Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37

PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla

Lengolo le Tla re Thusa ho Mamella ka Botshepehi ho Fihlela Qetellong

Lengolo le Tla re Thusa ho Mamella ka Botshepehi ho Fihlela Qetellong

“Re dula re ena le tshepo ho fihlela qetellong e leng tshepo eo re neng re ena le yona ho tloha qalong.”BAHEB. 3:14.

NTLHAKGOLO

Lengolo le yang ho Baheberu le na le dikeletso tse tla re thusa ho mamella ka botshepehi ho fihlela lefatshe le fela.

1, 2. (a) Maemo a ne a le jwang Judea ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba moo lengolo? (b) Ke hobaneng ha lengolo leo le ne le le nakong?

 KA MORA hore Jesu a shwe ka selemo sa 33, Bakreste ba Jerusalema le Judea ba ile ba tobana le mathata a mangata. Nakwana ka mora hore phutheho ya Bokreste e thehwe, ba ile ba hloriswa haholo. (Dik. 8:1) Hoo e ka bang ka mora dilemo tse 20, Bakreste bao ba ile ba tobana le mathata a moruo ka lebaka la tlala e kgolo le bofutsana. (Dik. 11:​27-30) Le ha ho le jwalo, hoo e ka bang ka selemo sa 61, Bakreste ba ne ba phela ka kgotso ha ho bapiswa le se neng se tlo ba hlahela. E ne e le hona ba tlo tobana le mathata a mangata. Ka yona nako eo, Jehova o ile a susumetsa Pauluse hore a ngolle Bakreste bao lengolo, mme le ile la fihla ka nako e nepahetseng e le hore ba ka itokisetsa se neng se larile ka pele.

2 Lengolo leo le ne le le nakong hobane le fihlile nakong eo Bakreste ba Baheberu ba neng ba ntse ba iphelela ka kgotso. Le ha ho le jwalo, kgotso ya bona e ne e tla ba ya nakwana. Pauluse o ile a ba fa keletso ya bohlokwa e neng e tla ba thusa ho mamella mathata ao ba neng ba tla tobana le ona haufinyane. Nako ya hore Jerusalema e timetswe e ne e le haufinyane, jwalo ka ha Jesu a ne a ile a bolela esale pele. (Luka 21:20) Ke nnete hore Pauluse le Bakreste ba neng ba dula Judea ba ne ba sa tsebe hantle letsatsi leo timetso eo e tla fihla ka lona. Le ha ho le jwalo, Bakreste bao ba ne ba ka sebedisa nako eo ba nang le yona bakeng sa ho itokisa e le hore ba matlafatse tumelo le mamello ya bona.—Baheb. 10:25; 12:​1, 2.

3. Ke hobaneng ha Bakreste ba mehleng ena ba lokela ho thahasella lengolo la Baheberu haholo?

3 Re haufi le ho tobana le mahlomola a maholo a fetang hole a ileng a hlahela Bakreste ba Baheberu. (Mat. 24:21; Tshen. 16:​14, 16) Ka hoo, a re hlahlobeng tse ding tsa dikeletso tseo Jehova a ileng a di fa Bakreste bao, tseo le rona di ka re tswelang molemo kajeno.

“A RE TSWELENG PELE HO HOLA”

