Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Jehova, Modimo wa Tokoloho

Sebeletsa Jehova, Modimo wa Tokoloho

“Moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 BAKOR. 3:17.

DIPINA: 11, 137

1, 2. (a) Ke hobaneng ha batho ba mehleng ya Pauluse ba ne ba kgathatsehile ka bokgoba le tokoloho? (b) Pauluse o ile a re tokoloho ya sebele e fumaneha ho mang?

PUSO ya Roma eo Bakreste ba mehleng ya pele ba neng ba phela tlasa yona, e ne e atlehile haholo ditabeng tsa molao le tokoloho. Empa puso ena, e ne e atlehile hobane e ne e na le makgoba a mangata. Ka hoo, ho hlakile hore bokgoba le tokoloho, e ne e le dintho tse dumadumang dikellelong tsa batho mona ka nako eo.

2 Moapostola Pauluse o buile ho hongata ka tokoloho mangolong a hae. Le ha ho le jwalo, o ne a sa bue ka ho lokoloha ha batho bokgobeng ba mebuso ya ka nako eo. Ho e na le ho batla tokoloho ho babusi ba lefatshe, Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba amehile ka ho ruta batho ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo le ka bohlokwa ba sehlabelo sa Kreste Jesu. Pauluse o ile a lebisa badumedimmoho le yena Mohloding wa tokoloho ya sebele. Ha a ne a ngolla Bakreste ba Bakorinthe lengolo la bobedi, o ile a re: “Jehova ke Moya; moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.”—2 Bakor. 3:17.

3, 4. (a) Keng e ileng ya etsa hore Pauluse a bue mantswe a hlahang ho 2 Bakorinthe 3:17? (b) Re lokela ho etsang hore re fumane tokoloho e tswang ho Jehova?

3 Lengolong lona leo, Pauluse o ile a bua ka kganya ya Moshe, ha Moshe a ne a theoha Thabeng ya Sinai ka mora hore a bue le lengeloi la Jehova. Batho ba ile ba tshoha ha ba bona sefahleho sa Moshe, yaba Moshe o ile a ikwahela ka lesira. (Ex. 34:29, 30, 33; 2 Bakor. 3:7, 13) Empa Pauluse o ile a re ha motho a sokolohela ho Jehova, “lesira le a tloswa.” (2 Bakor. 3:16) Mantswe ao a bolelang?

4 Sehloohong se fetileng re ithutile hore Jehova, Mmopi wa dintho tsohle, ke yena feela ya nang le bolokolohi bo se nang meedi. Sena se bolela hore ha Jehova a le teng le ha ‘moya wa hae o le teng,’ ho ba le tokoloho. Empa e le hore re fumane tokoloho eo, re lokela ho mo rata. Ha Baiseraele ba le lefelleng, ba ne ba sa tadime dintho ka tsela eo Jehova a neng a di tadima ka yona. Le hoja Jehova a ile a ba lokolla bokgobeng ba Egepeta, e ne eka dipelo tsa bona di ne di thatafaditswe mme ba amehile feela ka ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bona.—Baheb. 3:8-10.

5. (a) Moya o halalelang o fana ka tokoloho ya mofuta ofe? (b) Re tseba jwang hore tokoloho e tswang ho Jehova e ke ke ya fela le haeba re ka ba teronkong? (c) Re lokela ho araba dipotso dife?

5 Tokoloho eo moya wa Jehova o fanang ka yona, e phahametse eo motho a e fumanang ha a lokoloha bokgobeng ba sebele. Ho feta seo batho ba ka se finyellang, moya wa Jehova o re lokolla sebeng le lefung hammoho le bokgobeng ba borapedi ba leshano. (Bar. 6:23; 8:2) Eo ke tokoloho e babatsehang hakaakang! Motho a ka ba le tokoloho ena le ha a le teronkong kapa a le bokgobeng. (Gen. 39:20-23) Ka mohlala, Moradiwabo rona Nancy Yuen le Morabo rona Harold King, ba ile ba qeta dilemo tse ngata ba tshwerwe ka lebaka la ho emela tumelo ya bona empa seo ha se a ka sa fokodisa kamano ya bona le Modimo. O ka shebella ha ba pheta dipale tsa bona ho JW Broadcasting. (Sheba tlasa VIDEO ON DEMAND > INTERVIEWS AND EXPERIENCES > ENDURING TRIALS.) Empa re ka bontsha jwang hore re ananela tokoloho ya rona? Hona re ka etsa jwang hore re e sebedise hantle?

