Bopaki bo sa Tsejweng bo Netefatsang Boprofeta ba Bibele
TOROPONG YA ROMA E ITALY HO NA LE HEKE YA TLHOLO E KGAHLANG MOTHO E MONG LE E MONG YA YANG MOO. HEKE ENA E TLOTLISA E MONG WA MARENA A ROMA, E LENG TITUS.
Heke ya Titus e na le ditshwantsho tse pedi tse kgolo tse tshwantshetsang ketsahalo e tsebahalang haholo historing. Le ha ho le jwalo, ntho eo batho ba sa e tsebeng ke hore ho na le kamano e itseng pakeng tsa heke ena le Bibele. Heke ya Titus e fana ka bopaki ba hore boprofeta ba Bibele bo nepahetse.
MOTSE O AHLOTSWENG
Mehleng ya Jesu, Mmuso wa Roma o ile wa busa ho tloha Britain ho ya France le ho ya fihla Egypt, mme dibaka tsena di ile tsa thabela bophelo bo monate. Empa provense ya Judea e ne e dula e bakela Mmuso wa Roma pherekano.
Buka e bitswang Encyclopedia of Ancient Rome e re: “Judea ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tse neng di sa rate ho ba tlasa puso ya Roma. Bajuda ba ne ba sa rate balaodi bana, ba neng ba sa utlwisisi ditlwaelo tsa Sejuda, ha ka lehlakoreng le leng Baroma bona ba ile ba nka hore Bajuda ba manganga e leng se ileng sa etsa hore ba ba felle pelo.” Bajuda ba bangata ba ne ba na le tshepo ya hore Mesia o ne a tla ba pholosa ho Baroma mme a kgutlisetse Iseraele boemong boo e neng e le ho bona pele. Empa ka selemo sa 33, Jesu Kreste o ile a bolela hore Jerusalema e tla fediswa.
Jesu o itse: “Matsatsi a tla o tlela ha dira tsa hao di tla haha thibello e nang le dithupa tse ntjhotjho ho o dikoloha mme di tla o potapota di o bakele mahlomola ka mahlakoreng ohle, mme di tla o tabanya fatshe le bana ba hao ba ka hare ho wena, mme di ke ke tsa tlohela lejwe hodima lejwe ho wena.”—Luka 19:43, 44.
Ho a hlaka hore mantswe ana a Jesu a ile a etsa hore barutuwa ba hae ba eme hlooho. Matsatsi a mabedi ka mora moo, ha ba ntse ba shebile tempele ya Jerusalema, e mong wa bona o ile a re: “Mosuwe, bona! hore na ke majwe a mofuta ofe le mehaho ya mofuta ofe!” Ha e le hantle, ho bontshwa hore majwe a mang a tempele a ne a le bolelele ba dimithara tse fetang tse 11, bophara ba dimithara tse 5 le bophahamo ba dimithara tse tharo! Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a ba araba ka hore: “Ha e le dintho tsena tseo le di bonang, matsatsi a tla tla ao ka ona ho seng lejwe le tla tlohelwa hodima lejwe le leng mona mme le se ke la heletswa.”—Mareka 13:1; Luka 21:6.
Jesu o ile a eketsa ka hore: “Ha le bona Jerusalema e dikadikeditswe ke mabotho a diahelong, jwale le tsebe hore ho etswa lesupi ha yona ho atametse. Jwale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela dithabeng, mme ba ka hare ho yona ba tlohe, mme ba dibakeng tse ka thoko ba se ke ba kena ka hara yona.” (Luka 21:20, 21) Na mantswe a Jesu a ile a phethahala?
