Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batjha, le Batla ho Finyella Eng Tshebeletsong ya Modimo?

Batjha, le Batla ho Finyella Eng Tshebeletsong ya Modimo?

Rolela mesebetsi ya hao ho Jehova mme merero ya hao e tla tiiswa ka thata.LIPROV. 16:3.

DIPINA: 89, 24

1-3. (a) Batjha ba kopana le phephetso efe, hona papiso e boletsweng e kenella jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Batjha ba Bakreste ba ka thuswa keng hore ba hlole phephetso eo?

NKA hore o batla ho ya ketsahalong ya bohlokwa e tshwaretsweng toropong e hole. E le hore o fihle moo, o lokela ho nka leeto le le lelele ka bese. Ha o fihla seteisheneng sa dibese, o fumana ho tletse batho le dibese tse ngata. Ho ka thabisa hakaakang haeba o tseba hantle moo o yang teng, hobane o tla kena ka beseng e loketseng! O ka lahleha haeba o palama bese e sa yeng moo o yang teng.

2 Re ka tshwantsha batjha le bapalami ba bese. Batjha ba tobane le leeto le le lelele e seng la bese empa la bophelo. Ka dinako tse ding, ba a ferekana ha ba phephetswa ka menyetlanyana eitseng le ha ba lokela ho etsa diqeto tsa bophelo. Batjha, le ka kgona ho finyella seo le se batlang, haeba feela le tseba moo le batlang ho ya teng bophelong. Jwale o lokela ho ya hokae?

3 Sehloohong sena, re tla bona hore na batjha ba ka etsang e le hore ba thabise Jehova. Sena se bolela hore ba tla lokela ho mamela Jehova ha ba etsa diqeto dinthong tse kang, sekolo, mosebetsi, ho hlokomela lelapa le dintho ding tse kang tseo. Batjha ba tla be ba etsa qeto e nepahetseng haeba ba leka ka hohle ho matlafatsa kamano ya bona le Modimo. Batjha ba sebeletsang Jehova ka dipelo tsohle, ba ka kgodiseha hore ba tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata mme ba tla thaba bophelong.—Bala Liproverbia 16:3.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE O BE LE SEPHEO BOPHELONG?

4. Re tlo hlahloba eng sehloohong sena?

4 Ke habohlokwa hore motho a hle a qalelle a sa le monyenyane ho tseba seo a batlang ho se finyella tshebeletsong ya Modimo. Hobaneng? A re ke re tshohleng mabaka a mararo a seo. Mabaka a mabedi a qalang, a bontsha ka moo ho etsa jwalo, ho ka o thusang kateng hore o be le kamano e ntle le Jehova. Lebaka la boraro le bua ka molemo oo re ka o fumanang ha re sebeletsa Jehova re sa le banyenyane.

5. Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re ikemisetse ho sebeletsa Jehova ke lefe?

5 Lebaka le ka sehloohong la hore re ikemisetse ho sebeletsa Jehova, ke hobane re a mo rata ebile re ananela dintho tseo a re etseditseng tsona. Ke ka hoo mongodi e mong wa Pesaleme a ileng a re: “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova . . . Etswe o nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi wa hao; ke hweletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ya matsoho a hao.” (Pes. 92:1, 4) Wena motjha, ako nahane ka sohle seo Jehova a o etseditseng sona. Ka mohlala, o o file bophelo le Lentswe la hae, e leng Bibele. O boetse o o tlisitse ka phuthehong ya hae, a o thusa hore o be le tumelo, a ba a o fa le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha. Ha re etsa hore ho sebeletsa Jehova ho tle pele bophelong, re tla be re bontsha hore re ananela seo a re etsetsang sona le hore re a mo rata.

6. (a) Ke melemo efe hape eo re ka e fumanang ha re ikemisetsa ho sebeletsa Jehova? (b) Ke dintho dife tseo o ka di etsang esita le ha o ntse o le monyenyane?

