Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kgothatsanang “Haholo”

Kgothatsanang “Haholo”

“A re nahanelaneng . . . , re kgothatsana, mme re etsa jwalo haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.” —BAHEB. 10:24, 25.

DIPINA: 121, 119

1. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ile a eletsa Bakreste ba Baheberu hore ba kgothatsane “haholo”?

KE HOBANENG ha re lokela ho leka ka matla ho kgothatsa ba bang? Moapostola Pauluse o re fa lebaka le utlwahalang lengolong leo a le ngoletseng Bakreste ba Baheberu. O ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, jwalo ka ha ba bang ba na le tlwaelo eo, empa re kgothatsana, mme re etsa jwalo haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.(Baheb. 10:24, 25) Dilemong tse hlano feela ha morao, Bakrestre ba Bajuda ba dulang Jerusalema, ba ne ba tla bona ka ho hlaka ha letsatsi la Jehova le atamela mme ba ne ba tla lemoha le letshwao leo Jesu a neng a ba file lona la hore ba balehe motseng. (Lik. 2:19, 20; Luka 21:20-22) Letsatsi leo le ile fela la fihla ka selemo sa 70, ha lebotho la Baroma le ne le phethahatsa kahlolo ya Jehova Jerusalema.

2. Ke hobaneng ha lerato leo re ratang barababo rona ka lona le lokela ho hola le ho feta hona jwale?

2 Kajeno, re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova, le atametse. (Joele 2:11) Moprofeta Sofonia o ile a re ka lona: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, mme le potlakile haholo.” (Sof. 1:14) Temoso eo ya boprofeta, e ntse e sebetsa le kajeno. A hopotse ka letsatsi lena la Jehova, moapostola Pauluse o re kgothalletsa hore “re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheb. 10:24) Ka lebaka leo, le rona re lokela ho hodisa lerato leo re ratang barababo rona ka lona, e le hore re ka ba kgothatsa ka nako e tshwanelang.

KE BOMANG BA HLOKANG HO KGOTHATSWA?

3. Pauluse o ile a reng ka ho kgothatsana? (Sheba setshwantsho se qalong.)

3 “Ho tshwenngwa ke dipelaelo ka pelong ya motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentswe le molemo le etsa hore e thabe.” (Liprov. 12:25) Sena ke nnete le ho rona kajeno. Kaofela ha rona re hloka ho kgothatswa nako le nako. Pauluse o ile a totobatsa hore esita le ba nang le boikarabelo ba ho kgothatsa ba bang, le bona ba hloka ho matlafatswa. O ile a re ho Bakreste ba neng ba dula Roma: “Ke hlolohetswe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e nngwe ya moya e le hore le tiiswe; kapa, ho e na le hoo, e le hore ho ka ba le ho kgothatsana hara lona, e mong le e mong ka tumelo ya e mong, ya lona le ya ka.” (Bar. 1:11, 12) Le hoja Pauluse a ne a ipabola ka ho kgothatsa ba bang, le yena o ne a ntse a hloka ho kgothatswa ka dinako tse ding.—Bala Baroma 15:30-32.

4, 5. Ke bomang bao re ka ba kgothatsang kajeno, hona hobaneng?

4 Batho ba itetseng ba hloka ho babatswa. Bopulamadiboho ke ba bang ba bona. Ba bangata ba bona, ba ile ba tlameha ho tela dintho tse itseng bophelong e le hore e be bopulamadiboho. Ba bang hape ba itetseng ke baromuwa, basebeletsi ba Bethele, balebedi ba potoloho le basadi ba bona le ba sebeletsang diofising tsa phetolelo (RTO). Bana kaofela ba ile ba itela e le hore ba ka kgona ho qeta nako e ngata tshebeletsong. Ka hoo, ha e le hantle ba hloka ho kgothatswa. Batho bao ka lebaka la maemo a itseng, ba ileng ba tlameha ho tlohela tshebeletso, le bona ba hloka ho kgothatswa.

5 Ba bang ba hlokang ho kgothatswa, ke bara le baradibabo rona ba masoha ba mamelang molao wa Modimo wa hore ba nyale “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Ka ho tshwanang, basadi le bona ba hloka ho kgothatswa ke banna ba bona. (Liprov. 31:28, 31) Re ke ke ra lebala Bakreste ba etsang sohle seo ba ka se kgonang le ha ba kula kapa ba hloriswa. (2 Bathes. 1:3-5) Ho a hlaka hore Jehova le Kreste, ha ba batle letho ka Bakreste bana ba tshepahalang!—Bala 2 Bathesalonika 2:16, 17.

BAHOLO BA ETSA KA HOHLE HORE EBE BA KGOTHATSANG

6. Ke boikarabelo bofe boo baholo ba nang le bona bo boletsweng ho Esaia 32:1, 2?

6 Bala Esaia 32:1, 2Jesu Kreste o sebedisa batlotsuwa le “dikgosana” tse tswang ho dinku tse ding, ho fana ka kgothatso le tataiso ho ba tepeletseng le ba nyahameng nakong ena ya bofelo. Ke sona seo ba lokelang ho se etsa. Ha ba a lokela ho “laola” tumelo ya ba bang, empa e lokela ho ba “basebetsimmoho” e le hore bara le baradibabo rona kaofela ba thabe.—2 Bakor. 1:24.

