Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Jehova, Modimo ya Fanang ka Matshediso

Etsisa Jehova, Modimo ya Fanang ka Matshediso

Ho bokwe Modimo . . . ya re tshedisang matshwenyehong ohle a rona.”—2 BAKOR. 1:3, 4.

DIPINA: 23, 152

1. Ke kgothatso efe eo Jehova a ileng a e fa batho ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe?

HO TLOHA ha batho e ba baetsadibe, ha e sale Jehova a ntse a bontsha hore ke Modimo ya fanang ka matshediso. Hang ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe Edene, Modimo o ile a fa bana le ditloholo tsa bona tshepo. Sena se ile sa tiisetsa batho kaofela hore ruri Modimo o ne a sa ba lahla. Ha batho ba ka utlwisisa tshepiso ya boprofeta e ho Genese 3:15, ba tla tshepa hore qetellong “noha ya pele” e bitswang Satane Diabolosi, e tla fediswa le mesebetsi ya yona e kgopo.—Tšen. 12:9; 1 Joh. 3:8.

JEHOVA O ILE A KGOTHATSA BAHLANKA BA HAE BA NAKONG E FETILENG

2. Jehova o ile a tshedisa Noe jwang?

2 Mohlanka wa Jehova ya bitswang Noe, o ne a phela hara batho ba neng ba sa rate Modimo mme e le yena feela le ba lelapa la hae ba neng ba rapela Jehova. Ka ha pefo le boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano di ne di atile, Noe o ne a ka nna a iphumana a nyahame. (Gen. 6:4, 5, 11; Juda 6) Empa Jehova o ile a mo fa tshepo e le hore a mamelle ha a ntse a etsa thato ya hae. (Gen. 6:9) Jehova o ile a tiisetsa Noe hore o tlo fedisa batho ba kgopo, a ba o mo bolella seo a lokelang ho se etsa e le hore yena le ba lelapa la hae ba pholohe. (Gen. 6:13-18) Bona e ile ya ba bopaki bo totobetseng ho Noe, ba hore Jehova ke Modimo ya fanang ka matshediso.

3. Joshua o ile a kgothatswa jwang? (Sheba setshwantsho se qalong)

3 Ha morao, Joshua le yena o ile a fuwa boikarabello bo boima ba ho kenya bahlanka ba Modimo Naheng e Tshepisitsweng. Sena se ne se akarelletsa ho lwantsha le ho hlola mabotho a matla a dinaha tse neng di ruile sebaka seo. O tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha a ne a ka nna a tshoha. Ka lebaka lena, Jehova o ile a laela Moshe hore a kgothatse Joshua. O ile a re: “O laele Joshua o mo kgothatse mme o mo matlafatse, hobane ke yena ya tla tshela ka pela setjhaba sena mme ke yena ya tla etsa hore se rue naha eo o tla e bona.” (Deut. 3:28) Le pele Joshua a kena kgabong, Jehova o ile a mo kgothatsa ka mantswe ana a reng: “Na ha ke a o laela? Eba sebete me o be matla. O se ke wa haroha letswalo kapa wa tshoha, etswe Jehova Modimo wa hao o na le wena kae kapa kae moo o yang teng.” (Josh. 1:1, 9) Eo e ile ya ba kgothatso e kgodisang hakaakang!

4, 5. (a) Jehova o ile a fa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng kgothatso efe? (b) Jehova o ile a kgothatsa Mora wa hae jwang?

4 Jehova o kgothatsa bahlanka ba hae hape e le sehlopha. O ile a kgothatsa Bajuda ba neng ba le Babylona, a re: “O se ke wa tshoha, ka ha ke na le wena. O se ke wa tadima kwana le kwana, etswe ke nna Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa. Ka sebele ke tla o thusa. Ke tla o tshwara ka tiyo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Esa. 41:10) Bakreste ba mehleng ya baapostola, ba ne ba kgodisehile hore Modimo o tla ba matlafatsa mme le rona ho jwalo feela kajeno.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.

5 Jesu le yena o kile a fuwa kgothatso ke Ntate wa hae. Ha a ne a kolobetswa, o ile a utlwa lentswe le tswang lehodimong le reng: “Enwa ke Mora wa ka, ya ratwang, eo ke mo amohetseng.” (Mat. 3:17) E tlameha ebe mantswe ao a ile a matlafatsa Jesu hakaakang hore a etse tshebeletso ya hae lefatsheng!