HO ANANELA TOKOLOHO EO MODIMO A RE FILENG YONA

6. Baiseraele ba ile ba bontsha jwang hore ha ba ananele bolokolohi boo Jehova a neng a ba file bona?

6 Ha re bona bohlokwa ba mpho e turang eo motho a re fileng yona, re susumelletseha hore re mo lebohe. Baiseraele ha ba a ka ba ananela tokoloho eo Jehova a ileng a ba fa yona ha a ne a ba lokolla bokgobeng ba Egepeta. Ka mora dikgwedi tse seng kae ba lokollotswe bokgobeng, ba ile ba qala ho hopola dijo tsa Egepeta mme ba korotla ka dintho tseo Jehova a neng a ba etsetsa tsona, ba bile ba batla ho kgutlela Egepeta. Ako nahane feela, ba ne ba nka ‘ditlhapi, dikomkomere, mahapu, diliki, dieiye le dikonofolo’ e le tsa bohlokwa ho feta bolokolohi boo Jehova Modimo wa nnete a neng a ba file bona. Ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a ba halefela! (Num. 11:5, 6, 10; 14:3, 4) Eo ke thuto ya bohlokwa hakaakang ho rona!

7. Ke jwang Pauluse a ileng a hla a etsa seo a se ngotseng ho 2 Bakorinthe 6:1, hona re ka mo etsisa jwang?

7 Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste bohle hore ba nke bolokolohi boo Modimo a ba fang bona ka Mora wa hae Jesu Kreste e le ba bohlokwa. (Bala 2 Bakorinthe 6:1.) Hopola bohloko boo Pauluse a ileng a bo utlwa ka lebaka la ho ba lekgoba la sebe le lefu. Le ha ho le jwalo, o ile a leboha Jehova a re: “Ho lebohuwe Modimo ka Jesu Kreste Morena wa rona!” Ke hobaneng ha a ne a bua jwalo? O ile a hlalosetsa Bakrestemmoho le yena a re: “Etswe molao wa moya oo o fanang ka bophelo bonngweng le Kreste Jesu o o lokolotse molaong wa sebe le wa lefu.” (Bar. 7:24, 25; 8:2) Ka ho tshwanang, le rona re lokela ho ananela hore Jehova o re lokollotse bokgobeng ba sebe le lefu. Ka lebaka la thekollo, re thabela ho sebeletsa Jehova ka letswalo le hlwekileng.—Pes. 40:8.

Na o sebedisa bolokolohi ba hao ho sebeletsa Jehova kapa ho etsa dintho tseo o di batlang? (Sheba serapa sa 8-10)

8, 9. (a) Moapostola Petrose o ile a fana ka temoso efe mabapi le ho sebedisa bolokolohi ba rona? (b) Ke maemo afe a kotsi ao re kopanang le ona kajeno?

8 Re ka bontsha hore re ananela bolokolohi ba rona ka ho qoba ho bo sebedisa hampe. Moapostola Petrose o ile a re lemosa hore re se ke ra sebedisa bolokolohi ba rona ho kgotsofatsa ditakatso tsa rona. (Bala 1 Petrose 2:16.) Temoso ena e re hopotsa tlokotsi e ileng ya hlahela Baiseraele lefelleng. Empa hona jwale, ke rona ba leng kotsing. Satane o sebedisa lefatshe la hae ho re susumetsa hore re etse diqeto tse fosahetseng dinthong tse kang moaparo, dijo, boithabiso le dintho tse ding tse ngata. Ka mohlala, lefatshe la hae le sebedisa dipapatso tse hohelang tse ka etsang hore re reke dintho tseo re sa di hlokeng. Ho ka ba bonolo haholo hore re hohelwe ke dintho tse jwalo, mme re qetelle re se re sebedisa bolokolohi ba rona hampe.

9 Re ka boela ra sebedisa keletso ena ya Petrose ha re etsa diqeto tse tebileng haholo bophelong, tse kang ho kgetha mosebetsi kapa hore na re tla ya yunivesithing. Ka mohlala, hona jwale batjha ba bangata ba dikolong, ba tlasa kgatello ya hore ba pase hantle e le hore ba kgone ho ya diyunivesithing tsa maemo a hodimo. Matitjhere a etsa hore ba dumele hore ha ba ka ya diyunivesithing tseo, ba tla fumana mosebetsi o patalang haholo. Ebile matitjhere a ba bolella ka dipatlisiso tse bontshang hore batjha ba tswang diyunivesithing tsa maemo, ba kgola tjhelete e ngata ho feta bana ba entseng thuto ya motheo feela. Ha batjha ba nahana ka dintho tsena, ba ka qetella ba entse diqeto tse fosahetseng tse tla ba ama bophelo bohle ba bona. Jwale, keng eo batjha le batswadi ba lokelang ho e hopola tabeng ee?