6 Lebaka la bobedi ke hore ha o sebeletsa Jehova, o tla be o iketsetsa lebitso le letle. Sena se tla etsa hore o be motswalle wa hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Modimo ha se ya sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona le lerato leo le ileng la le bontsha bakeng sa lebitso la hae.” (Baheb. 6:10) O se ke wa nahana hore o sa le monyane haholo hore o ka sebeletsa Modimo. Ka mohlala, Christine o ne a le dilemo di 10 feela ha a etsa qeto ya ho bala dipale tsa Dipaki tse tshepahalang. Toby yena, o ne a le dilemo di 12 ha a etsa qeto ya hore o batla ho bala Bibele kaofela pele a kolobetswa. Athe Maxim, o ile a kolobetswa a le dilemo di 11 ha kgaitsedi ya hae Noemi a kolobeditswe a le dilemo di 10. Bobedi ba bona ba ne ba batla ho ilo sebeletsa Bethele ha ba se ba hodile. Ba ile ba kgomaretsa fomo ya Bethele leboteng ka tlung, e le hore ba dule ba hopola. Jwalo ka batjha bana, ke hobaneng ha le wena o sa qalelle hona jwale ho sebeletsa Jehova?—Bala Bafilipi 1:10, 11.

7, 8. (a) Ho tseba seo o batlang ho se finyella bophelong ho ka o thusa jwang ha o etsa diqeto? (b) Ke hobaneng ha motjha e mong a ile a kgetha hore a ke ke a ya yunivesithi?

7 Lebaka la boraro ke lefe la hore o ikemisetse ho sebeletsa Jehova o sa le monyenyane? Jwalo ka motjha, o na le diqeto tse ngata tseo o lokelang ho di etsa. Ka mohlala, o lokela ho etsa qeto ya hore na o tla kena sekolo hokae le hore na o tla etsa mosebetsi ofe. Ho etsa diqeto bophelong, ho tshwana le ho kgetha tsela e nepahetseng ha o fihla mateanong a ditsela kapa robotong. Ha feela o tseba moo o yang teng, ho kgetha tsela e nepahetseng ho ke ke ha ba thata. Ka ho tshwanang, haeba o tseba seo o ikemiseditseng ho se finyella, ho tla ba bonolo hore o etse diqeto ka bohlale. Etswe Liproverbia 21:5 e re: “Merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.” Haeba o ikemisetsa ho etsa diqeto tse molemo hona jwale, o tla atleha. Ke sona seo Damaris a ileng a se etsa ha a ne a lokela ho etsa qeto ya bohlokwa botjheng ba hae.

8 Damaris o ile a pasa matriki ka dimaraka tse ntle haholo. Ho e na le ho amohela scholarship e le hore a ilo ithutela boloyara yunivesithing, o ile a kgetha ho sebetsa bankeng. Hobaneng? O re: “Ka ha ke ile ka etsa qeto ya ho ba pulamadiboho ke sa le monyenyane, ke ne ke tla lokela ho kgetha mosebetsi wa matsatsi. Ke nnete hore ke ne ke tla be ke na le tjhelete e ngata haeba ke ne ke le loyara, empa ke ne nke ke ka ba le nako ya ho ba pulamadiboho.” Hona jwale, Damaris o se a na le dilemo tse 20 e le pulamadiboho. Na Damaris o ikutlwa eka o bapetse ka monyetla? O re: “Ke nnete hore boholo ba nako ke kopana le diloyara ha ke le mosebetsing. Empa bongata ba tsona ha di a thaba. Ruri qeto eo ke e entseng ya ho ba pulamadiboho e nthusitse haholo, etswe hona jwale e se e le dilemo ke thabela ho sebeletsa Jehova.”

