Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Banna ba Kgethilweng, Ithuteng ho Timothea

Banna ba Kgethilweng, Ithuteng ho Timothea

SELEMONG se fetileng lefatsheng lohle, banna ba dikete ba ile ba kgethwa hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang diphuthehong tsa Dipaki Tsa Jehova. Haeba o e mong wa banna bao, re kgodisehile hore o thabela tshebeletso ena.

Empa mohlomong o ka nna wa ikutlwa o tshohile. Moholo e mong e motjha ya bitswang Jason o re: “Ha ke ne ke kgethwa hore ke be moholo, ke ile ka utlwa eka ha ke tlo kgona ho jara boikarabelo bo boima hakaalo.” Moshe le Jeremia le bona, ba ile ba utlwa ba sa tshwanelehe ha Jehova a ba fa dikabelo tse ntjha. (Ex. 4:10; Jer. 1:6) Haeba le wena o ikutlwa jwalo, o ka thuswa keng hore o atlehe kabelong ya hao? Nahana ka mohlala wa morutuwa wa Mokreste ya bitswang Timothea.—Lik. 16:1-3.

LATELA MOHLALA WA TIMOTHEA

Ho ka etsahala hore ebe Timothea, o ne a ka ba dilemong tsa bo 20 ha moapostola Pauluse sa mo kopa hore a tsamaye le yana maetong a hae a boromuwa. Ka ha Timothea o ne a sa le monyenyane, e ke nna yaba qalong, o ile a utlwa a sa tshwanelehe ho phetha kabelo ena e ntjha. (1 Tim. 4:11, 12; 2 Tim. 1:1, 2, 7) Le ha ho le jwalo, dilemo tse ka bang 10 ha morao, Pauluse o ne a se a ka bua tjena ka Timothea: “Ke na le tshepo ho Morena Jesu ya ho romela Timothea ho lona haufinyane . . . Etswe ha ke na e mong ya nang le boikutlo bo kang ba hae.”—Bafil. 2:19, 20.

Keng e ileng ya etsa hore Timothea e be moholo ya hlwahlwa hakaale? Ako nahane ka dintlha tse 6 tse ileng tsa mo thusa mme o bone hore na o ka mo etsisa jwang.

1. O ne a tsotella batho. Pauluse o ile a bolella bara le baradibabo rona ba Filipi a re: “Ka nnete [Timothea o] tla hlokomela dintho tse le amang.” (Bafil. 2:20) Ruri Timothea o ne a tsotella batho. O ne a hlile a amehile ka ho ba thusa hore ba matlafatse kamano ya bona le Modimo.

Qoba ho ba jwalo ka mokganni wa bese, ya amehileng ka ho fihla le ho tloha setopong ka nako ho e na le ho ameha ka ho palamisa batho. William ya nang le dilemo tse fetang 20 e le moholo, o eletsa ba sa tswa kgethwa ka tsela ena: “Ratang bara le baradibabo lona. Le se ke la ameha feela ka ho hlophisa mesebetsi ya phutheho hoo jwale le ba hlokelang nako.”

2. O ne a nka tshebeletso ya tshimo e le ya bohlokwa. Ha Pauluse a bua ka phapang e neng e le teng pakeng tsa Timothea le banna ba bang o ile a re: “Ba bang kaofela ba batla dithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu.” (Bafil. 2:21) Pauluse o ne a hlokometse hore barababo rona ba Roma, ba ne ba amehile ho tlola ka ditaba tsa bona tsa botho. Ho bonahala ba ne ba sa ikitlaetse tshebeletsong. Empa Timothea yena o ne a sa tshwane le bona. Ha ho hlaha monyetla wa hore a eketse tshebeletso ya hae, o ne a arabela jwalo ka Esaia, ya ileng a re: “Ke nna enwa! Roma nna.”—Esa. 6:8.

O ka lekalekanya dintho jwang? Hlophisa hore na ke dife tse lokelang ho tla pele. Pauluse o ile a re kgothalletsa hore re “nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.” (Bafil. 1:10) Etsa hore tsa Modimo di tle pele. Nolofatsa kemiso. Qoba dintho tse tla o jella nako. Ha Pauluse a eletsa Timothea o ile a re: “O balehele ditakatso tsa tlhaho tsa botjha, empa o phehelle ho loka, tumelo, lerato, kgotso.”—2 Tim. 2:22.