4. Ke mathata afe ao Bakreste ba Bajuda ba ileng ba tobana le ona? (Sheba setshwantsho.)

4 Bajuda bao e ileng ya eba Bakreste ba ile ba lokela ho etsa diphetoho tse kgolo mme ho ne ho se bonolo. Bajuda e ne e kile ya eba setjhaba se kgethilweng ke Jehova. Ka dilemo tse ngata, Jerusalema e ne e le sebaka sa bohlokwa ka ho fetisisa. Morena ya neng a emela Jehova o ne a busa a le moo mme le batho ba neng ba batla ho rapela Jehova, ba ne ba mo rapela ba le tempeleng e neng e le Jerusalema. Bajuda bohle ba tshepahalang ba ne ba latela Molao wa Moshe oo ba neng ba o rutwa ke baetapele ba bodumedi. Dithuto tseo di ne di akarelletsa hore na ba lokela ho ja eng, ditaba tsa lebollo le hore na ba lokela ho tshwara batho ba Baditjhaba jwang. Le ha ho le jwalo, ka mora lefu la Jesu, Jehova o ne a se a sa amohele mahlabelo a Bajuda. Ka hoo, ho ne ho se bonolo ho Bajuda bao e seng e le Bakreste ka nako eo hore ba fetole tsela eo ba seng ba rapela Jehova ka yona. (Baheb. 10:​1, 4, 10) Esita le Bakreste ba neng ba ena le tumelo e matla, jwalo ka moapostola Petrose, ba ne ba thatafallwa ke ho etsa diphetoho tsena. (Dik. 10:​9-14; Bagal. 2:​11-14) Ka lebaka la dithuto tse ntjha, Bakreste bao ba ile ba hloriswa ke baetapele ba bodumedi ba Bajuda.

Bakreste ba ile ba lokela ho emela nnete le ho hanyetsa dithuto tsa leshano tse rutwang ke bahanyetsi ba Bajuda (Sheba serapa sa 4 le 5)


5. Bakreste ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ka eng?

5 Bakreste ba Judea ba ne ba hanyetswa ke dihlopha tse pedi tsa batho. Sehlopha sa pele e ne e le baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba neng ba nka Bakreste bao e le bakwenehi. Sehlopha sa bobedi e ne e le Bakreste ba neng ba hatella ba bang hore ba nne ba tswele pele ho boloka Molao wa Moshe, mohlomong e le ha ba tshaba ho hloriswa. (Bagal. 6:12) Ke eng e neng e ka thusa Bakreste bao hore ba dule ba tshepahalla Jehova?

6. Pauluse o ile a kgothaletsa Bakrestemmoho le yena hore ba etse eng? (Baheberu 5:14–6:1)

6 Lengolong leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu, o ile a ba kgothaletsa hore ba ithute le ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo. (Bala Baheberu 5:14–6:1.) Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu e le ho bontsha hore tsela eo Bakreste ba rapelang Jehova ka yona e betere haholo ho feta eo Bajuda ba neng ba mo rapela ka yona pele. a Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste hore ba ithute le ho utlwisisa haholwanyane dinnete tse tswang ka Mangolong e le hore ba ka lemoha dithuto tsa bohata le ho di hanyetsa.

7. Ke mathata afe ao re tobanang le ona kajeno?

7 Le rona ho tshwana le Bakreste ba Baheberu, re tobana le batho ba jalang ditaba kapa dikgopolo tse sa dumellaneng le seo Jehova a reng se lokile ebile se nepahetse. Hangata bahanyetsi ba rona ba hanana le dintho tseo re di dumelang tse thehilweng ka Bibeleng tse mabapi le boitshwaro mme ba re re kgopo. Tsela eo batho ba nahanang ka yona e ntse e suthela hole le tsela eo Jehova a nahanang ka yona. (Diprov. 17:15) Ka hoo, ho bohlokwa haholo hore re elellwe menahano ena re be re e hanyetse. Ha re a lokela ho dumella bahanyetsi hore ba re nyahamise le ho etsa hore re tlohele ho sebeletsa Jehova.—Baheb. 13:9.

8. Re ka etsang e le hore re tswele pele ho hola?

8 Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tswele pele ho hola, mme le rona re lokela ho etsa se tshwanang. Sena se bolela hore re lokela ho ithuta Bibele ka hloko e le hore re tsebe Jehova le tsela eo a nahanang ka yona. Re lokela ho tswela pele re ntse re etsa dintho tsena le ka mora hore re kolobetswe. Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Bakreste, kaofela ha rona re lokela ho tswela pele ho bala le ho ithuta Lentswe la Modimo ka mehla. (Pes. 1:2) Ha re etsa jwalo, re tla kgona ho matlafatsa tumelo ya rona, e leng ntho eo Pauluse a ileng a re Bakreste ba Baheberu ba lokela ho ba le yona.—Baheb. 11:​1, 6.

