Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo re ka Fumanang Tokoloho ya Sebele Kateng

Kamoo re ka Fumanang Tokoloho ya Sebele Kateng

“Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” —JOH. 8:36.

DIPINA: 65, 52

1, 2. (a) Ke bopaki bofe bo bontshang hore ho thata hore batho ba fumane tokoloho? (b) Ho ba le diphello dife ha batho ba lwanela tokoloho?

KAJENO batho ba bangata ba batla tokoloho kapa bolokolohi. Dinaheng tse ngata batho ba batla ho lokoloha dinthong tse kang ho hatellwa, kgethollo le bofutsana. Ba bang ba batla ho ba le bolokolohi ba ho ntsha maikutlo a bona le ba ho iketsetsa diqeto. Batho ba bangata ba batla ho iketsetsa borata.

2 Empa ha ho bonolo ho fumana bolokolohi bo jwalo. Ke ka hoo re bonang batho ba toyitoya hore ba bo fumane. Empa na ho etsa jwalo ho a ba thusa? Tjhe. Empa ditoyitoyi di baka merusu ebile di etsa hore batho ba bolayane. Dintho tsena kaofela di bontsha hore Morena Solomone o ne a bua nnete ha a re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntsha kotsi.’—Moek. 8:9.

3. Re ka etsang hore re fumane thabo ya sebele?

3 Morutuwa wa Jesu e leng Jakobo, o ile a bontsha hore na keng e tlisang thabo ya sebele. O ile a ngola a re: “Ya nyarelang ka molaong o phethahetseng wa tokoloho le ya phehellang ho wona . . . o tla thaba ho o etseng ha hae.” (Jak. 1:25) Ka ha Jehova ke yena ya re fileng molao oo o phethahetseng, o a tseba hore na re hlokang hore re thabe le hore re kgotsofale. O ile a fa banyalani ba pele ntho e nngwe le e nngwe eo ba neng ba e hloka hore ba thabe, ho akarelletsa le tokoloho ya sebele.

NAKONG EO BATHO BA NENG BA NA LE TOKOLOHO YA SEBELE

4. Adama le Eva ba ne ba na le tokoloho e jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Dikgaolo tse pedi tse qalang tsa Genese, di bua ka bolokolohi boo Adama le Eva ba neng ba na le bona, e leng boo batho kajeno ba labalabelang ho ba le bona. Banyalani bao, ba ne ba na le ntho e nngwe le e nngwe eo ba e batlang, ba sa tshabe letho ebile ho se na letho le ba hatellang. Ba ne ba sa tshwenyehe ka dijo, mosebetsi, ho kula kapa lefu. (Gen. 1:27-29; 2:8, 9, 15) Na see se bolela hore tokoloho ya bona e ne e se na meedi? A re boneng.

5. Ho fapana le seo batho ba se nahanang, keng eo batho ba e hlokang hore ba be le tokoloho?

5 Batho ba bangata kajeno, ba nahana hore ho ba le tokoloho ke ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e batlang ho sa tsotellehe ditlamorao tsa diketso tsa bona. Buka e nngwe e bitswang The World Book Encyclopedia e re tokoloho ke “bokgoni ba ho iketsetsa diqeto le ho di phetha.” E boetse e re: “Ho ya ka molao, batho ba ba le tokoloho haeba naha ya habo bona e ba behela meedi e lokileng, e hlokahalang le e utlwahalang.” Sena se bontsha hore meedi ke ya bohlokwa bakeng sa hore batho bohle ba thabele tokoloho ya bona. Jwale, re ka nna ra ipotsa: ‘Ke mang ya nang le tokelo ya ho etsa qeto ya hore na ke meedi efe e lokileng, e hlokahalang le e utlwahalang?’

6. (a) Ke hobaneng ha e le Jehova feela ya nang le tokoloho e se nang meedi? (b) Batho ba na le bolokolohi bo bokae, hona hobaneng?

