmoho hore ba dule ba ena le kamano e ntle le Jehova.”

DUMELLA JEHOVA HORE A QETELE KWETLISO YA HAO

16. Ke ka ditsela dife re ka sebedisang seo re ithutileng sona mangolong a Petrose?

16 Re bone dintlha tse mmalwa feela tseo re ka ithutang tsona mangolong a mabedi a Petrose. Mohlomong o hlokometse hore ho na le moo o lokelang ho lokisa teng. Ka mohlala, na o ka rata ho nahanisisa haholwanyane ka ditlhohonolofatso tseo re tla di fumana lefatsheng le letjha? Na o ikemiseditse ho bolella batho molaetsa wa Bibele ha o le mosebetsing, ha o le sekolong kapa ha o le dibakeng tse ding? Na ho na le ditsela tseo o ka bontshang Bakrestemmoho hore o ba rata haholo? Baholo, na le ikemiseditse ho sebetsa ka thata e le hore le hlokomele bahlanka ba Jehova? Ha o itlhahloba ka botshepehi, o ka nna wa hlokomela hore ho na le moo o lokelang ho lokisa teng empa o se ke wa nyahama. “Morena o mosa” mme o tla o thusa hore o ntlafatse. (1 Pet. 2:3) Petrose o ile a re: “Modimo . . . o tla qetela kwetliso ya lona. O tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.”—1 Pet. 5:10.

17. Re tla fumanang haeba re tshepahala mme re dumella hore Jehova a re kwetlise?

17 Ho na le nako eo ka yona Petrose a kileng a utlwa a sa tshwanelehe hore e be molatedi wa Jesu. (Luka 5:8) Empa Jehova le Jesu ba ile ba mo tshehetsa mme o ile a latela Kreste ka botshepehi. Ka hoo, Jehova o ile a fa Petrose monyetla wa hore “a kene Mmusong o sa feleng wa Morena le Mopholosi wa rona Jesu Kreste.” (2 Pet. 1:11) Ka nnete oo e ne e le moputso o moholo. Haeba o tshepahala jwalo ka Petrose ebile o dumella hore Jehova a o kwetlise, le wena o tla fumana moputso wa bophelo bo sa feleng. O tla ‘pholoswa ka lebaka la tumelo ya hao.’—1 Pet. 1:9.

PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong

a Sehloohong sena, re tlo bona hore na dintho tseo re ithutang tsona mangolong a Petrose di ka re thusa jwang hore re mamelle mathata. Hape baholo ba tlo thuswa hore ba bone ka moo ba ka phethang boikarabelo boo ba nang le bona ba ho hlokomela Bakrestemmoho.

b Ho ka etsahala hore Bakreste ba neng ba dula Palestina ba ile ba fumana mangolo a Petrose a mabedi pele Baroma ba hlasela Jerusalema ka lekgetlo la pele ka selemo sa 66 mehleng ya baapostola.

c Shebella video ya Boloka Mpho e Babatsehang ya Bonngwe ho jw.org/st-za.