9. Ke hobaneng ha batjha ba lokela ho babatswa?

9 Batjha ba bangata diphuthehong mona ba hloka ho babatswa ka mofuthu. Ba inehela ho Jehova mme ba batla ho etsa ho hongata tshebeletsong ya hae. Batjha ba jwalo, ba thabela bophelo ka ho felletseng, ha ka nako e tshwanang, ba ntse ba latela tataiso ya Jehova nthong e nngwe le e nngwe. Ba mamela tataiso ya Jehova e mabapi le sekolo, mosebetsi le boikarabelo ba lelapa. Solomone o ile a ngola a re: “Tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle. O mo ele hloko ditseleng tsohle tsa hao, mme o tla otlolla ditsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Jehova o nka batjha ba Bakreste e le ba bohlokwa mme o a ba rata, o a ba sireletsa, o a ba tataisa ebile o a ba hlohonolofatsa.

DULA O ITOKISEDITSE HO BOLELA DITABA TSE MOLEMO

10. (a) Ke hobaneng ha tshebeletso e lokela ho tla pele bophelong ba rona? (b) O ka etsa jwang hore o atlehe tshebeletso?

10 Ha motjha a hlile ikemiseditse ho thabisa Jehova, o etsa sohle seo a ka se kgonang tshebeletsong. Jesu Kreste o ile hatisa ntlha ya hore “ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle pele.” (Mar. 13:10) Ka ha mosebetsi wa boboledi o potlakile haholo, o lokela ho tla pele bophelong ba rona. Mohlomong o ka ikemisetsa ho qeta nako e ngata tshimong ka hore o be pulamadiboho. Empa o ka etsang haeba o sa natefelwe ke tshimo? Hona o ka thuswa keng hore o atlehe ha o bolella batho molaetsa wa Bibele? O ka thuswa ke dintlha tsena tse pedi: (1) Lokisetsa hantle, (2) bolella ba bang seo o ithutileng sona. Qetellong, o tla makala ha o bona o se o rata tshimo.

O lokela ho etsang e le ho itokiselletsa ho bolella batho molaetsa wa Bibele? (Sheba serapa sa 11 le 12)

11, 12. (a) Batjha ba ka lokisetsa jwang hore ba kgone ho bua le ba bang ka Jehova? (b) Motjha e mong o ile a sebedisa monyetla jwang hore a bue ka tumelo ya hae sekolong?

11 O ka qala ka ho lokisetsa karabo ya potso eo bana ba sekolo sa hao ba ratang ho o botsa yona. Jwalo ka: “Ke hobaneng ha o dumela ho Modimo?” Websaeteng ya jw.org/jw-ssa, tlasa DITHUTO TSA BIBELE > BATJHA ho na le dihlooho tse etseditsweng ho thusa batjha ho araba potso eo. Websaeteng moo, o tla fumana leqhephe le nang le sehlooho se reng: “Ke Hobaneng ha ke Dumela ho Modimo?” Leqhephe leo le tla o thusa hore o lokisetse karabo. Le na le mangolo a mararo, e leng Baheberu 3:4, Baroma 1:20 le Pesaleme ya 139:14 ao o ka sebedisang ha o hlalosetsa motho e mong seo o se dumelang. Maqhephe ana a ka o thusa hore o lokisetse dikarabo tsa dipotso tse ngata.—Bala 1 Petrose 3:15.

12 E ka ba hantle hore ha o fumana monyetla, o kgothalletse bana bao o kenang sekolo le bona hore ba kene websaeteng ya rona ya jw.org/jw-ssa. Luca o ile a etsa jwalo. Ka letsatsi le leng ka tlelaseng ya Luca, ho ne ho buuwa ka madumedi a fapaneng. Yaba o hlokomela hore buka eo ba neng ba e sebedisa, e ne e bua dintho tse fosahetseng ka Dipaki Tsa Jehova. Le ho ja a ne a tshohile, o ile a kopa titjhere hore e mo dumelle ho hlakisetsa baithutimmoho le yena ka taba eo. Luca ha a a ka a ba hlalosetsa seo a se dumellang feela empa o ile a boela a ba bontsha le websaete ya rona. Ka mora moo, titjhere e ile ya ba fa homework ya hore ba ilo shebella video e reng Hlōla Mpoli o sa Loane. Luca o ile thaba hore e be o ile a bua le baithutimmoho le yena ka websaete ya rona.