6 Re lokela ho hopola hore Jehova Modimo ke yena feela ya nang le tokoloho e se nang meedi. Hobaneng? Hobane ke Mmopi wa dintho tsohle le Mmusi ya matla ohle. (1 Tim. 1:17; Tšen. 4:11) Nahana ka mantswe a Morena Davida ha a ne a hlalosa tsela e ikgethang eo Jehova a phahameng ka yona. (Bala 1 Likronike 29:11, 12.) Dibopuwa tsohle tse lehodimong le lefatsheng, di na le bolokolohi bo lekanyeditsweng. Di lokela ho amohela hore Jehova Modimo o na le matla a felletseng a ho etsa qeto ya hore na ke meedi efe e lokileng, e hlokahalang le e utlwahalang. Modimo o ile a behela batho ba pele meedi e jwalo.

7. Re thabiswa ke ho etsa dintho dife tsa tlhaho?

7 Le hoja Adama le Eva ba ne ba na le bolokolohi dinthong tse ngata, le bona ba ne ba behetswe meedi le ha e meng ya yona e ne e le ya tlhaho. Ka mohlala, ba ne ba tseba hore ba lokela ho hema, ho ja, ho robala le ho etsa dintho tse ding tse kang tseo, e le hore ba tswele pele ba phela. Na dintho tsee di ne di ka etsa hore ba se ke ba ba le bolokolohi? Tjhe, Jehova o ne a tseba hore ba tla thaba le ho kgotsofala ha ba di etsa. (Pes. 104:14, 15; Moek. 3:12, 13) Ha ho na motho ya sa natefelweng ke ho hema moya o phodileng, ho ja dijo tseo a di ratang le ho kgatholoha ka mora ho robala hamonate. Ebile ha re utlwe e le morwalo ho etsa dintho tsena. Re kgodisehile hore Adama le Eva le bona ba ne ba ikutlwa ka tsela eo.

8. Modimo o ile a fa batswadi ba rona ba pele taelo efe, hona hobaneng?

8 Jehova o ile a laela Adama le Eva hore ba ngatafale, ba tlale lefatshe le ho le hlokomela. (Gen. 1:28) Na taelo ee e ne e tla ba amoha bolokolohi? Tjhe! E ne e fa batho monyetla wa hore ba nke karolo morerong wa Mmopi wa bona, wa ho etsa hore lefatshe le be letle mme batho ba phethahetseng ba dule ho lona. (Esa. 45:18) Haeba motho a kgetha ho ba lesoha kapa ho se be le bana, ha se hore o kgahlanong le thato ya Modimo. Ho feta moo, batho ba bangata ba kgetha ho nyala le ho hodisa bana ho sa tsotellehe diphephetso le ditlamorao. (1 Bakor. 7:36-38) Hobaneng? Hobane hangata batho ba fumana thabo le kgotsofalo e tliswang ke ho etsa jwalo. (Pes. 127:3) Ka hoo, Adama le Eva ba ka be ba ile ba qeta bophelo bohle ba bona ba thabile lenyalong hammoho le bana ba bona.

TOKOLOHO YA SEBELE E ILE YA LAHLEHA JWANG?

9. Ke hobaneng ha taelo e ho Genese 2:17 e ne e le e lokileng, e hlokahalang le e utlwahalang?

9 Jehova o ile a fa Adama le Eva taelo e nngwe mme a re ba ne ba tla fumana kotlo haeba ba sa e mamele. O ile a re: “Ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Gen. 2:17) Na taelo ee e ne e sa loka, e sa hlokahale ebile e sa utlwahale? Na e ile ya etsa hore Adama le Eva ba se ke ba ba le bolokolohi? Le hanyenyane! Ha e le hantle, ditsebi tse ding tsa Bibele di re taelo ena e ne e le molemo ebile e utlwahala. Ka mohlala, setsebi se seng se re: “Taelo ya Modimo [e ho Genese 2:16, 17] e bontsha hore ke Modimo feela ya tsebang dintho tse molemo . . . le tse fosahetseng . . . bakeng sa batho. Batho ba lokela ho mamela Modimo e le hore ba fumane ‘dintho tseo tse molemo.’ Haeba ba sa mo mamele, ba tla lokela ho iketsetsa qeto ya hore na ke dintho dife tse molemo . . . le tse fosahetseng.” Oo ke morwalo oo batho ba ke keng ba kgona ho itjarela wona.