EBANG LE ‘TUMELO E LE HORE LE PHOLOSE BOPHELO BA LONA’

9. Ke hobaneng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba hloka ho ba le tumelo e matla?

9 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Baheberu ba be le tumelo e matla e le hore ba phonyohe mahlomola a neng a le haufi le ho ba teng Judea. (Baheb. 10:​37-39) Jesu o ile a lemosa balatedi ba hae hore ha ba bona Jerusalema e potapotilwe ke masole, ba lokela ho balehela dithabeng. Keletso ena e ne e ama Bakreste bohle ba dulang Jerusalema le dibakeng tse mahaeng. (Luka 21:​20-24) Ha batho ba dulang mahaeng ba hlaselwa ke masole, hangata ba ne ba balehela metseng e nang le marako jwalo ka Jerusalema e le hore ba sireletsehe. E ne e tla ba ntho e sa utlwahaleng ho balehela dithabeng mme ho etsa jwalo ho ne ho tla hloka tumelo e matla.

10. Ho ba le tumelo e matla ho ne ho tla thusa Bakreste hore ba etseng? (Baheberu 13:17)

10 Bakreste ba Baheberu ba ne ba boetse ba lokela ho tshepa bao Jesu a ba sebedisang ho tataisa phutheho. Ho ka etsahala hore ba etellang pele ba ile ba fana ka ditaelo tse tobileng tsa hore na ba balehe neng le ka mokgwa o jwang. (Bala Baheberu 13:17.) Lentswe la Segerike le hlahang ho Baheberu 13:17 le fetoletsweng e le “mamelang,” le fana ka maikutlo a hore motho o susumelletseha ho mamela hobane a tshepa motho ya fanang ka tataiso. Sena ha se bolele ho mamela motho hobane feela a ena le matla a ho fana ka tataiso. Ka hoo, Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho ithuta ho tshepa ba etellang pele pele mahlomola a qala. Haeba Bakreste bao ba ne ba ka mamela ha ho ntse ho ena le kgotso, ho ne ho tla ba bonolo hore ba mamele ha ho hlaha mathata.

11. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re be le tumelo e matla jwalo ka Bakreste ba Baheberu?

11 Le rona re hloka ho ba le tumelo jwalo ka Bakreste ba Baheberu. Re phela nakong eo batho ba sa dumeleng hore bofelo bo a tla ebile ba a re soma hobane re kgolwa taba eo. (2 Pet. 3:​3, 4) Ho ekelletsa moo, le hoja Bibele e fana ka dintlha tse itseng tsa hore na ho tla etsahalang nakong ya mahlomola a maholo, ho ntse ho ena le dintho tse ngata tseo re sa di tsebeng. Re lokela ho ba le tumelo e matla ya hore bofelo ba lefatshe lena bo tla fihla ka nako e nepahetseng le hore Jehova o tla re hlokomela ka nako eo.—Hab. 2:3.

12. Re ka thuswa ke eng ho pholoha mahlomola a maholo?

12 Re boetse re lokela ho matlafatsa tshepo ya rona ya hore Jehova o sebedisa “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” ho re tataisa kajeno. (Mat. 24:45) Ha mahlomola a maholo a qala, re ka nna ra fuwa ditaelo tse tobileng e le hore re pholohe, jwalo ka ha e ka nna yaba Bakreste ba Baheberu ba ile ba di fuwa nakong eo masole a Baroma a neng a potapotile Jerusalema. Ena ke nako ya hore re matlafatse tshepo le kgodiseho ya rona tataisong eo re e fuwang ke ba etellang pele ka mokgatlong wa Jehova. Ha re a lokela ho lebella hore re tla latela tataiso ya bona ka kgodiseho nakong ya mahlomola a maholo haeba re hloleha ho e latela hona jwale.