10. Keng seo re lokelang ho se hopola ha re sebedisa bolokolohi ba rona dinthong tse amang motho ka bomong?

10 Ka ha ditaba tsena ke diqeto tsa botho, Bakreste ba bang ba nahana hore ba na le bolokolohi ba ho etsa ntho eo ba e ratang, ha feela letswalo la bona le ba dumella. Mohlomong ba nahana ka mantswe ao Pauluse a ileng a a bolella Bakreste ba Korinthe mabapi le dijo, ha a ne a re: “Ke hobaneng ha tokoloho ya ka e ahlolwa ke letswalo la motho e mong?” (1 Bakor. 10:29) Le hoja re na le bolokolohi ba ho iketsetsa diqeto mabapi le thuto le mosebetsi, re lokela ho hopola hore bolokolohi ba rona bo na le meedi le hore re tla kotula seo re se jalang. Pele Pauluse a bua mantswe ao, o ile a qala ka ho re: “Dintho tsohle di dumellwa ke molao; empa ha se dintho tsohle tse molemo. Dintho tsohle di dumellwa ke molao; empa ha se dintho tsohle tse hahang.” (1 Bakor. 10:23) Mantswe ana a re ruta hore ho e na le ho nahana ka dintho tse ratwang ke rona feela, ho na le dintho tse ding tsa bohlokwa tseo re lokelang ho nahana ka tsona ha re sebedisa bolokolohi ba rona.

RE SEBEDISA BOLOKOLOHI BA RONA HANTLE HA RE SEBELETSA MODIMO

11. Ke hobaneng ha Jehova a ile a re lokolla sebeng le lefung?

11 Ka mora hore Petrose a fane ka temoso mabapi le ho sebedisa bolokolohi hampe, o ile a boela a hlalosa hore na re bo sebedise jwang. O ile a re kgothalletsa hore re be “makgoba a Modimo.” Ka hoo, lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jehova a sebedise Jesu Kreste ho re lokolla sebeng le lefung, e ne e le hore re inehele ho Jehova ka ho ba ‘makgoba a hae.’

12. Noe le ba lelapa la hae ba ile ba re behela mohlala ofe?

12 Ho qeta nako e ngata re sebeletsa Jehova, ho tla re sireletsa hore re se ke ra sebedisa bolokolohi ba rona hampe ebe jwale re ba makgoba a lefatshe lena hape. (Bagal. 5:16) Re bona bonnete ba sena mohlaleng wa ba ha Noe. Ba ne ba phela hara batho ba se nang boitshwaro le ba ratang merusu. Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba etsisa mekgwa ya batho bao. Ba ile ba thuswa keng? Ba ile ba kgetha ho qeta nako ba etsa mosebetsi wa Jehova, o neng o akarelletsa ho haha areka, ho bokella dijo bakeng sa bona le diphoofolo le ho bolella batho ka molaetsa wa Modimo. Bibele e re: “Noe [a] etsa ho ya ka sohle seo Modimo a mo laetseng sona. A feela a etsa jwalo.” (Gen. 6:22) Ho ile ha etsahalang ka Noe? Yena le ba lelapa la hae ba ile ba pholoha ha lefatshe la mehleng ya bona le ne le fediswa.—Baheb. 11:7.

13. Ke mosebetsi ofe oo Jesu a ileng a o fuwa mme hamorao a o fetisetsa ho balatedi ba hae?

13 Jehova o re file taelo efe kajeno? Jwalo ka barutuwa ba Jesu, re a tseba hore Jehova o re file mosebetsi ofe. (Bala Luka 4:18, 19) Kajeno, batho ba bangata ba foufaditswe dikelello ke modimo wa lefatshe lena ebile ke makgoba a bodumedi, a tjhelete le a dintho tse ding. (2 Bakor. 4:4) Jwalo ka Jesu, re na le monyetla wa ho thusa batho hore ba tsebe ba be ba rapele Jehova, Modimo wa tokoloho. (Mat. 28:19, 20) Empa mosebetsi oo ha o bonolo. Ka mohlala, dibakeng tse ding batho ha ba thabele molaetsa wa rona ebile ba re hloile. Ka hoo re lokela ho ipotsa: ‘Na nka sebedisa bolokolohi ba ka ho etsa ho eketsehileng mosebetsing wa Jehova?’

