TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG March 2018

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 30 April ho ya ho la 3 June 2018.

Kolobetso ke ya Bohlokwa ho Bakreste

Bibele e reng ka kolobetso? Ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka pele a kolobetswa? Hape ke hobaneng ha mohweletsi a lokela ho kgothalletsa bana ba hae kapa batho bao a ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe?

Batswadi, Thusang Bana ba Lona Hore ba Kolobetswe?

Batswadi ba Bakreste ba batla ho kgodiseha kang pele bana ba bona ba kolobetswa?

DIPOTSO TSE TSWANG HO BABADI

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha Pauluse a hlaha a le lefatla kapa a na le moriri o monyenyane dingolweng le divideong tsa Dipaki Tsa Jehova?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Amohela Baeti?

Ke hobaneng ha Mangolo a kgothalletsa Bakreste ho amohela baeti? Ke menyetla efe eo re nang le yona ya ho amohela baeti? Re ka tlosa ditshitiso tsa ho amohela beti jwang?

PALE YA BOPHELO

Ha ho Mohla Jehova a Kileng a Ntlohela!

Erika Nöhrer Bright has served as a regular pioneer, special pioneer, and missionary. e ile ya ba pulamadiboho ba ka mehla, pulamadiboho ya kgethehileng, ya ba ya ba morumuwa. O hopola ka moo Modimo a mo thusitseng ka teng, a mo matlafatsa mme a dula a na le yena dilemo tsohle tseo a mo sebeleditseng ka tsona ka botshepehi.

Kgalemelo ke Bopaki ba Hore Modimo o a re Rata

Keng seo re ka ithutang sona bathing bao Modimo a ileng a ba kgalemela nakong e fetileng? Re ka etsisa Jehova jwang ha re kgalemela ba bang?

“Mamelang Tayo Mme le Hlalefe”

Modimo o re ruta boitshwaro ka ditsela dife? Re ka rua molemo jwang tayong eo re e fumanang ka phuthehong ya Bokreste?