Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lefatshe le Tlo Fediswa?

Na Lefatshe le Tlo Fediswa?

Mohlomong o kile wa hlokomela hore Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe. (1 Johanne 2:​17) Na see se bolela hore ha ho sa tla ba le batho ba phelang lefatsheng? Na lefatshe le tla fediswa?

BIBELE E RE KARABO YA DIPOTSO TSEO TSE PEDI KE TJHE!

Ha ho Tlo Fediswa

BATHO KAOFELA

Bibele e re: Modimo ‘ya sa kang a bopela [lefatshe] lefeela, ya le etseditseng hore le be le baahi.’ ​—ESAIA 45:18.

LEFATSHE

Bibele e re: “Moloko o a ya, mme moloko o a tla; empa lefatshe le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetswang.” ​—MOEKLESIA 1:4.

TABA EE E BOLELANG? Bibele e hlalosa hore lefatshe le ke ke la fediswa empa ho tla dula ho na le batho ba phelang ho lona. Jwale, polelo e reng bofelo ba lefatshe e bolelang?

NAHANA KA SENA: Bibele e bapisa bofelo ba lefatshe lena le se ileng sa etsahala mehleng ya Noe. Mehleng ya Noe, lefatshe le ne le “tletse pefo” kapa dintwa. (Genese 6:​13) Le ha ho le jwalo, Noe e ne e le monna ya lokileng. Modimo o ile a sireletsa Noe le lelapa la hae empa a fedisa batho ba kgopo ka morwallo. Ha Bibele e bua ka se ileng sa etsahala mehleng eo, e re: “Lefatshe la nakong eo le ile la timela ha le kwahelwa ke metsi.” (2 Petrose 3:⁠6) Boo e ne e le bofelo ba lefatshe. Empa ha e le hantle ke eng e ileng ya fediswa? E ne e se lefatshe [polanete] empa e ne e le batho ba kgopo ba dulang ho lona. Ka hoo, ha Bibele e bua ka bofelo ba lefatshe ha e bue ka ho fediswa ha polanete kapa sebaka empa e bua ka ho fediswa ha dintho tse mpe le batho ba kgopo.

Ke Eng e Tla Fediswa?

MATHATA LE BOKGOPO

Bibele e re: “Ho setse nakwana e seng kae, mme ya kgopo ha a sa tla hlola a eba teng; ka sebele o tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, mme o tla be a le siyo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatshe, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng kgotsong e ngata.”​—PESALEME YA 37:​10, 11.

TABA EE E BOLELANG? Morwallo wa mehleng ya Noe ha o a ka wa fedisa bokgopo ka ho felletseng. Ka mora Morwallo, batho ba kgopo ba ile ba boela ba phedisa batho ha bohloko. Le ha ho le jwalo, haufinyane Modimo o tla fedisa bokgopo. Mopesaleme o ile a re: “Ya kgopo ha a sa tla hlola a eba teng.” Modimo o tla fedisa bokgopo a sebedisa Mmuso wa hae o lehodimong o busang batho ba mo mamelang.

NAHANA KA SENA: Na baetapele ba lefatshe ba busang hona jwale ba tla tshehetsa Mmuso wa Modimo? Bibele e re ba tla o hanyetsa. (Pesaleme ya 2:⁠2) Ho tla etsahalang ka mora moo? Mmuso wa Modimo o tla fedisa mebuso ya batho mme wa hae “o tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang [ka ho sa feleng].” (Daniele 2:​44) Ke hobaneng ha mebuso ya batho e lokela ho fediswa?

Mebuso ya Batho e Lokela ho Fediswa

Bibele e re: “Ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.”​—⁠JEREMIA 10:​23.

TABA EE E BOLELANG? Batho ba ne ba sa bopelwa hore ba buse batho ba bang ka ha ha ba na bokgoni ba ho rarolla mathata a bona.

NAHANA KA SENA: Buka ya Britannica Academic e re: “Mebuso lefatsheng lohle e hloleha ho fedisa mathata a kang bofutsana, tlala, malwetse, dikoduwa tsa tlhaho le dintwa.” E tswela pele ka ho re: “Batho ba bang . . . ba dumela hore haeba mebuso e teng kaofela lefatsheng e ka ikopanya mme ya ba mmuso o le mong, mmuso oo o tla kgona ho fedisa mathata ao re nang le ona.” Le ha mebuso ya batho kaofela e ka ikopanya, lefatshe le tla dula le buswa ke batho ba etsang diphoso le ba hlolehang ho fedisa mathata ao re seng re buile ka ona ka hodimo. Ke Mmuso wa Modimo feela o nang le matla a ho fedisa mathata ao re nang le ona.

Bibele e re batho ba mamelang Modimo ha ba a lokela ho tshoswa ke bofelo ba lefatshe. Ho e na le hoo, tsena ke ditaba tse monate hobane Modimo o tla lokisa lefatshe lena le senyehileng hore e be lefatshe le letjha.

Dintho tsee kaofela di tla etsahala neng? Sehloohong se latelang re tla fumana karabo e tswang ka Bibeleng.