Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?

Ke Hobaneng ha Modimo a sa Arabele Dithapelo Tsohle?

Ntate wa rona ya mahodimong Jehova Modimo, o ikemiseditse ho utlwa dithapelo tsa rona mme o thabiswa ke seo. Empa ho na le dintho tse ka etsang hore a se ke a di arabela. Ke dintho dife tseo, hona re lokela ho hopola eng ha re rapela? A re utlweng hore na Bibele e reng.

“Ha o rapela, o se ke wa phetapheta dintho tse tshwanang.”​—Matheu 6:7.

Jehova ha a batle hore re phethe dithapelo tseo esale re di tshwarella ka hlooho kapa re di bale bukeng. Ho ena le hoo, o batla hore re mo rapele ho tswa pelong. Nahana hore na o ka ikutlwa jwang ha motswalle wa hao a o bolella mantswe a tshwanang letsatsi le leng le le leng. Metswalle e bua ho tswa pelong mme e bua ka ntho e nngwe le e nngwe. Haeba re sebedisa mantswe a rona ha re bua le Ntate wa rona ya lehodimong, re tla be re bontsha hore re mo nka e le motswalle wa rona.

“Le a kopa, le ha ho le jwalo ha le amohele, hobane le kopa bakeng sa morero o fosahetseng.”​—Jakobo 4:3.

Re ke ke ra lebella hore Modimo a arabele dithapelo tsa rona haeba re mo kopa dintho tseo re tsebang hore ha a di batle kapa ha a batle hore re be le tsona. Ka mohlala, haeba motho a rata ho betjha mme a rapela Modimo hore ka lehlohonolo a fumane tjhelete, na Modimo o tla arabela thapelo e jwalo? O re bolelletse hore ha a batle hore re be meharo le hore re dumele ho dintho tseo eseng tsa sebele jwalo ka ho dumela ho mahlohonolo. (Esaia 65:11; Luka 12:15) Ha ho utlwahale hore re lebelle hore Jehova a arabele dithapelo tse jwalo. E le hore Jehova a arabele dithapelo tsa rona, re lokela ho etsa bonnete ba hore dintho tseo re di rapellang di dumellana le seo Bibele e se buang.

“Ya faposang tsebe ya hae hore e se ke ya utlwa molao​—esita le thapelo ya hae ke ntho e manyala.”​—Liproverbia 28:9.

Mehleng ya kgale, Modimo o ne a sa mamele dithapelo tsa batho ba neng ba sa mamele melao ya hae. (Esaia 1:15, 16) Modimo o ntse a so fetohe le kajeno. (Malakia 3:6) Haeba re batla hore Modimo a mamele dithapelo tsa rona, re tlameha ho etsa sohle seo re ka se kgonang hore re mamele melao ya hae. Hothweng haeba re ile ra etsa dintho tse mpe nakong e fetileng? Na seo se bolela hore Jehova a ke ke a mamela dithapelo tsa rona? Ha ho jwalo. Modimo o tla re tshwarela haeba re bontsha hore re ikwahlaela dintho tse mpe tseo re ileng ra di etsa.​—Liketso 3:19.