Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha ho na le Dibibele Tse Ngata Hakaale Tse sa Tshwaneng?

Ke Hobaneng ha ho na le Dibibele Tse Ngata Hakaale Tse sa Tshwaneng?

Ke hobaneng ha ho na le diphetolelo tsa Dibibele tse ngata hakaale tse sa tshwaneng matsatsing ana? Na o bona eka diphetolelo tsee di tla o etsa hore o utlwisise Bibele kapa di tla o lahla le ho feta? Ho ithuta ka mohlodi wa tsona, ho tla o thusa hore o di hlahlobisise ka bohlale.

Le ha ho le jwalo, ke mang ya ngotseng Bibele, hona neng?

BIBELE YA PELE

Bibele e arotswe ka dikarolo tse pedi. Karolo ya pele e na le mangolo a 39 a nang le “diphatlalatso tse halalelang tsa Modimo.” (Baroma 3:2) Modimo o sebedisitse moya wa hae o halalelang ho budulela banna ba tshepahalang hore ba ngole mangolo ana. Ba entse seo ka dilemo tse ka bang 1 100 e leng ho tloha ka selemo sa 1513 mehleng ya bo Moshe ho fihlela ka 443. Ho bonahala ha ba ngotse boholo ba mangolo ana ka Seheberu, ke kahoo a bitswang Mangolo a Seheberu, a boetseng a tsejwang e le Testamente ya Kgale.

Karolo ya bobedi e na le mangolo a 27 ao le ona e leng “Lentswe la Modimo.” (1 Bathesalonika 2:13) Modimo o ile a budulela barutuwa ba Jesu Kreste hore ba a ngole ka dilemo tse ka bang 60 e leng ho tloha ka selemo sa 41 ho ya ho sa 98 mehleng eo ya baapostola. Ho bonahala ha ba ngotse boholo ba mangolo ana ka Segerike, ke ka hoo a bitswang Mangolo a Segerike a Bakreste, a boetseng a tsejwang e le Testamente e Ntjha.

Kaofela mangolo ana ha a kopane a 66 mme a etsa Bibele e feletseng, e leng molaetsa wa Modimo o yang ho batho. Empa potso ke hore na ke hobaneng ha ho entswe diphetolelo tse ding hape tsa Bibele? A re boneng mabaka a mararo a boletsweng mona.

  • Hore batho ba kgone ho bala Bibele ka puo eo ba e antseng letsweleng.

  • Ho tlosa diphoso tse entsweng ke bakopitsi mme ho kgutlisetswe mantswe a Bibele ya pele.

  • Ho sebedisa puo e seng e buuwa.

Ela hloko hore na ke jwang mabaka ana e leng a bohlokwa.

SEPTUAGINT YA SEGERIKE

Dilemo tse ka bang 300 pele ho mehla ya Jesu, ditsebi tse ding tsa Bajuda di ile tsa qala ho fetolela Mangolo a Seheberu ka Segerike. Phetolelo ena e ile ya tsebahala e le Septuagint ya Segerike. Ebe ke hobaneng ha e ile ya etswa? Ho thusa Bajuda ba bangata bao ka nako eo, ba neng ba se ba bua Segerike hore ba utlwisise dingolwa tse halalelang le ho feta.​—2 Timothea 3:15.

Septuagint ena, e ile ya boela ya thusa batho ba dimilione bao e neng e se Bajuda ba neng ba bua Segerike, hore ba tsebe seo Bibele e se rutang. Empa jwang? Moprofesa W. F. Howard o re: “Ho tloha dilemong tsa bo 50, Septuagint e ile ya ba Bibele ya Kereke ya Bokreste, eo barumuwa ba yona ba neng ba ya synagoge ka synagoge ba ‘paka ka mangolo hore Mesia ke Jesu.’” (Liketso 17:3, 4; 20:20) Setsebi se seng sa Bibele se bitswang F. F. Bruce sona se re: “Leo ke lebaka leo ka lona Bajuda hamorao ba ileng ba kgaotsa ho rata Septuagint.”

