Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditshepiso Tsa Modimo Tse Tlo Phethahala

Ditshepiso Tsa Modimo Tse Tlo Phethahala

Jesu o ile a bolela e sa le pele hore ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo di ne di tla bolelwa lefatsheng lohle. (Matheu 24:14) Lengolo la Daniele le re Mmuso oo ke wa Modimo. Kgaolo ya bobedi ya lengolo lena e bua ka boprofeta ba ha ho ne ho thehwa e meng ya mebuso ya batho e neng e hlahelletse ho tloha mehleng ya Babylona ho fihlela hona jwale. E le hore re utlwe ho eketsehileng ka se tlo etsahala nakong e tlang, temana ya 44 e re:

“Modimo wa lehodimo o tla emisa mmuso o ke keng wa senngwa le ka mohla. Mmuso oo o ke ke wa fetisetswa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela, mme o tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang.”

Boprofeta bona le bo bong bo re bolella hore Mmuso wa Modimo o tla nkela mebuso ya batho sebaka mme o tla etsa hore dintho di tsamaye ka tsela e hlophisehileng. Ebe bophelo bo tla ba jwang tlasa Mmuso oo? A re boneng tse ding tsa ditshepiso tse babatsehang tse tla phethahala haufinyane.

  • HA HO SA TLA BA LE DINTWA

    Pesaleme ya 46:9: “[Modimo] o fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe. O roba seqha mme o robakanya lerumo; o tjhesa dikoloi mollong.”

    A ko nahane feela hore na lefatshe le tla ba jwang haeba tjhelete le tsebo, tseo hona jwale di sebedisetswang ho etsa dibetsa tse kotsi, di se di sebedisetswa merero e tla tswela batho molemo ho ena le ho ba bolaya. Tshepiso ena e tla phethahala tlasa Mmuso wa Modimo.

  • HA HO SA TLA BA LE BOKUDI

    Esaia 33:24: “Ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’”

    Nahana feela hore na lefatshe le tla ba jwang ha re se re sa tshwarwe ke lefu la pelo, kankere, malaria kapa bolwetse le ha e le bofe. Re tla be re se re sa hloke meriana le ho ya dipetlele. Re tla ba le bophelo bo botle.

  • HA HO SA TLA BA LE KGAELLO YA DIJO

    Pesaleme ya 72:16: “Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; Ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”

    Ho tla ba le dijo tse ngata lefatsheng bakeng sa motho e mong le e mong. Ha ho sa tla ba le tlala le mafu a bakwang ke ho se je hantle.

  • HA HO SA TLA BA LE BOHLOKO, MASWABI LE LEFU

    Tšenolo 21:4: “[Modimo] o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng. Dintho tsa pele di fetile.”

    Re tla phela ka ho sa feleng re phethahetse ha lefatshe le se le entswe paradeise. Sena ke seo Mmopi wa rona ya lerato Jehova Modimo a re tshepisang sona.

“KA SEBELE LE TLA ATLEHA”

Na o nahana hore see se tla fela se phethahale? Le hoja batho ba bangata ba ka thabela ho phela lefatsheng lena leo Modimo a re tshepisang lona, ka mabaka a fapaneng ba bang ba bona ho le thata ho dumela hore ba tla phela ka ho sa feleng. Sena ha se makatse ka ha ha hona motho ya kileng a phela ka ho sa feleng.

Ha e sa le batho ba le bokgobeng ba sebe le lefu mme ka nako e telele ba tshwengwa ke ho kula le ho utlwa bohloko, e leng se etsang hore ba qetelle ba se ba nka hore ena ke yona tsela ya bophelo. Empa sena ha se seo Mmopi wa rona Jehova Modimo a neng a se reretse batho.

E le hore re be le kgodiseho e felletseng ya hore ditshepiso tsa Modimo di tla phethahala, ntle ho qeaqeo o re lentswe la hae: “Le ke ke la kgutlela ho nna le se na ditholwana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, mme ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Ka Bibeleng Jehova o hlaloswa e le Modimo “ya ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Jwalo ka ha a re tshepisitse bokamoso bona bo hlollang, ke hantle hore re ke re ipotse dipotso tse latelang: Na ho ka etsahala hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatsheng le tshepisitsweng la Paradeise? Re tlameha ho etsang e le hore re phele ka ho sa feleng? Maqepheng a latelang a makasine ena o tla fumana boitsebiso bo eketsehileng bo tla o thusa ho fumana dikarabo tsa dipotso tsena.