3. O ne a sebetsa ka thata tshebeletsong e halalelang. Ha Pauluse a hopotsa phutheho ya Filipi o ile a re: “Le tseba bopaki boo [Timothea] a ileng a ipaka ka bona, hore jwalo ka ngwana le ntatae e ile ya ba lekgoba le nna ho ntshetseng pele ditaba tse molemo.” (Bafil. 2:22) Timothea o ne a se botswa. O ne a sebetsa ka thata le Pauluse mme sena sa matlafatsa setswalle sa bona.

Mosebetsi o mongata mokgatlong wa Modimo kajeno. Mosebetsi ona, o a kgotsofatsa ebile o ka etsa hore o momahane le bara le baradi beno. Ka hoo, ikemisetse ho ba le ho ‘hongata hoo o ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.

4. O ile a kenya tshebetsong seo a ithutileng sona. Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “O latetse haufiufi thuto ya ka, tsela ya ka ya bophelo, morero wa ka, tumelo ya ka, tiisetso ya ka, lerato la ka, mamello ya ka.” (2 Tim. 3:10) Ka ha Timothea o ile a kenya tshebetsong seo a ithutileng sona, o ile a fuwa boikarabelo bo eketsehileng.—1 Bakor. 4:17.

Na ho na le motho ya o behelang mohlala? Haeba ha o na yena, mo batle. Tom ya seng a qetile dilemo jwale e le moholo, o hopola se kileng sa mo etsahalla. O re: “Moholo e mong ya nang le boiphihlelo o ile a nkwetlisa ka lerato. Ka mehla ha a ne a nkeletsa, ke ne ke mo mamela. Ho sebedisa keletso ya hae, ho ile ha nthusa.”

5. O ile a tswela pele ho ikwetlisa. Pauluse o ile a eletse Timothea a re: “O ikwetlise boinehelo ba bomodimo e le sepheo sa hao.” (1 Tim. 4:7) Ke nnete hore semathi se na le mokwetlise, empa le sona se ntse se lokela ho ikwetlisa. Pauluse o ile a kgothalletsa Timothea a re: “O tswele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. . . . Nahanisisa ka dintho tsena; o ikakgele ka setotswana ho tsona, e le hore tswelopele ya hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:13-15.

O lokela ho tswela pele o ntse o leotsa bokgoni ba hao. Etsa bonnete ba hore o dula o le nakong mme o tsamaya le tataiso ya moraorao ya mokgatlo. O se ke wa itshepa ho tlola, mohlomong wa nka hore ka ha o na le boiphihlelo, o makgona tsohle ya ka rarollang bothata bo bong le bo bong ntle le ho etsa dipatlisiso. Etsisa Timothea ka hore o “ikele hloko kamehla mme o ele hloko le ho ruta ha hao.”—1 Tim. 4:16.

6. O ne a tshepa moya o halalelang. Pauluse o ile a hopotsa Timothea a re: “O lebele letlotlo lena le letle ka moya o halalelang o dulang ho rona.” (2 Tim. 1:14) Timothea o ne a lokela ho itshetleha ka moya o halalelang wa Modimo e le hore a atlehe tshebeletsong.

Morabo rona Donald ya nang le dilemo tse ngata e le moholo o re: “Banna ba kgethilweng ba lokela ho nka kamano ya bona le Modimo e le ya bohlokwa. Ha ba etsa jwalo ba tla ba matla le ho feta. Haeba ba rapella moya o halalelang ebile ba hlaolela ditholwana tsa ona, ba tla tshwara bara le baradibabo bona hantle.”—Pes. 84:7; 1 Pet. 4:11.

NKA KABELO YA HO BA MONNA YA KGETHILWENG E LE LETLOTLO

Ho kgothatsa haholo ho bona banna ba bangata ba sa tswa kgethwa, jwalo ka wena, ba hatela pele hantle tshebeletsong ya bona. Jason eo re buileng ka yena qalong, o re: “Nakong eo ke seng ke e qetile ke le moholo, ke ithutile dintho tse ngata ebile jwale ke ikutlwa ke le morolo le ho feta. Hona jwale ke thabela ho ba moholo ebile ke ho nka e le letlotlo.”

Na o tla nne o tswele pele o dumella Jehova hore a o sebedise? Ikemisetse ho ithuta mohlaleng wa Timothea. Jwale o tle o bone ha le wena, jwalo ka Timothea, o ba tlhohonolofatso ho bahlanka ba Modimo.