Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Jwang o ka Fumanang Bophelo ba Sebele?

Ke Jwang o ka Fumanang Bophelo ba Sebele?

KAJENO batho ha ba phele ho ya ka tsela eo Modimo a neng a batla hore ba phele ka yona. Lefatsheng ho ne ho lokela hore ebe ho phela batho ba batlang ho buswa ke Mmopi wa rona mme ba bontshe lerato le makgabane a tshwanang le a hae. Modimo o ne a batla hore batho kaofela ba thabele bophelo ha ba ntse ba eketsa malapa, ba ithuta dintho tse ntjha ebile ba etsa ho re lefatshe e be paradeise.

MODIMO O TSHEPISA HO ETSA HORE LEFATSHE LE BE KA MOO A NENG A BATLA HORE LE BE KA TENG PELE

  • “O fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe.”​Pesaleme ya 46:9.

  • “[Ho na le] nako e behilweng . . . ho fedisa ba senyang lefatshe.”​Tšenolo 11:18.

  • “Ha ho moahi ya tla re: “Ke a kula.”​Esaia 33:24.

  • “Ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo.”​Esaia 65:22.

Boprofeta boo bo tla phethahala jwang? Modimo o kgethile mora wa hae Jesu hore e be Morena ya tla busa a le lehodimong a busa lefatshe. Bibele e re mmuso oo ke Mmuso wa Modimo. (Daniele 2:​44) Bibele ha e bua ka Jesu e re: “Modimo o tla mo fa terone. . .  mme o tla busa e le morena.”​—Luka 1:32, 33.

Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a etsa mehlolo e mengata, e le ha a bontsha hore bophelo bo tla ntlafala ha a se a busa e le Morena.

JESU O ILE A BONTSHA DINTHO TSE NTLE TSEO A NENG A TLA DI ETSETSA BATHO BA MAMELANG

  • O ile a fodisa batho ba kulang e le ha bontsha hore o tla fedisa malwetse.​Matheu 9:35.

  • O ile a kgutsisa lewatle, e le ha bontsha hore o tla sireletsa batho kgahlanong le matla a tlhaho.​Mareka 4:36-39.

  • O ile a fa batho ba bangata dijo, e le ha a bontsha hore o tla hlokomela batho.​Mareka 6:41-44.

  • Ha a ne a le lenyalong, o ile a fetola metsi veine ho bontsha hore o tla etsa hore batho ba thabele bophelo.​Johanne 2:7-11.

Ke jwang o ka fumanang bophelo boo Modimo a bo batlelang batho ba mo ratang? Ho na le seo o lokelang ho se etsa. Bibele e re o lokela ho batla ‘tsela e isang bophelong, mme ke ba seng bakae ba e fumanang.’​—Matheu 7:14.

KE JWANG RE KA FUMANANG TSELA E ISANG BOPHELONG BA SEBELE?

Tsela e isang bophelong keng? Modimo o re: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna Ya o rutang hore o itswele molemo, Ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Esaia 48:17) Haeba o mamela keletso ena bophelo ba hao ba tla ntlafala.

Jesu o ile a re: “Ke nna tsela le nnete le bophelo.” (Johanne 14:6) Ka hoo, haeba re etsisa mohlala wa Jesu re tla atamela haufi le Modimo mme bophelo ba rona bo tla ntlafala.

Ke jwang re ka fumanang tsela e isang bophelong? Ho na le madumedi a mangata. Empa Jesu o ile a re: “Ha se e mong le e mong ya reng ho nna, ‘Morena, Morena,’ ya tla kena mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.” (Matheu 7:21) O ile a boela a re: “Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona.” (Matheu 7:16) Bibele e ka o thusa hore o kgetholle hore na bodumedi ba nnete ke bofe.​—Johanne 17:17.

Ke jwang o ka tsamayang tseleng e isang bophelong? Pele o lokela ho ithuta ka Mmopi wa rona, hore na ke mang? Lebitso la hae ke mang? O jwang? Keng seo a re etsetsang sona? Keng seo a batlang hore re se etse? *

Modimo o ne sa bopela batho hore feela ba sebetse, ba je, ba bapale le ho ba le malapa. Re ka tseba Mmopi wa rona mme ra ba metswalle ya hae. Re ka bontsha hore re a mo rata ka hore re etse thato ya hae. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswelapele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete.”​—Johanne 17:3.

LENTSWENG LA HAE BIBELE MODIMO O RE RUTA HORE RE “ITSWELE MOLEMO.”​—ESAIA 48:17

KENG EO O LOKELANG HO E ETSA E LE HORE O TSAMAYE TSELENG EE?

Haeba re tseba hore na Modimo o batla hore re etseng, re tla lokela ho etsa diphetoho mme ho etsa jwalo ho ka bonahala ho le thata. Empa nnete ke hore bophelo ba rona bo tla ntlafala haeba re tsamaya tseleng ena e isang bophelong. Ho fumana dikarabo tsa dipotso tse mabapi le Modimo, Dipaki Tsa Jehova di ka rata ho ithuta Bibele le wena ka nako le sebaka se o loketseng. Kapa o ka kena websaeteng ya Jw.org/st-za.