13. Ke hobaneng ha keletso e ho Baheberu 13:5 e ne e hlokahala?

13 Ha Bakreste ba Baheberu ba ntse ba emetse ho bolellwa hore ba balehe, ba ne ba lokela ho phela bophelo bo itekanetseng, mme ‘ba se ke ba rata tjhelete.’ (Bala Baheberu 13:5.) Ba bang ba bona ba ile ba angwa ke tlala e kgolo le bofutsana. (Baheb. 10:​32-34) Le hoja qalong ba ne ba ikemiseditse ho mamella mathata ao ka lebaka la ditaba tse monate, ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba qala ho ipokella maruo e le hore a ka ba sireletsa. Empa tjhelete e ne e ke ke ya ba sireletsa nakong eo Jerusalema e timetswang. (Jak. 5:3) Ha e le hantle, ho ne ho ka ba boima ho motho ya ratang maruo hore a balehe mme a siye ntlo le dintho tsa hae.

14. Ho ba le tumelo e matla ho tla re thusa jwang ha re etsa diqeto tse mabapi le dintho tseo re nang le tsona?

14 Haeba re ena le tumelo e matla ya hore haufinyane Jehova o tla fedisa lefatshe lena le kgopo, re ke ke ra nahana hore ho ba le tjhelete e ngata ke yona ntho ya bohlokwa. Nakong ya mahlomola a maholo, tjhelete e tla be e se na thuso. Bibele e re batho “ba tla lahlela silevera ya bona diterateng” hobane ba tla hlokomela hore “silevera ya bona kapa kgauta ya bona e ke ke ya ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Ezek. 7:19) Ho ena le ho batla ho ba le tjhelete e ngata ka moo re ka kgonang, re lokela ho etsa diqeto tse tla re thusa ho hlokomela rona le ba malapa a rona le tse tla re fa monyetla wa ho sebeletsa Jehova. Seo se akareletsa ho qoba ho etsa dikoloto ho sa hlokahale kapa ho qoba ho sebedisa nako e ngata re hlokomela dintho tseo re nang le tsona. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi hore dintho tseo e se ke ya eba tsona tse tlang pele bophelong ba rona. (Mat. 6:​19, 24) Ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, re tla lokela ho kgetha hore na re tshepa Jehova kapa dintho tseo re nang le tsona.

“LE HLOKA HO BA LE MAMELLO”

15. Ke hobaneng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella?

15 Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho mamella ha ba ntse ba tswela pele ho sebeletsa Jehova hobane maemo a Judea a ne a ntse a mpefala. (Baheb. 10:36) Le hoja ba bang ba ile ba tobana le mahloriso a matla nakong e fetileng, ba bang ha ba a ka ba tobana le ona. Pauluse o ile a re le hoja ba ile ba mamella mathata ao a boima, ba lebelle ho hloriswa ho isa boholeng ba hore ba bolawe jwalo ka Jesu. (Baheb. 12:4) Bajuda ba bangata ba ne ba halefile haholo ba bile ba lwana hobane batho ba bangata e ne e eba Bakreste. Dilemo tse seng kae pele ho moo, batho ba bangata ba ile ba hlasela Pauluse ha a ntse a bolela ditaba tse monate Jerusalema. Bajuda ba fetang 40 ba ile “ba etsa mmommori wa ho bolaya Pauluse mme ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba mo bolaile.” (Dik. 22:22; 23:​12-14) Le hoja ba ne ba tla hlouwa le ho hloriswa, Bakreste ba ne ba lokela ho tswela pele ho bokana ha mmoho bakeng sa borapedi le ho bolela ditaba tse monate e le hore tumelo ya bona e dule e le matla.

16. Lengolo le yang ho Baheberu le ka re thusa jwang hore re be le maikutlo a nepahetseng ka mahloriso? (Baheberu 12:7)

16 Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka thuswa ke eng ho mamella kganyetso? Pauluse o ne a tseba hore ba lokela ho ba le maikutlo a nepahetseng ka diteko tsa bona. O ile a ba hlalosetsa hore Modimo a ka dumella hore ba hlahelwe ke mathata a lekang tumelo e le ho ba kwetlisa. (Bala Baheberu 12:7.) Kwetliso eo, e ne e ka ba thusa ho ba le makgabane a thabisang Jehova. Ba ne ba tla nolofallwa ke ho mamella ha ba nahana ka melemo e tliswang ke ho mamella diteko.—Baheb. 12:11.

