Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | KE MPHO EFE E MOLEMO HO DI FETA KAOFELA

Ho Fana ka Mpho e Molemohadi

Ho Fana ka Mpho e Molemohadi

Ha ho bonolo ho tseba hore na motho o tla thabela mpho eo o batlang ho mo fa yona kapa tjhe. Ka ha ke yena fela ya tsebang hore na mpho ya bohlokwa ho yena ke ya mofuta ofe. Seo motho e mong a se ratang, e ka nna ya se ke yaba seo ba bang ba tla se rata.

Ka mohlala, motjha a ka nna a nka mpho ya bohlokwa ho yena e le sesebediswa sa moraorao sa theknoloji. Athe ha e le motho ya seng a hodile yena, a ka thabela ho fuwa mpho e molemohadi jwalo ka lefa. Batho ba ditso tse ding ba bona ho le betere ho fana ka tjhelete e le hore motho a ka ithekela ntho eo a e batlang.

Ho sa tsotellehe maemo, batho ba bangata ba ntse ba batla mekgwa ya ho fana ka mpho e tla thabisa bao ba ba ratang. Le hoja ho fana ka mpho eo motho a hlileng a e ratang ho se bonolo, ho tseba dintlha tse latelang ho tla o thusa hore o atlehe. A re hlahlobe dintlha tse nne tse tla o thusa hore o fe motho mpho e tla mo kgotsofatsa.

Dintho tseo a di ratang. Monna e mong ya dulang Belfast, Northern Ireland, o re ha a le dilemo di 10 kapa 11, o ile a fuwa baesekele ya mabelo mme a e nka e le mpho e molemohadi eo a kileng a ba le yona. Ebe ke hobaneng ha a ne a ikutlwa jwalo ka mpho eo? O re: “Ke hobane haesale ke e batla.” Mantswe ao a bontsha hore ha o tseba dintho tseo motho a di ratang hantle, o tla mo fa mpho eo a tla e nka e le ya bohlokwa. Kahoo, nahana ka motho eo o batlang ho mo fa mpho. Leka ho nahana ka dintho tseo a di nkang e le tsa bohlokwa, hobane ha e le hantle ke tsona dintho tseo a di ratang. Ka mohlala, hangata nkgono le ntate moholo ba nka ho qeta nako le ba lelapa e le ntho ya bohlokwa. Ba ka nna ba thabela ho bona bana ba bona le ditloholo tsa bona kgafetsa. Ka hona, ho ya matsatsing a phomolo le bona, e ka ba mpho ya bohlokwa haholo ho feta ntho le ha e le e fe eo o ka ba etsetsang yona.

Ntho e ka o thusang hore o tsebe dintho tseo motho a di ratang, ke hore o be motho ya mamelang. Bibele e re kgothalletsa hore re: ‘Potlakele ho utlwa, re diehe ho bua, re diehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Ha o ntse o qeta nako e ngata le ba lelapa kapa metswalle, mamela ka hloko ha ba bua mme o leke ho utlwa hore na ebe ke dintho dife tseo ba di ratang le tseo ba sa di rateng. Ha o etsa jwalo, o tla kgona ho tseba hore na ke mpho e fe eo ba tla e thabela.

Dintho tseo a di hlokang. Motho a ka thabela le mpho e nyane eo o mo fang yona ha feela e le ntho eo a e hlokang. Empa o ka tseba jwang hore motho o hlokang?

Ho bonahala ha tsela e bonolo ya ho tseba, e le ho botsa motho hore na keng seo a se hlokang kapa a se batlang. Le ha ho le jwalo, le ha motho a ka bua ka dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng, hangata ha a kgethe ho bua ka dintho tseo a di hlokang. Empa batho ba bangata ha ba thabele ho etsa sena hobane ba batla ho fa motho mpho a sa labella.

Ka hona, ke habohlokwa hore o leke ho lemoha maemo a motho. Na o monyane kapa o moholo, ke lesoha kapa o lenyalong, o hladuwe kapa o shwetswe ke molekane, o a sebetsa kapa o pensheneng? Nahana ka hore na ke dimpho dife tseo motho a ka di hlokang.

E le hore o lemohe seo motho eo o tla mo fa mpho a se hlokang, bua le batho ba kileng ba fana ka dimpho. Ba ka nna ba o jwetsa ka dintho tsa bohlokwa tse hlokahalang tseo ho seng batho ba bangata ba di tsebang. Ka thuso eo ya bona, o ka kgona ho fana ka mpho eo motho a e hlokang eo batho ba bang ba neng ba sa e nahana.