MOTSE O A TIMELA
Ho ile ha feta dilemo tse 33 Judea e ntse e le tlasa kgatello e matla ya Mmuso wa Roma. Empa ka selemo sa 66, moemedi wa Roma e leng Gessius Florus o ile a hapa thepa e halalelang ya tempele mme sena se ile sa halefisa Bajuda haholo. Nakwana ka mora moo, Bajuda ba ile ba futuhela masole a Roma a neng a le Jerusalema mme ba a bolaya. Ka hoo, sena se ile
sa etsa hore Bajuda ba itokolle tlasa Mmuso wa Roma.Dikgwedi tse tharo ha morao, masole a Roma a fetang 30 000 a neng a etellwa pele ke Cestius Gallus, a ile a ya Jerusalema e le ho fedisa borabele ba Bajuda. Ka potlako Baroma bao ba ile ba hlasela motse, ba ba ba kena tempeleng jwalo ka ha eka ho ne ho sena lebota le e sireleditseng. Le ha ho le jwalo, ka mabaka a sa tsejweng ba ile ba kgutlela morao. Marabele a Bajuda a ile a thaba ya ba ka yona nako eo a a ba lelekisa. Ka mora hore marabele ao a tsamaye, Bakreste ba ile ba mamela temoso ya Jesu mme ba balehela dithabeng tse ka nqane ho Noka ya Jordane.—Matheu 24:15, 16.
Selemong se latelang Roma e ile ya boela ya futuhela Judea, e etellwa pele ke Molaodi Vespasian le mora wa hae Titus. Le ha ho le jwalo, ka selemo sa 68 ka mora hore Moemphera Nero a shwe, Vespasian o ile a kgutlela Roma hore a nke Puso, a siya mora wa hae Titus hore a futuhele Judea ka masole a ka bang 60 000.
Selemong sa 70 ka June, Titus o ile a laela masole a hae hore a kgaole difate tse neng di le ka thoko ho motse wa Judea, tseo a ileng a di sebedisetsa ho haha lebota le bolelele ba dikhilomithara tse 7, ho potoloha Jerusalema. Ka September, Baroma ba ile ba nka ntho e nngwe le e nngwe, ya ba ka mora moo ba tjhesa motse le tempele, le ho heletsa majwe ohle feela jwalo ka ha Jesu a ne a boletse e sa le pele. (Luka 19:43, 44) Dipatlisiso tse entsweng di bontsha hore “batho ba dimilione ba ile ba fediswa hammoho le naha yohle.”
TLHOLO YA TITUS
Ka selemo sa 71, Titus o ile a kgutlela Italy mme baahi ba Roma ba ile ba mo amohela ka thabo. Batho bohle ba ile ba keteka tlholo ena e kgolo eo le ka mohla e so kang e ba teng motseng oo.
Batho ba bangata ba ile ba hlollwa ha ba bona dintho tse ngata tse neng di hapuwe Judea. Hara tse ding tsa dintho tseo ba neng ba di hapile e ne e le dikepe tse kgolo, le dintho tseo ba neng ba di nkile tempeleng Jerusalema.
Ka selemo sa 79, Titus o ile a qala ho busa ka mora hore ntate wa hae Vespasian a hlokahale. Empa dilemo tse pedi hamorao, Titus o ile a shwa ka tshohanyetso. Abuti wa hae Domitian, o ile a busa mme a hahela Titus heke ya tlholo e le ho mo tlotlisa.
HEKE YA TITUS KAJENO
Selemo le selemo batho ba bangata ba tjhakelang Roman Forum, ba tsota Heke ena ya Titus. Batho ba bang ba nka Heke ena e le ntho e ntle ka ho fetisisa, ba bang ba e tadima e le pontsho ya hore Roma ke Mmuso o matla, ha ba bang bona ba e nka e le sehopotso sa ho dihuwa ha Jerusalema le tempele ya yona.
Le ha ho le jwalo, babadi ba Bibele bona ba nka Heke ya Titus e bolela ho hongata. Ba e nka e le bopaki bo totobatsang hore boprofeta ba Bibele bo a tshepahala hape ke nnete, ebile bo buduletswe ke Modimo.—2 Petrose 1:19-21.