17. Pauluse o ithutile eng ka ho mamella mahloriso?

17 Pauluse o ile a kgothaletsa Bakreste ba Baheberu ho mamella diteko ka sebete. O ne a le boemong bo botle ba ho fana ka kgothaletso eo. Jwalo ka ha a ile a hlorisa Bakreste, o ne a tseba hore na ba tla tshwarwa hampe hakae. O ne a boetse a tseba ho mamella mahloriso. Etswe o ile a hanyetswa ka ditsela tse ngata ka mora ho ba Mokreste. (2 Bakor. 11:​23-25) Ka hoo, Pauluse o ne a tseba hantle hore na ho hlokahala eng e le hore motho a mamelle. O ile a hopotsa Bakreste bao hore ha ba ntse ba mameletse diteko, ha ba a lokela ho itshepa empa ba lokela ho tshepa Jehova. Ba ne ba ka ba sebete ha ba ne ba ka hopola mantswe a Pauluse a reng: “Nke ke ka tshoha letho hobane Jehova ke mothusi wa ka.”—Baheb. 13:6.

18. Re tlo hlahelwa ke eng nakong e tlang, hona ke eng eo re lokelang ho e etsa hona jwale?

18 Bara ba bo rona ba bang ba mamelletse mahloriso hona jwale. Tsela e nngwe eo re ka bontshang hore re a ba rata ke ka ho ba rapella le ho ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang. (Baheb. 10:33) Le ha ho le jwalo, Bibele e bua ka ho hlaka hore “barutuwa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ba tla hloriswa.” (2 Tim. 3:12) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re lokela ho itokisetsa diteko tse tlang. Re lokela ho tshepa Jehova ka ho feletseng hona jwale, re ena le kgodiseho ya hore o tla re thusa ho mamella diteko tse ka nnang tsa re hlahela. Ka nako e loketseng, o tla imolla bahlanka ba hae ba tshepahalang.—2 Bathes. 1:​7, 8.

19. Re lokela ho etsang e le hore re itokisetse mahlomola a maholo? (Sheba setshwantsho.)

19 Ntle ho pelaelo, lengolo la Pauluse le yang ho Bakreste ba Baheberu le ile la ba thusa ho itokisetsa mahlomola a neng a tlo ba hlahela. Pauluse o ile a kgothaletsa bara babo hore ba ithute Mangolo ka hloko le hore ba a utlwisise haholwanyane. Ho etsa jwalo ho ne ho tla ba thusa hore ba hlokomele le ho hanyetsa dithuto tse neng di tla fokodisa tumelo ya bona. O ile a ba kgothaletsa ho matlafatsa tumelo ya bona e le hore hanghang ba ka latela keletso ya Jesu le ya ba etellang pele ka phuthehong. O ile a boela a thusa Bakreste bao hore ba mamelle diteko le hore ba di nke e le monyetla wa hore Ntate wa bona ya lerato a ba kwetlise. E se eka le rona re ka sebedisa keletso ena e tswang ka Bibeleng. Ha re etsa jwalo, re tla kgona ho mamella ka botshepehi ho fihlela qetellong.—Baheb. 3:14.

Bakreste ba tshepahalang ba ile ba hlohonolofatswa ka lebaka la mamello ya bona. Ka mora hore ba balehe Judea, ba ile ba tswela pele ho kopana. Re ithutang tabeng ee? (Sheba serapa sa 19)

PINA YA 126 Fadimehang, Emang le Tiile, Matlafalang

a Kgaolong ya pele, Pauluse o ile a qotsa Mangolo a Seheberu ka makgetlo a supileng ho paka hore tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona e betere ho feta tsela ya Bajuda.—Baheb. 1:​5-13.