Qeto ya Adama le Eva e ile ya ba tlisetsa ditlamorao tse bohloko! (Sheba serapa sa 9-12)

10. Ke hobaneng ha re sa lokela ho nka hore bolokolohi ba ho ikgethela bo tshwana le ho tokelo ya ho etsa qeto ya se nepahetseng le se fosahetseng?

10 Kajeno batho ba bangata ba ka nna ba bona eka Jehova o ne a tima Adama bolokolohi ha a ne a mo fa taelo e ho Genese 2:17. Ha ba utlwisise hore ho na le phapang pakeng tsa ho ba le bolokolohi ba ho ikgethela le tokelo ya ho etsa qeto ya se nepahetseng le se fosahetseng. Adama le Eva ba ne ba na le bolokolohi ba ho kgetha hore na ba tla mamela Modimo kapa tjhe. “Sefate sa tsebo ya botle le bobe” se neng se le Edene, se ne se tshwantshetsa tokelo eo e leng Jehova feela ya nang le yona ya ho beha melao ya se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 2:9) Ha se kamehla re kgonang ho tseba hore na ditlamorao tsa diqeto tsa rona e tla ba dife. Ka dinako tse ding, batho ba ka nna ba etsa diqeto ka sepheo se setle empa ba hlahelwe ke ditlamorao tse bosula. (Liprov. 14:12) Lebaka ke hobane batho ba na le mefokolo. Ha Jehova a ne a fa Adama le Eva taelo e ho Genese 2:17, o ne a ba ruta ho sebedisa bolokolohi ka tsela e nepahetseng. O ne a ba ruta ka tsela efe, hona banyalani bao ba ile ba etsang?

11, 12. Ke hobaneng ha qeto ya Adama le Eva e ile ya ba le ditlamorao tse bohloko? Fana ka mohlala.

11 Batswadi ba rona ba pele ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo. Satane o ile a thetsa Eva a re: “Mahlo a lona a tla tutuboloha mme le tla ba jwalo ka Modimo, le tsebe botle le bobe.” Eva o ile a kgolwa mashano ao. (Gen. 3:5). Na qeto ya Adama le Eva e ile ya etsa hore ba be le bolokolohi bo eketsehileng? Tjhe. Ba ile ba ithuta hore ho se mamele Jehova ho tlisa ditlamorao tse bohloko. (Gen. 3:16-19) Hobaneng? Hobane Jehova ha a fa batho bolokolohi ba ho ikgethela se nepahetseng le se fosahetseng.—Bala Liproverbia 20:24; Jeremia 10:23.

12 Re ka tshwantsha sena le mokganni wa sefofane. E le hore a fihle moo a yang teng ka katleho, o se fofisa moo ho loketseng, o latela ditaelo tse fanweng mme o buisana le balaola sephethephethe sa difofane. Empa haeba mokganni wa sefofane a se fofisa moo a sa lokelang ho se fofisa teng, seo se ka tlisa mathata. Jwalo ka mokganni eo, Adama le Eva le bona ba ile ba batla ho iketsetsa borata. Ba ile ba hana ho mamela molao wa Modimo. Yaba ho etsahalang? Ho ile ha hlaha mathata! Qeto ya bona e ile ya fella ka hore bona le batho bohle, e be baetsadibe mme ba shwe. (Bar. 5:12) Adama le Eva ha ba a ka ba fumana tokoloho eo ba neng ba ithetsa ka hore ba tla ba le yona. Ho e na le hoo, ba ile ba lahlehelwa ke tokoloho ya sebele eo Jehova a neng a ba file yona.