14, 15. Batho ba Modimo ba ikutlwa jwang ka mosebetsi wa boboledi? (Sheba setshwantsho se qalong.)

14 Ho a thabisa hore Bakreste ba bangata ba a hlokomela hore bofelo bo haufi haholo, ebile ba nolofatsa bophelo ba bona hore e be bopulamadiboho ba kamehla. (1 Bakor. 9:19, 23) Ba bang ba sebeletsa diphuthehong tsa habo bona, ha ba bang bona ba ya tlhokahalong. Dilemong tse hlano tse fetileng, bahweletsi ba fetang 250 000 ba ile ba kenela tshebeletso ya bopulamadiboho ba kamehla, e leng se etsang hore hona jwale ho be le bopulamadiboho ba ka hodimo ho 1 100 000 lefatsheng lohle. Ruri ho a thabisa ho bona Bakreste ba sebedisa bolokolohi ba bona ka tsela ena!—Pes. 110:3.

15 Bakreste baa ba ile ba thuswa keng hore ba sebedise bolokolohi ba bona ka tsela eo? Nahana ka mohlala wa John le Judith, ba ileng ba sebeletsa dinaheng tse ngata dilemong tse 30 tse fetileng. Ba re ha Sekolo sa Bopulamadiboho se ne se qala ka 1977, bopulamadiboho ba ne ba kgothalletswa ho ya tlhokahalong. Ka ha le bona ba ne ba batla ho ya tlhokahalong, John o re o ile a tlameha ho fetola mesebetsi ka makgetlo a mangata hore ba kgone ho iphedisa jwalo ka bopulamadiboho. Ha ba se ba le tlhokahalong naheng e nngwe, ba ile ba hlokomela hore ho rapela Jehova le ho beha tumelo ho yena ho ile ha ba thusa ho hlola diteko tse ngata, tse kang ho ithuta puo e ntjha, ho tlwaela setso sa batho ba moo le boemo ba lehodimo. Dilemo tseo ba di qetileng ba le tshebeletsong di ile tsa etsa hore ba ikutlwe jwang? John o re: “Ke ne ke utlwa eka ke kene tlwara! ka hara mosebetsi o monate ka ho fetisisa oo nkileng ka o etsa. Jehova o ile a ba motho wa sebele ho nna jwalo ka ntate ya lerato. Ke ile ka utlwisisa hore na lengolo la Jakobo 4:8 le bolelang ha le re: ‘Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.’ Ke ne ke tseba hore ke fumane seo ke neng ke se batla, e leng bophelo bo nang le morero.”

16. Batho ba bangata, bao maemo a bona a sa ba dumelleng ho ba bopulamadibo ba ile ba sebedisa bolokolohi ba bona jwang?

16 Ho fapana le John le Judith, maemo a Bakreste ba bang ha a ba dumelle hore ba qete dilemo tse ngata e le bopulamadiboho. Le ha ho le jwalo, ba bangata ba thusa mesebetsing ya kaho e etswang lefatsheng lohle. Ka mohlala ha ho ne ho hahwa ntlo kgolo e Warwick New York, bara le baradibabo rona ba 27 000 ba ile ba ithaopa. Ba bang ba ne ba qeta dibeke tse pedi ba ntse ba thusa, athe ba bang ba ne ba nka selemo kaofela kapa ho feta moo. Ba bangata ba bona ba ile ba itela hore ba tlo thusa. Ba re behetse mohlala o motle hakaakang wa ho sebedisa bolokolohi ba rona ho rorisa Jehova, Modimo wa tokoloho!

17. Batho ba sebedisang bolokolohi ba bona ka bohlale batla fumana moputso ofe?

17 Re a thaba hore e be re tseba Jehova ebile re na le bolokolohi ba ho mo rapela. E se eka re ka bontsha ka diqeto tseo re di etsang hore re ananela bolokolohi boo. Mohlomong re ka sebedisa bolokolohi ba rona ho etsa sohle seo re ka se kgonang tshebeletsong ya Jehova, ho e na le hore re bo sebedise hampe. Ha re sebeletsa Jehova, re tla fumana ditlhohonolofatso tseo a re tshepisitseng tsona boprofeteng bo reng: “Popo le yona e tla lokollwa bokgobeng ba ho bola mme e be le tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.”—Bar. 8:21.