Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ho Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ya 2013, e teng ka Sekgowa le ka dipuo tse ding, Pesaleme ya 144:12-15 e lebesitswe ho bahlanka ba Modimo. Mantswe a temaneng ya 11 phetolelong ya pele ho eo, a ne a lebisitswe ho batho ba kgopo. Ke hobaneng ha mantswe ana a ile a lokiswa?

Mantswe a Seheberu a dumella meelelo ena ka bobedi. Le ha ho le jwalo, phetolelo e ntjha e itshetlehile mabakeng ana a latelang:

  1. Tsela e ntlafaditsweng ya mantswe e tshehetswa ke melao le tshebediso ya puo. Moelelo wa lentswe le sebedisitsweng ho qala temana ya 12,leo ka Seheberu e leng asher o kopanya dipolelo tse ditemaneng tse tlang pele le tse ho temana ya 12 ho ya ho 15. Le ha ho le jwalo, lentswe asher le ka fetolelwa ka ditsela tse ngata. Ka mohlala lentswe lena, le ka utlwisiswa e le leemedi jwalo ka “ba” kapa “bao.” Phetolelong ya pele ho sebedisitswe leemedi lena, “Ba.” Ka hoo, dintho tse molemo tseo ho builweng ka tsona ho temana ya 12 ho ya ho 14, di ne di lebisitswe ho batho ba kgopo ba hlalositsweng ditemaneng tse tlang pele ho tseo. Le ha ho le jwalo, lentswe asher le ka boetse la sebediswa ha ho buuwa ka ditlamorao tsa dintho tse itseng mme, la fetolelwa e le “hore,” “e le hore” kapa “jwale.” Phetolelong ya 2013, lentswe lena le fetoletswe e le “jwale.”

  2. Mantswe a ntlafaditsweng a dumellana hantle le pesaleme yohle. Tshebediso ya lentswe “jwale” ho temana ya 12, e bontsha hore ditlhohonolofatso tse temaneng ya 12 ho ya ho 14, di sebetsa ho ba lokileng ba reng Modimo a ba pholose ho ba kgopo bao temana ya 11 e buang ka bona. Molemo wa phetoho ena o boetse hape o a hlahella temaneng ya 15 moo mantswe “ho thaba,” a buang ka sehlopha se le seng sa batho “bao Modimo wa bona e leng Jehova!” Hape o lokela ho hopola hore mongolo wa qalong wa Seheberu o ne a se na matshwao a puo. Ka lebaka leo, e le hore bafetoledi ba etse mosebetsi ka nepo, ba lokela ho tseba hantle setaele le melao ya puo ya Seheberu esita le ditlaleho tsa Bibele tse buang ka taba eo.

  3. Phetoho e entsweng temaneng ena, e nyallana hantle le ditemana tse ding tsa Bibele, tse buang ka ditlhohonolofatso tseo Modimo a di tshepisitseng bahlanka ba hae ba tshepahalang. Ka hona, phetoho ena e etsa hore pesaleme ena, e dumellane hantle le mantswe a mongodi wa yona e leng Davida. O ne a ile a bontsha hore ka mora hore Modimo a pholose Baiseraele direng tsa bona, o ne a tla ba hlohonolofatsa ka thabo le kgotso. (Lev. 26:9, 10; Deut. 7:13; Pes. 128:1-6) Nka ka mohlala, Deuteronoma 28:4 e re: “Ditholwana tsa mpa ya hao di tla hlohonolofatswa le ditholwana tsa naha ya hao le ditholwana tsa phoofolo ya hao e ruuwang, namane ya kgomo ya hao le se tswetsweng ke mohlape wa hao.” Ka sebele, ho ile ha fela ha ba jwalo, nakong eo mora wa Davida Solomone e neng e le morena, batho ba ile ba thabela kgotso le katleho e tshwarellang. Ho feta moo, dintho tseo tse ileng tsa etsahala pusong ya Solomone, e ile ya ba selelekela sa se tla etsahala pusong ya Mesia. —1 Mar. 4:20, 21; Pes. 72:1-20.

Jwale re fihlela qeto ya hore, phetoho ya mantswe e entsweng ho Pesaleme ya 144, ha se phetoho e lokisang kutlwisiso ya rona ya pele ya Bibele. Le ha ho le jwalo, e etsa hore pesalema ena, e re hlakele mme e re ame dipelo. Ka tsela eo, re tla ananela le ho feta tshepo eo re nang le yona jwalo ka bahlanka ba Jehova, e leng tshepo ya hore ba kgopo ba tla fediswa ebe re ba le kgotso le katleho tse tshwarellang ho ya ho ile.—Pes. 37:10, 11.