KA MOO RE KA FUMANANG TOKOLOHO YA SEBELE KATENG

13, 14. Re ka fumana tokoloho ya sebele jwang?

13 Batho ba nahana hore ho ba le bolokolohi bo bongata ho tla etsa hore ba thabe, empa nnete ke hore bolokolohi bo se nang meedi bo ka ba kotsi. Ke nnete hore tokoloho e na le melemo e mengata. Empa nahana feela hore na lefatsheng ho ne ho tla ba jwang haeba ho ne ho se na melao! Ke ka hoo buka ya The World Book Encyclopedia e reng: “Naha e nngwe le e nngwe e na le melao e rarahaneng e behelang batho meedi ya bolokolohi.” Ruri melao eo e ‘rarahane.’ Ako nahane feela hore na ho na le diqubu tse kae tsa dibuka tsa melao, re se re sa bue letho ka diakgente le bomakgistrata ba bangata ba hlokahalang hore ba e hlalose le ho tiisa hore e a latelwa.

14 Jesu o ile a hlalosa hore na re ka etsang hore re be le tokoloho ya sebele. O ile a re: “Haeba le dula lentsweng la ka, ka sebele le barutuwa ba ka, le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Joh. 8:31, 32) Jesu o re re lokela ho etsa dintho tse pedi haeba re batla ho fumana tokoloho ya sebele: Ya pele, ke ho mamela dithuto tseo a neng a di ruta. Ya bobedi, ke ho ba molatedi wa hae. Empa Jesu o ne a bolela hore re tla lokoloha ho eng? O ile a hlalosa a re: “Moetsi e mong le e mong wa sebe ke lekgoba la sebe. . . . Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.”—Joh. 8:34, 36.

15. Ke hobaneng ha tokoloho eo Jesu a e tshepisitseng e tla etsa hore re lokolohe e le kannete?

15 Ho hlakile hore tokoloho eo Jesu a ileng a e tshepisa barutuwa ba hae e phahametse tokoloho ya dipolotiki eo batho ba ntseng ba e lwanela. Ha Jesu a ne a re “haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha,” o ne a bua ka ho lokoloha bokgobeng ba sebe. Sebe ha se etse hore re etse dintho tse mpe feela empa se boetse se re thibela ho etsa dintho tse nepahetseng. Re makgoba a sebe mme ke ka hoo ka dinako tse ding re tshwenyehang, re utlwang bohloko, mme qetellong re shwa. (Bar. 6:23) Moapostola Pauluse o ile a utlwa bohloko bo tebileng ka lebaka la sebe. (Bala Baroma 7:21-25.) Ha re se re se na sebe, re tla ba le tokoloho ya sebele eo batswadi ba rona ba pele ba neng ba na le yona.

16. Re ka ba le tokoloho ya sebele jwang?

16 Mantswe a Jesu a reng “haeba le dula lentsweng la ka,” a bolela hore re lokela ho mo mamela haeba re batla hore a re lokolle. Jwalo ka Bakreste ba inehetseng, re ile ra itatola ebile re ikemiseditse ho phela ka dithuto tsa Kreste jwalo ka barutuwa ba hae. (Mat. 16:24) Jwalo ka ha Jesu a ile a tshepisa, re tla ba le tokoloho ya sebele ha re se re rua molemo ka ho felletseng sehlabelong sa Kreste sa thekollo.

17. (a) Keng e tla etsa hore re kgotsofale bophelong? (b) Re tla bua kang sehloohong se latelang?

17 Ka ha re barutuwa ba Jesu, ho latela dithuto tsa hae, ho tla etsa hore re thabe re be re kgotsofale. Ha re etsa jwalo re tla ba le monyetla wa ho lokoloha ka ho felletseng bokgobeng ba sebe. (Bala Baroma 8:1, 2, 20, 21.) Sehloohong se latelang, re tlo bua ka hore na re ka sebedisa bolokolohi ba rona jwang ho tlotlisa Jehova, Modimo ya fanang ka tokoloho ya sebele.