13. Ke hobaneng ha re sa lokela ho tela ha re kopana le mathata?

13 O se ke wa nyahama le hoja o ka utlwa e ka ka dinako tse ding ho a nyolosetsa. (2 Tim. 4:2) Ha o kopana le mathata, o se ke wa tela. Ho tloha ha Katharina a le dilemo di 17, o ile a ikemisetsa hore otla dula a bua le basebetsimmoho le yena ka Jehova. E mong wa basebetsimmoho le yena, o ne a tlwaetse ho mo rohaka empa Katharina ha a ka a tela. Boitshwaro ba hae bo ile ba kgahla motho e mong ya neng a sebetsa le yena ya bitswang Hans. Ka lebaka leo, Hans o ile a bala dingolwa tsa rona, a ithuta Bibele mme qetellong a kolobetswa. Empa ka nako eo, Katharina o ne a se a falletse mme a sa ka a bona tsena tsohle di etsahala. O se o ka inahanela feela hore na e tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha dilemo tse 13 hamorao, a le Holong ya Mmuso mme a utlwa hothwe sebui sa moeti ke Hans! Ke ho thabisang hakaakang hore e be Katharina ha a ka a kgaotsa ho bua le basebetsimmoho le yena ka Jehova!

O SE KE WA DUMELLA LETHO HO O SITISA

14, 15. (a) Batjha ba lokela ho nahana ka eng ha ba le tlasa kgatello? (b) Batjha ba ka hlola kgatello ya dithaka jwang?

14 Sehlooho sena, se se se o kgothalleditse hore o ikemisetse ho sebeletsa Jehova. Sena se bolela hore ntho e lokelang ho tla pele bophelong ba hao, ke ho mo sebeletsa. Empa batjha ba bang, ba nkela boithabiso hodimo ho feta dintho tsa bohlokwa bophelong, mme ba ka nna ba o mema hore le wena o tlo ithabisa le bona. Ka hoo, o tla lokela ho bontsha hore wena o ikemiseditse ho kgomarela diqeto tsa hao. O se ke wa hlolwa ke kgatello ya dithaka. O ntse o nahanne ka mohlala wa ne wa bese oo re seng re buile ka ona qalong, o ne o ke ke wa palama bese eo o sa tsebeng moo e yang teng hobane feela o bona eka bapalami ba yona ba thabile. Na ha ho jwalo?

15 Ho na le dintho tse ka o thusang hore o hlole kgatello ya dithaka. Ka mohlala, o ka leka ho qoba maemo a ka o kenyang kotsing. (Liprov. 22:3) O ka etsa sena ka ho nahana e sa le pele ka ditlamorao tse bohloko tsa ho etsa boitswaro bo bobe. (Bagal. 6:7) O ka boela wa thuswa ke ho dumela hore o na le bofokodi mme o ikemisetse ho amohela keletso. Boikokobetso bo ka o thusa hore o amohele ditlhahiso tse tswang ho batswadi le ho Bakrestemmoho ba hodileng tsebong ka phuthehong.—Bala 1 Petrose 5:5, 6.

