TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG April 2018

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 4 June ho ya ho la 8 July 2018.

Kamoo re ka Fumanang Tokoloho ya Sebele Kateng

Batho ba bang ba lakatsa ho lokoloha dinthong tse kang ho hatellwa, ho kgethollwa le bofutsaneng, ha ba bang ba lwanela bolokolohi ba ho ntsha maikutlo a bona kapa ba ho iketsetsa seo ba se batlang. Na batho ba ka fumana tokoloho ya sebele?

Sebeletsa Jehova, Modimo wa Tokoloho

Moya o halalelang wa Jehova o re lokollotse jwang? Hona re ka qoba ho sebedisa bolokolohi ba rona hampe jwang?

Banna ba Kgethilweng, Ithuteng ho Timothea

Ho bonahala eka Timothea o ile a ikutlwa a sa tshwanelehe ho sebetsa le moapostola Pauluse. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka ithutang mohlaleng wa Timothea?

Etsisa Jehova, Modimo ya Fanang ka Matshediso

Haesale bahlanka ba Jehova ba hloka ho kgothatswa.

Kgothatsanang “Haholo”

Re lokela ho rata bara le baradibabo rona haholo e le hore re tle re nolofallwe ke ho ba kgothatsa ha ba hloka ho kgothatswa.

Batjha, le Batla ho Finyella Eng Tshebeletsong ya Modimo?

Batjha ba ka nna ba utlwa ba sa batle ho fetwa ke menyetlanyana e hlahang mme jwale ba hloleha ho etsa diqeto tse ntle. Ba ka kgetha bokamoso ba bona ka nepo jwang?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha e le ntho e sa dumellwang ho beha dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova websaeteng ya botho kapa metjheng ya phatlalatso?

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha re fetotse mantswe a ho Lipesaleme 144 ho Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya 2013?