JESU LE YENA O ILE A FANA KA KGOTHATSO

6. Papiso ya ditalenta e fana ka kgothatso jwang?

6 Jesu o ile a etsisa mohlala o motle wa Ntate wa hae. Papiso eo Jesu a faneng ka yona ya ditalenta, e re kgothalletsa hore re tshepahale. Monga makgoba o ile a tlotla makgoba a ileng a tshepahala ka mantswe ana: “O entse hantle, lekgoba le molemo le le tshepahalang! O ile wa tshepahala dinthong tse seng kae. Ke tla o beha hore o okamele dintho tse ngata. Kena thabong ya monga hao.” (Mat. 25:21, 23) Eo ke kgothatso e matla hakaakang ya hore re tswele pele re sebeletsa Jehova ka botshepehi!

7. Jesu o ile a fa Petrose le baapostola ba bang ba hae kgothatso efe?

7 Hangata baapostola ba Jesu ba ne ba rata ho qothisana lehlokwa ka hore na ke mang e moholo hara bona. Empa Jesu o ile a ba kgothatsa ka mamello hore ba ikokobetse le hore e be makgoba e seng diboso. (Luka 22:24-26) Ka lehlakoreng le leng, Petrose o ile a swetsa Jesu ka makgetlo. (Mat. 16:21-23; 26:31-35, 75) Ho e na le hore Jesu a ngale Petrose, o ile a mo kgothatsa a ba a mo fa le boikarabello ba hore a matlafatse bara babo.—Joh. 21:16.

BAHLANKA BA MODIMO BA NAKONG E FETILENG BA ILE BA KGOTHATSWA

8. Ezekiase o ile a kgothatsa Bajuda le lebotho la sesole jwang?

8 Esita le pele Jesu a tla lefatsheng mme a re behela mohlala wa ka moo re ka kgothatsanang kateng, bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba ne ba se ntse ba etsa sona seo. Ha Ezekiase a tshosetswa ke Baassyria, o ile a bokella balaodi ba lebotho la sesole le Bajuda hore a tlo ba kgothatsa. “Batho ba qala ho itshetleha ka mantswe [a hae].”—Bala 2 Likronike 32:6-8.

9. Lengolo la Jobo le re rutang ka ho fana ka matshediso?

9 Le hoja Jobo ka boyena a ne a hloka matshediso, o ile a ruta batho ba neng ba mo tshedisa hore na ha e le hantle ho fanwa ka matshediso jwang. O ile a ba bolella hore haeba e ne e le bona ba hlokang ho tshediswa, o ne a ka ba matlafatsa ka mantswe a molomo wa hae mme ba ne ba tla fola maikutlong. (Job 16:1-5) Qetellong, Jobo o ile a fumana matshediso a tswang ho Elihu le ho Jehova.—Jobo 33:24, 25; 36:1, 11; 42:7, 10.

10, 11. (a) Ke hobaneng ha moradi wa Jafeta a ne a hloka ho kgothatswa? (b) Ke bomang ba hlokang ho kgothatswa kajeno?

10 Mohlala o mong wa mehleng ya pele wa motho ya neng a hloka ho kgothatswa, ke wa moradi wa Jafeta. Pele Jafeta a ilo lwana le Baammone, o ne a ile a etsa kano ya hore haeba Jehova a ka etsa hore a hlole ntweng, o ne a tla mo fa motho wa pele ya neng a tla mo kgahlanyetsa. Ka ha Jafeta e ne e le Moahlodi, o ne a itse o tla fana ka motho eo hore a ilo sebeletsa Jehova sehalalelong. Ka tshohayetso, o ile a kgahlanyetswa ke moradi wa hae a le mong to! ka monwana. Jafeta o ile a utlwa bohloko bona bo haesale. Le ha ho le jwalo, o ile a phelela kano ya hae mme a isa moradi wa hae Shilo ho ya sebeletsa tarbenakeleng bophelo bohle ba hae.—Baahl. 11:30-35.