16. Ako re phetele mohlala o bontshang melemo ya ho ikokobetsa.

16 Boikokobetso bo thusitse Christoph hore a amohele keletso. Nakwana ka mora hore a kolobetswe, o ile a qalella ho ikwetlisa ka mehla sebakeng se itseng sa boikwetliso. Batjha ba bang bao a neng a ikwetlisa le bona, ba ile ba re a joene sehlopha sa bona sa dipapadi. Christoph o ile a bolella moholo e mong ka taba ena. Yaba moholo enwa o re Christoph a ke a iphe nako ya ho nahana ka ditlamorao pele a etsa qeto. E leng ditlamorao tse kotsi tsa ho rata tlhodisano. Christoph o ile a kgetha ho joena sehlopha seo le hoja moholo a mo file keletso e hlakileng jwalo. Empa ka mora nako, o ile a hlokomela hore dipapadi tsena di mabifi ebile di kotsi. O ile a boela a bua le baholo ba bang ba ileng ba mo fa keletso e tswang Mangolong. O di beha tjena: “Jehova o ile a mpha baeletsi ba molemo. Ke ile ka mo mamela le hoja ho nkile nako.” Na le wena o tla amohela keletso ka boikokobetso?

17, 18. (a) Ke eng seo Jehova a se batlelang batjha kajeno? (b) Ke boemo bofe bo utlwisang bohloko boo motho a ka hlahelwang ke bona ha a se a hodile, hona bo ka qojwa jwang? Hlalosa.

17 “Mohlankana kapa Morwetsana, o thabele botjha ba hao, mme pelo ya hao e o etsetse se molemo matsatsing a bohlankana kapa a borwetsana ba hao.” (Moek. 11:9) Mantswe ana a bontsha hore Jehova o batla hore wena motjha, o be le pelo e thabileng. Sehloohong sena, re hlokometse hore na ke jwang Jehova a batlang hore re thabe. Ka hona, dula o phathahane tshebeletsong ya Jehova mme o mo kenye mererong yohle ya hao. Ha o qalella ho etsa sena hona jwale, o tla bona tataiso, tshireletso le mahlohonolo a tswang ho Jehova. Nahana ka keletso ena e tswang Bibeleng e reng: ‘O hopole Mopi wa hao e Moholo, hona jwale, matsatsing a botjha ba hao.’—Moek. 12:1.

18 Hopola hore ha o no dula o le motjha ka ho sa feleng. O tla tsofala ka le leng. Ka maswabi, batho ba bang ba seng ba hodile hona jwale, ba a itshola ha ba hetla morao mme ba lemoha hore ba hlolehile ho etsa diqeto tse nepahetseng bophelong. Sena se felletse ka bohloko bo otlang pelo. Empa batjha ba phathahaneng tshebeletsong ya Modimo, ba tla fumana thabo hona jwale le ha ba se ba hodile, ka lebaka la diqeto tse ntle tseo ba ileng ba di etsa. Sena ke se ileng sa etsahalla Mirjana dilemong tsa ha a sa le motjha, ka ha o ne a na le talente dipapading. Ka tsatsi le leng, o ile a fuwa monyetla wa ho kena dipapading tsa Winter Olympic Games. Empa o ile a hana monyetla ona mme a kgetha ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Hona jwale, e se e le dilemo tse 30 Mirjana a le tshebeletsong ya nako e tletseng hammoho le monna wa hae. O re: “Botumo, tlotla, matla le maruo, ke dintho tse sa reng letho bophelong. Ho sebeletsa Jehova le ho leka ho thusa ba bang tshebeletsong, ke yona ntho ya bohlokwa e tshwarellang le e tla re tlisetsa thabo ya sebele.”

19. Bontsha melemo e tliswang ke ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova o sa le motjha.

19 Batjha ka phuthehong ba tshwanelwa ke ho babatswa ka mofuthu, ha ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho hlola diteko le ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova. Batjha ba ka etsa sena ka hore ho be le seo ba batlang ho se finyella tshebeletsong le ho etsa hore ho bolela ditaba tse molemo, e be ntho e tlang pele bophelong. Ho feta moo, ha ba a lokela ho thetswa ke dintho tsa lefatshe lena. Ka hoo, batjha, kgodisehang hore mosebetsi o motle oo le o etsetsang Jehova, ha se wa lefeela. Le na le tshehetso e tswang ho bara le baradibabo lona. Ka hona, haeba le ikemiseditse ho tshwara tsoho leo, tsebang hore dintho di tla le tsamaela hantle.