7, 8. Baholo ba lokela ho etsang hape ho feta feela ho fana ka mantswe a kgothatso ho ba bang?

7 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle oo re ka o latelang. Ha a ngolla Bakreste ba Thesalonika, o ile a re: “Re na le lerato le mofuthu bakeng sa lona, ha re a ka ra kgahlwa ke ho le fa ditaba tse molemo feela tsa Modimo, empa le meya ya rona, hobane le bile ba ratwang ho rona.”—1 Bathes. 2:8.

8 Ha Pauluse a hatisa ntlha ya hore ha ho a lekana ho fana feela ka lentswe la kgothatso, o ile a re: “Le thuse ba fokolang, mme le hopole mantswe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e kgolo ho feta ho amohela.’” (Lik. 20:35) Pauluse o ne a sa kgothatse bara le baradi babo ka molomo feela, empa o ne a ikemiseditse ho “sebedisa le ho sebediswa ka ho felletseng bakeng” sa bona. (2 Bakor. 12:15) Ka tsela e tshwanang, baholo ha ba a lokela ho kgothatsa le ho tshedisa bara le baradibabo bona ka molomo feela, empa ba ba lokela ho ba haha le ho ba bontsha hore ba a ba rata.—1 Bakor. 14:3.

9. Baholo ba ka fana ka kgalemelo jwang ka tsela e kgothatsang?

9 Ho kgothatsa ba bang ho ka akarelletsa ho ba kgalemela. Empa le boemong bona, baholo ba lokela ho latela mohlala o fanweng ka Bibeleng mabapi le ho fana ka kgalemelo ka tsela e kgothatsang. Jesu o ile a re behela mohlala o ikgethang tabeng ena, ka mora hore a tsoswe bafung. O ne a lokela ho kgalemela ka matla diphutheho tse ding tsa Asia Minor. Di ne di akarelletsa phutheho ya Efese, ya Pergame le ya Thyatire. Empa ela hloko tsela eo a entseng sena ka yona. Pele a di kgalemela ka matla, o ile a di babatsa ka mofuthu. (Tšen. 2:1-5, 12, 13, 18, 19) O ile a re ho phutheho ya Laodisia: “Ke kgalemela bohle bao ke ba ratang mme ke a ba laya. Ka hona tjheseha mme o bake.” (Tšen. 3:19) Baholo ba tla be ba etsa hantle ha ba latela mohlala ona wa Jesu nakong eo ba fanang ka kgalemelo.

HASE BAHOLO FEELA BA NANG LE BOIKARABELO BA HO KGOTHATSA BA BANG

Batswadi, na le kwetlisa bana ba lona hore ba kgothatse ba bang? (Sheba serapa sa 10)

10. Kaofela ha rona re ka tlatsetsa jwang ho kgothatsa ba bang?

10 Ha se baholo feela ba nang le boikarabelo ba ho kgothatsa ba bang. Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste bohle hore ba bue “polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha ka moo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba” bang. (Baef. 4:29) E mong le e mong wa rona o lokela ho lemoha ho re na ke neng moo ho hlokahalang hore a fe ba bang kgothatso. Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Baheberu: “Otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tsheremang, mme le nne le otlolle ditsela bakeng sa maoto a lona, e le hore se holofetseng se se ke sa ntshwa lenonyellong, empa ho e na le hoo e le hore se ka fola.” (Baheb. 12:12, 13) Kaofela ha rona ho akarelletsa le ba banyenyane, re ka kgothatsana.

11. Marthe o ile a fumana thuso jwang ha a ne a tepeletse maikutlo?

11 Moradiwabo rona e mong ya bitswang Marthe, * ya neng a tepelletse maikutlo, o re: “Ka letsatsi le leng ka mora hore ke rapele, ke ile ka kopana le moradi e mong wabo rona ya hodileng ya ileng a mpontsha qenehelo le kutlwelobohloko, e leng dintho tseo ke neng ke di hloka haholo ka nako eo. O ile a mpolella hore le yena o kile a ba boemong bona ba ka, yaba ke a lemoha hore ha ke mong.” E ka nna yaba moradi enwa wabo rona ya hodileng, ha a a ka a hlokomela ka moo mantswe a hae a ileng a thusa Marthe kateng.

12, 13. Ke jwang re ka sebedisang keletso e fumanwang ho Bafilipi 2:1-4?