11 Le hoja ho ne ho le boima ho Jafeta, e tlameha ebe ho ile ha ba boima le ho feta hore moradi wa hae a phethahatse kano ya ntate wa hae. (Baahl. 11:36, 37) O ile a kgetha hore a ke ke a nyalwa, a ba le bana le ditloholo. O tla utlwisisa hore na o ne a hloka ho tshediswa le ho kgothatswa hakaakang! Bibele e re: “Ya e ba molao wa tsamaiso Iseraele: Selemo le selemo baradi ba Iseraele ba ne ba ya ho babatsa moradi wa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo.” (Baahl. 11:39, 40) Na Bakreste ba masoha, ba ikemiseditseng ho lebisa tlhokomelo ya bona ‘dinthong tsa Morena,’ le bona ha ba hloke ho kgothatswa?—1 Bakor. 7:32-35.

BAAPOSTOLA BA ILE BA KGOTHATSANA

12, 13. Petrose o ile a matlafatsa barababo jwang?

12 Bosiung boo Jesu a neng a tlo shwa ka bona, o ile a re ho Petrose: “Simone, Simone, bona! Satane o le batlile hore a le sefe jwalo ka koro. Empa ke o etseditse thapedi hore tumelo ya hao e se ke ya fela; mme wena, hang feela ha o kgutlile, o matlafatse barabeno.”—Luka 22:31, 32.

Mangolo a baapostola a ile a kgatha tema e kgolo ka ho kgothatsa diphutheho tsa mehleng eo, mme a ntse a sebetsa le kajeno (Sheba serapa sa 12-17)

13 Petrose e ne e le tshiya ya phutheho ya pele ya Bokreste (Bagal. 2:9) O ile a kgothatsa bara babo ka ho ba sebete ka Pentakonta le ka mora moo. Ho elella qetellong ya tshebeletso ya hae, o ile a ngolla Bakrestemmoho le yena lengolo le ba kgothatsang. O ile a re: “Ke le ngoletse mantswe a seng makae, ho fana ka kgothatso le bopaki bo tiileng hore ona ke mosa o sa tshwanelang wa nnete wa Modimo; emang le tiile ho oona.” (1 Pet. 5:12) Mangolo ao Petrose a ileng a a ngola, e ile ya ba mohlodi wa kgothatso ho Bakreste ho theosa le dilemo ho tla fihlela jwale. Re hloka kgothatso ena hakaakang hona jwale ha re ntse re letetse hore ditshepiso tsa Jehova di phethahale!—2 Pet. 3:13.

14, 15. Mangolo a buduletsweng ao moapostola Johanne a a ngotseng e bile mohlodi wa matshediso jwang ho theosa le dilemo?

14 Moapostola Johanne le yena e ne e le tshiya ya phutheho ya pele ya Bokreste. Kosepele e hapang maikutlo eo a ileng a e ngola ka tshebeletso ya Jesu, e bile mohlodi wa kgothatso ho Bakreste ho theosa le dilemo le ho tla fihla jwale. Kosepele eo, ke yona feela e bontshang hore lerato ke letshwao le kgethollang Bakreste ba nnete.—Bala Johanne 13:34, 35.

15 Mangolo a mararo ao Johanne a a ngotseng, a na le matlotlo a mang a nnete. Ha re imetswe ke morwalo wa sebe, na ha re utlwe ho re kokololo ha re bala mantswe a reng “madi a . . . Jesu a re hlwekisa sebeng sohle”? (1 Joh. 1:7) Hape ha dipelo tsa rona di ntse di tswela pele ho re tswa kapa ho re qosa, na ha re utlwe re kgatholoha ebile meokgo ya thabo e keleketla marameng ha re bala mantswe a reng “Modimo o moholo ho dipelo tsa rona”? (1 Joh. 3:20) Ke Johanne feela ya ngotseng hore “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, 16) Lengolong la hae la bobedi le la boraro, o ile a babatsa Bakreste ba neng ba tswela pele “ho tsamaya nneteng.”—2 Joh. 4; 3 Joh. 3, 4.

16, 17. Pauluse o ile kgothatsa Bakreste ba mehleng ya hae jwang?