Sheba nako e loketseng. Bibele e re: “Lentswe le buuwang ka nako ya lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23) Lengolo lena le bontsha hore ho tseba nako e nepahetseng ya ho bua, ho ka ba molemo. Ho jwalo le ka dintho tseo re di etsang. Jwalo ka ha mantswe a buuweng ka nako e nepahetseng e ka ba a thabisang ho motho ya mametseng, le mpho e fanwang ka nako e loketseng kapa ha maemo a loketse, e ka fa motho eo o mo fang mpho thabo e eketsehileng.

Motswalle wa hao o a nyalwa. Motjha o haufi le ho qeta sekolo. Banyalani ba lebeletse ngwana. Tsena ke tse ding tsa diketsahalo tseo hangata ho fanwang ka dimpho ho tsona. Batho ba bang ba bona ho le molemo ho ngola lethathamo la diketsahalo tsa bohlokwa tse tlo ba teng selemong se latelang. Ka tsela ena, ba tla kgona ho hlophisa hore na ke dimpho dife tseo ba tla fana ka tsona diketsahalong tseo. *

Ha o a lokela ho nahana hore o tla fana ka mpho diketsahalong tse kgethehileng feela. O ntse o ka nna wa thabela ho fana ka yona esita le ka nako e nngwe le e nngwe. Ho ntse ho le jwalo, o lokela ho ba sedi. Ka mohlala, haeba monna a ne a ka fa mosadi mpho ho se na lebaka le utlwahalang la ho etsa jwalo, mosadi eo o ne a ka nna a ya le kgongwana hodimo. Kahoo, monna o lokela a hle a hlake hore na maikemisetso a hae ke afe, hobane ntle le moo, a ka iphumana a fetisitse maikutlo a fosahetseng. Taba ena e re hopotsa ntho e nngwe ya bohlokwa eo re lokelang ho e hopola ka ho fana ka mpho.

Maikemisetso a hao. Jwalo ka ha mohlala o ka hodimo o bontsha, ke bohlale ho lemoha hore na motho eo o mo fang mpho, a ka ba le boikutlo bofe ka yona. Ka lehlakoreng le leng, motho ya fanang ka mpho, o tla be a etsa hantle ha a hlahlobisisa maikemisetso a hae a ho fana ka mpho. Batho ba bangata ba nahana hore ba tla nkelwa hodimo ha ba fana ka dimpho, ba bang bona ba qobellwa ho fana ka tsona dinakong tse kgethehileng. Ho ntse ho le jwalo, ba bang ba lebella ho kgutlisetswa ke ho hong ha ba fane ka mpho.

Jwale o ka etsang ho netefatsa hore o fana ka mpho o na le maikemisetso a nepahetseng? Bibele e re: “Ditaba tsohle tsa lona di ke di etsahale ka lerato.” (1 Bakorinthe 16:14) Haeba o fana ka mpho ka lerato ebile o amehile ka motho eo o mo fang yona, e tla ba e ratwang mme o tla fumana thabo ya sebele e tliswang ke ho fana. Ha o le motho ya fanang ho tswa pelong, o tla be o thabisa Ntate wa rona ya mahodimong. Moapostola Pauluse o kile a babatsa Bakreste ba kgalekgale ba Korinthe, ka ha ba ile ba fana le ho tshehetsa mosebetsi wa ho phallela Bakrestemmhoho le bona ba Judea. O ile a re ho bona: “Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

Ho nahanisisa ka dintlha tseo re buileng ka tsona, ho tla re thusa hore re kgone ho kgetha dimpho tseo batho ba tla di thabela. Modimo le yena o ile a nahana ka dintlha tsena le tse ding, e le hore a ka fa batho mpho e molemohadi eo ba ka e thabelang. Re o kgothaletsa hore o bale sehlooho se latelang, e le hore o ka tseba hore na mpho ena e hlollang hakana, ke efe.

^ par. 13 Batho ba bangata ba fana ka dimpho haholoholo ka matsatsi a tswalo le a phomolo. Le ha ho le jwalo, diketsahalong tse kang tsena, ho etswa dintho tse kgahlanong le seo Bibele e se rutang. Sheba sehlooho se seng makasineng ena, se reng: “Babadi ba Batla ho Tseba​—Na Bakreste ba Lokela ho Keteka Keresemese?