Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KANTLE | AMOHELA MPHO YA BOHLOKWA E TSWANG HO MODIMO!

O ka Bontsha Jwang Hore O Ananela Mpho eo Modimo a o Fileng Yona?

O ka Bontsha Jwang Hore O Ananela Mpho eo Modimo a o Fileng Yona?

Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shwela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ya ileng a ba shwela.”​2 Bakorinthe 5:14, 15.

MPHO eo Modimo a re fileng yona e etsa hore re batle ho mo etsetsa ho itseng. Jesu o ile a bua ka sena kamora ho fodisa banna ba leshome ba neng ba tshwerwe ke lefu le bohloko, le neng le se na pheko ka nako eo. E mong wa banna bao o ile a kgutlela ho Jesu ho ya mo leboha, “a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng.” Jesu o ile a re ho yena: “Ho hlwekisitswe kapa ho fodisitswe ba leshome, na ha ho jwalo? Jwale, ba bang ba robong ba hokae?” (Luka 17:12-17) Re ithutang ho sena? Ho ka ba bonolo ho lebala diketso tse mosa tseo ba bang ba re etseditseng tsona.

Thekollo e fapane hole le dimpho tse ding. Ke mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa. Jwale, o lokela ho etsang ho bontsha hore o ananela seo Modimo a o etseditseng sona?

  • Tseba Mofani wa mpho eo haholwanyane. Thekollo ha e fe batho bophelo bo sa feleng ka mohlolo. Ho e na le hoo, Jesu o ile a bua ka sena thapelong ha a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Haeba o ne o ka bolellwa hore motho ya itseng o pholositse bophelo ba hao ha o sa le ngwana, na o ne o ke ke wa batla ho tseba haholwanyane ka motho eo le hore o ile a susumetswa keng? Jehova Modimo, ya ileng a fana ka mpho ya thekollo e pholosang bophelo, o batla hore o mo tsebe le hore o be motswalle wa hae. Bibele e re ho rona: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.”—Jakobo 4:8.

  • Bontsha tumelo sehlabelong sa thekollo. Bibele e re: “Ya bontshang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Ho bolelang ho bontsha tumelo? Ho bolela ho etsa diketso tse bontshang hore o na le tumelo sehlabelong sena sa thekollo. (Jakobo 2:17) Ke diketso tsa mofuta ofe tseo ho buuwang ka tsona ? Haeba motho a o fa mpho mme o e nka o bontsha hore o a e amohela. Jwale, o lokela ho etsa se tshwanang ka mpho ya thekollo. Ka tsela efe? Ithute kamoo Modimo a batlang hore o phele kateng mme o sebedise seo o ithutang sona. * Rapela mme o kope hore Modimo a o tshwarele le hore a o thuse ho ba le letswalo le hlwekileng. Haeba o bontsha tumelo sehlabelong sa thekollo, o tla ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le renang kgotso le le sireletsehileng.—Baheberu 11:1.

  • E ya Sehopotsong sa lefu la Jesu. Jesu o ile a theha mokete wa selemo le selemo o re thusang ho ikgopotsa ka mpho ya thekollo. Ha a bua ka mokete ona, Jesu o ile a re: “Le nne le etse sena ho nkgopola.” (Luka 22:19) Dipaki Tsa Jehova di tla ikgopotsa lefu la Jesu ka Labobedi, la la 11 April 2017, kamora hore letsatsi le dikele. Ketsahalong ena e ka nkang hora, ho tla ba le puo ya Bibele e hlalosang bohlokwa ba lefu la Jesu le melemo eo re e fumanang ka lebaka la lona. Selemong se fetileng, batho ba ka bang dimilione tse 20 lefatsheng lohle ba ile ba ya Sehopotsong. Re o mema hore o be le rona ha re tla be re bontsha hore re ananela mpho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Modimo a re fileng yona.

^ par. 7 Tsela e molemo ya ho tseba haholwanyane ka Modimo ke ho ithuta Lentswe la hae, e leng Bibele. Kopa e mong wa Dipaki Tsa Jehova ho o bontsha hore o ka ithuta Bibele jwang kapa o kene websaeteng ya rona ho www.pr418.com/jw-ssa.