Ha barutuwa ba Jesu ba ntse ba fumana Mangolo a Segerike a Bakreste, ba ne ba a kopanya le phetolelo ya Septuagint ya Mangolo a Seheberu. E ile ya qetella e le Bibele e feletseng eo re nang le yona kajeno.

BIBELE YA SELATINE E BITSWANG VULGATE

Hoo e ka bang dilemo tse 300 ka mora hore Bibele e qetwe ho ngolwa, setsebi se seng sa bodumedi se bitswang Jerome, se ile sa etsa phetolelo ya Bibele ya Selatine eo e ileng ya qetella e le Vulgate ya Selatine. Ke hobaneng ha ho ne ho hlokahala hore ho etswe e ntjha, feela ho ne ho se ho ntse ho na le diphetolelo tse fapaneng tsa Selatine? Buka e bitswang The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Jerome o ne a batla ho lokisa phetolelo tse fosahetseng, diphoso tse totobetseng le moo ho kentsweng kapa ho ntshitsweng mantswe ho sa tshwanela.”

O ile a hla a lokisa diphoso tse ngata. Empa ha nako e ntse e ya, baetapele ba bodumedi ba ile ba tlisa tshenyo e kgolo! Ba ile ba bolela hore Vulgate ya Selatine e se e le yona feela Bibele e tla sebediswa! Ka ha jwale ha dilemo ntse diya batho ba bangata ba ne ba sa tsebe Selatine ho hang, Vulgate e ne e se e sena thuso.

HO ETSWA DIBIBELE TSE DING HAPE

Ka lehlakoreng le leng, batho ba ne ba ntse ba tswela pele ho etsa diphetolelo tse ding hape tsa Bibele. E nngwe e tsebahalang ke e bitswang Peshitta ya Sesyria ya dilemong tsa bo 400. Empa tseo e ne e le dinyane, hobane dilemong tsa bo 1300 hamorao, ho ile ha ba le tse ngata tse etswang e le hore esita le batho ba sa rutehang, ba ka kgona ho ipalla ka puo eo ba e antseng.

Ho elella qetellong ya bo 1300, John Wycliffe wa England, o ile a qala ho fetolela Bibele ka Sekgowa, e leng puo eo batho ba neng ba e utlwisisa hantle. Nakwana ka mora moo, Johannes Gutenberg, o ile a qala mekgwa ya ho printa. Sena se ile sa nolofalletsa ditsebi tse ngata tsa Bibele ho etsa le ho fana ka diphetolelo tsa Bibele ka dipuo tse ngata tse sa tshwaneng Europe kaofela.

Ha diphetolelo tsa Sekgowa di ntse di etswa ka bongata, bahlahlobisisi ba ile ba bona ho se bohlokwa hore ho etswe Dibibele tse eketsehileng ka puo eo. Moruti e mong wa dilemong tsa bo 1700, ya bitswang John Lewis o re: “Puo e tswa fesheneng hoo e qetellang e se e sa utlwisisehe, ka labaka leo, ho a hlokahala hore ho nne ho ntjhafatswe phetolelo ho e etsa hore e be ka puo eo moloko wa ka nako eo o e buang.”

Ebile matsatsing ana ho se ho le bonolo ho feta le ha e le neng pele hore ditsebi tsa Bibele di ntjhafatse diphetolelo tsa kgale. Lebaka ke hobane di utlwisisa dipuo tsa kgalekgale tse neng di sebediswa ha ho ne ho ngolwa Bibele. Ebile ntho e monate ke hore, ba na le Dibibele tse ngotsweng ka letsoho tse sa tswa fumanwa haufinyana tjena. Sena se ba thusa hore ba etse phetolelo e tshwanang hantle le ya Bibele ya pele.

Kahoo, re a hlokomela hore diphetolelo tsa Dibibele tse ntjhafaditsweng ke tsa bohlokwa hakaakang! Le ha ho le jwalo, ho ntse ho hlokahala hore o be sedi haholo ka hore na o sebedisa efe. * Empa haeba ehlile bafetoledi ba susumetswa ke ho rata Modimo ha ba ntse ba fetolela Bibele, mosebetsi oo wa bona, o tla tswela ba bangata molemo.

 

^ par. 24 Sheba sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?” makasineng ya Molula-Qhooa ya May 1, 2008.