16 Mehleng ya baapostola, ho ka etsahala hore moapostola ya neng a kgothatsa ba bang ka ho fetisisa e ne e le Pauluse. Ha phutheho ya Bokreste e sa tswa thehwa, ho bonahala eka baapostola ba bangata ba ne ba dula Jerusalema e leng moo sehlopha se busang se neng se le hona teng. (Lik. 8:14; 15:2) Bakreste ba Judea, ba ne ba ruta batho ka Kreste. Batho bana, ba ne ba dumela ho Modimo a le mong ka lebaka la tshusumetso ya Sejuda. Ka lehlakoreng le leng, moya o halalelang o ile wa roma moapostola Pauluse hore a ilo bolela ditaba tse molemo ho ditjhaba tsa Bagerike le Baroma tse neng di rapela medimo e mengata.—Bagal. 2:7-9; 1 Tim. 2:7.

17 Pauluse o ile a pholletsa le naha eo hona jwale e tsejwang e le Turkey, haesitana le Greece le Italy, a theha diphutheho tsa Bokreste ho batho bao e neng e se Bajuda. Bakreste bana ba sa tswa sokoloha, ba ile ba “utlwiswa bohloko matsohong a batho ba naha ya habo [bona]” mme ba ne ba hloka ho kgothatswa. (1 Bathes. 2:14) Hoo eka bang ka selemo sa 50, Pauluse o ile a ngolla phutheho e nyenyane ya Thesalonika, a re: “Kamehla re leboha Modimo ha re bua ka lona bohle dithapelong tsa rona, etswe re hopola re sa phetse mosebetsi wa lona o tshepahalang le mosebetsi wa lona o lerato le mamello ya lona.” (1 Bathes. 1:2, 3) O ile a ba a ba kgothalletsa le hore ba kgothatsane, ha a re: “Le nne le tshedisane le ho hahana.”—1 Bathes. 5:11.

SEHLOPHA SE BUSANG SE FANA KA MATSHEDISO

18. Sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola se ile sa kgothatsa Filipi jwang?

18 Sehlopha se busang sa mehleng ya baapostola, se ile sa fetoha mohlodi wa matshediso ho ba neng ba etella pele le ho Bakeste bohle. Se ile sa tshehetsa moevangedi Filipi nakong eo a neng a bolella Basamaria ka Kreste. Se ile sa boela sa romela Petrose le Johanne, ho ya rapella badumedimmoho le bona hore ba fumane moya o halalelang. (Lik. 8:5, 14-17) E tlameha ebe Filipi le Bakreste ba neng ba sa tswa sokoloha ba ile ba kgothatswa ke tshehetso ya sehlopha se busang hakaakang!

19. Diphutheho di ile tsa ikutlwa jwang ka mora ho ballwa lengolo le tswang ho sehlopha se busang?

19 Hamorao, sehlopha se busang se ile sa lokela ho etsa qeto mabapi le hore na Bakreste bao e seng Bajuda, ba lokela ho bolla jwalo ka ha molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o laela. (Lik. 15:1, 2) Ka mora ho tataiswa ke moya o halalelang le ho tshohla Mangolo, bara bana babo rona ba ile ba etsa qeto ya hore molao oo ha o sa sebetsa. Ka lebaka leo, ba ngolla diphutheho lengolo mabapi le taba eo. Sehlopha se busang se ile sa romela baemedi ba sona diphuthehong e le hore ba ise lengolo lena. Ditlamorao e ile ya ba dife? Bibele e re: “Ka mora ho le bala, [ba] thabela kgothatso eo.”—Lik. 15:27-32.

20. (a) Sehlopha se Busang sa kajeno se fana ka kgothatso efe ho mokgatlo ohle wa barababo rona? (b) Re tlo tshohla karabo ya potso efe sehloohong se lateng?

20 Le kajeno Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova se kgothatsa ditho tsa lelapa la Bethele, batho ba tshebeletsong e kgethehileng ya nako e tletseng esita le mokgatlo ohle wa barababo rona wa Bakreste ba nnete. Ka lebaka leo, bahlanka ba Modimo ba thabela kgothatso eo ba e fuwang. Ho ekelletsa moo, ka 2015, Sehlopha se Busang se ile sa hatisa bukana ya Kgutlela ho Jehova, e ileng ya kgothatsa ba bangata. Empa na ke ba etellang pele feela ba lokelang ho kgothatsa ba bang? Re tla tshohla karabo ya potso ena sehloohong se latelang.