12 Pauluse o ile a fana ka keletso ena e latelang ho ditho tsohle tsa phutheho ya Filipi: “Jwale, haeba ho na le kgothatso le ha e le efe ho Kreste, haeba ho na le matshediso le ha e le afe a lerato, haeba ho na le karolelano le ha e le efe ya moya, haeba ho na le lerato le mofuthu le qenehelo le ha e le efe, le tlatse thabo ya ka ka hore le na le kelello e tshwanang mme le na le lerato le tshwanang, le kopane hammoho moyeng, le bolokile kelellong monahano o le mong, le sa etse letho ka lebaka la ho rata dikgang kapa ka lebaka la ho ipoledisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”—Bafil. 2:1-4.

13 Kaofela ha rona re lokela ho ikitlaelletsa ho bontsha badumedimmoho le rona “lerato le mofuthu le qenehelo” le “matshediso le ha e le afe a lerato.”

MEHLODI YA KGOTHATSO

14. Keng hape e ka bang mohlodi wa kgothatso?

14 Re a kgothala ha re utlwa hore batho bao re kileng ra ba thusa, ba ntse ba tshepahala. Ho jwalo ka ha moapostola Johanne a ile a ngola a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta dintho tsena, hore ebe ke utlwa hore bana ba ka ba tswela pele ho tsamaya nneteng.” (3 Joh. 4) Bopulamadiboho ba bangata ba utlwa e le ho kgothatsang ho bona batho bao ba kileng ba ithuta Bibele le bona, ba tswela pele hantle mme mohlomong e se e bile e le bopulamadiboho. Ho hopotsa pulamadiboho ya nyahameng ka dinako tse monate tseo a bileng le tsona tshebeletsong, ho ka mo tshedisa.

15. Ke ka tsela efe e nngwe eo ka yona re ka kgothatsang ba bang?

15 Balebedi ba bangata ba potoloho le basadi ba bona, ba ile ba bolela ka moo ba kgothalang kateng ha phutheho eo ba neng ba e etetse, e ba romela lengolo le le kgutshwanyane ho ba leboha. Baholo, baromuwa, ditho tsa lelapa la Bethele le bopulamadiboho, le bona ba a thaba ha ba kgothatswa.

KA MOO KAOFELA RE KA KGOTHATSANG BANG BA KATENG?

16. Hore re be ba kgothatsang, re hloka ho etsang?

16 E ne e tla ba phoso e kgolo ha re ne re ka phetha ka hore re ke ke ra kgona ho kgothatsa ba bang hobane feela re le batho ba dihlong. O se ke wa nahana hore ho hlokahala hore o be kgeleke e le hore o kgothatse ba bang. Ka mohlala, ha ekare ha o dumedisa motho o bososela ebe yena ha a bososele, eka nna yaba o hlahetswe ke bothata bo itseng. Ho mo mamela feela ho ka mo kgothatsa, ka ha e ka nna ya ba ke yona ntho eo ehlileng a neng a e hloka.—Jak. 1:19.

17. Morabo rona e mong e motjha o ile a thuswa ke eng dinakong tse thata?

17 Morabo rona e mong e monyenyane ya bitswang Henri, o ile a kgathatseha haholo ha ba leloko hammoho le Ntate wa hae eo e neng e le moholo, ba tlohela ho ba Dipaki. Molebedi wa potoloho o ile a kgothatsa Henri ha ba ntse ba nwa kofi shopong e rekisang kofi mme a mo mamela ha a ntsha maikutlo. Henri o ile a lemoha hore tsela feela ya ho thusa batho ba habo, ke ka hore a mamelle ka botshepehi. O ile a tshediswa ke ho bala Pesaleme ya 46; Sofonia 3:17 le Mareka 10:29, 30.

Kaofela ha rona re ka matlafatsana le ho kgothatsana (Sheba serapa sa 18)

18. (a) Morena Solomone o ile a fihlela qeto efe? (b) Moapostola Pauluse o ile a etsa tlhahiso efe?

18 Mohlala wa Marthe le wa Henri, o re bontsha hore re ka kgona ho kgothatsa bara le baradibabo rona ba hlokang matshediso. Ke ka hoo Morena Solomone a ileng a re: “Lentswe le buuwang ka nako ya lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liprov. 15:23, 30) Ho ekelletsa moo, Tora ya ho Lebela le websaete ya rona, di ka etsa hore motho ya nyahameng a tsohe molota. Pauluse yena o re ho bina dipina tsa Mmuso ke pheko. O ile a ngola a re: “Le nne le rutane le ho eletsana ka dipesaleme, dithoriso ho Modimo, dipina tsa moya ka mosa, le binela Jehova ka dipelong tsa lona.”—Bakol. 3:16; Lik. 16:25.

19. Ke hobaneng ha ho tla nne ho hlokahale hore re kgothatsane ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, hona re ka etsa seo jwang?

19 Ho tla nne ho hlakahale hore re kgothatsane ha letsatsi la Jehova “le ntse le atamela” tjena. (Baheb. 10:25) Re lokela ho etsa feela jwalo ka ha Pauluse a ile a kgothalletsa Bakresete ba mehleng ya hae, ha a ne a re: “Le nne le tshedisane le ho hahana, feela jwalo ka ha le etsa.”—1 Bathes. 5:11.

^ par. 11 Mabitso a fetotswe.