Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kolobetso ke ya Bohlokwa ho Bakreste

Kolobetso ke ya Bohlokwa ho Bakreste

Se lekanang le sena le sona jwale se a le pholosa, e leng, kolobetso.”1 PET. 3:21.

DIPINA: 7, 56

1, 2. (a) Batswadi ba bang ba Bakreste ba ikutlwa jwang ha bana ba bona ba batla ho kolobetswa? (b) Ke hobaneng ha batho ba tlang ho kolobetswa ba botswa hore na ba se ba inehetse ho Jehova? (Sheba setshwantsho se qalong.)

BATSWADI ba ngwanana eo re tla mmitsa Maria, ba mo shebile ha a eme ka pele le batho ba bang ba yang kolobetsong. O ile a araba ka lentswe le phahameng dipotso tse pedi tseo sebui se neng se di botsa. Ka mora moo, o ile a kolobetswa.

2 Batswadi ba Maria ba ne ba le motlotlo ka moradi wa bona, hore ebe o entse qeto e bohlale ya ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa. Le ha ho le jwalo, mme wa hae o ne a kgathatsehile. O ne a ipotsa: ‘Na ebe Maria ha a monyenyane hore a ka kolobetswa? Na e hlile o a utlwisisa hore na kolobetso e bolelang? Na ebe o ne a sa lokela ho ema hanyane hore a hole pele a kolobetswa?’ Tsena ke dipotso tseo batswadi ba ipotsang tsona ha bana ba bona ba batla ho kolobetswa. (Moek. 5:5) Ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba Mokreste.—Sheba lebokose le reng “ Na o se o Inehetse ho Jehova?

3, 4. (a) Moapostola Petrose o ile a etsa mohlala kang ho bontsha bohlokwa ba ho kolobetswa? (b) Ke hobaneng ha kolobetso e ka tshwantshwa le ho haha areka ya mehleng ya Noe?

3 Moapostola Petrose o ile a tshwantsha ho kolobetswa le ho haha areka. O ile a re jwalo ka areka, kolobetso ‘e a re pholosa.’ (Bala 1 Petrose 3:20, 21.) Areka e ne e le bopaki ba hore Noe o ne a ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo. Ka botshepehi, Noe o ile a etsa mosebetsi oo Jehova a neng a mo file ona. Noe le balelapa la hae ba ile ba pholoha Morwallo, ka ha ba ne ba na le tumelo ho Modimo. Re ithutang mohlaleng oo wa Petrose?

4 Areka e ne e le bopaki ba hore Noe o ne a na le tumelo ho Modimo. Ka ho tshwanang, ha re kolobetswa re fana ka bopaki ba hore re inehetse ho Jehova ka lebaka la tumelo ya rona ho Kreste ya tsositsweng. Jwalo ka Noe, batho ba inehetseng ho Modimo ba a mo mamela ebile ba etsa mosebetsi oo a ba fileng ona. Jwalo ka ha Noe a ile a pholoha Morwallo, ka ho tshwanang batho ba kolobeditsweng le ba tshepahalang, ba tla pholoha ha Modimo a fedisa lefatshe. (Mar. 13:10; Tšen. 7:9, 10) Sena se bontsha hore ho inehela le ho kolobetswa ke ntho ya bohlokwa. Ka hona, motho ya ntseng a dieha ho kolobetswa ka mabaka a sa utlwahaleng, o ipeha kotsing ya ho lahlehelwa ke bophelo bo sa feleng.

5. Re tla bua kang sehloohong sena?

5 E le hore re bone bohlokwa ba kolobetso, a re ke re hlahlobeng dipotso tse tharo tse latelang. Bibele e reng ka ho kolobetswa? E le hore motho a tshwanelehe ho kolobetswa o lokela ho nka mehato efe? Ke hobaneng ha o lokela ho hopola hore kolobetso ke ya bohlokwa hakae ha o ruta ngwana wa hao Bibele kapa o ruta motho e mong tshimong?

SEO BIBELE E SE BUANG KA KOLOBETSO

6, 7. (a) Hlalosa hore na kolobetso ya Johanne e ne e bolelang. (b) Ke kolobetso efe e kgethehileng eo Johanne a ileng a e etsa?

6 Kolobetso ya pele eo Bibele e buang ka yona ke e ileng ya etswa ke Johanne Mokolobetsi. (Mat. 3:1-6) Batho bao a neng a ba kolobetsa, ba ne ba bontsha hore ba baketse dibe tsa bona tseo ba di entseng kgahlanong le Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele. Le ha ho le jwalo, kolobetso ya bohlokwa ka ho fetisisa eo Johanne a ileng a e etsa, e ne e se ya motho ya bakelang dibe tsa hae. E ne e le kolobetso ya Mora wa Modimo e leng Jesu Kreste. (Mat. 3:13-17) Ka ha Jesu o ne a se na sebe, o ne a sa hloke hore a bake. (1 Pet. 2:22) Ka hoo, ha a ne a kolobetswa, o ne a bontsha hore o ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo.—Baheb. 10:7.

7 Nakong eo Jesu a neng a etsa tshebeletso ya hae mona lefatsheng, barutuwa ba hae le bona ba ne ba kolobetsa batho. (Joh. 3:22; 4:1, 2) Batho bana ba ne ba kolobetswa hobane ba ne ba baketse dibe tsa bona tseo ba di entseng kgahlanong le Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele. Le ha ho le jwalo, ka mora hore Jesu a shwe a be a tsosetswe lehodimong, batho ba neng ba tla kolobetswa ba ne ba tla kolobetswa ka lebaka le fapaneng.

8. (a) Ka mora hore Jesu a tsoswe bafung, o ile a fa balatedi ba hae taelo efe? (b) Hlalosa hore ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore Bakreste ba kolobetswe.

8 Ka selemo sa 33, Jesu o ile a hlaha ka pela letshwele la banna le basadi ba ka bang 500 mohlomong ho akarelletsa le bana. Ho ka etsahala hore ebe ke hona moo a ileng a bua mantswe a reng: “Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moya o halalelang, le ba rute ho boloka dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 15:6) Jesu o ile a re balatedi ba hae ba etse barutuwa. Ke ka hoo Jesu a ileng a re mang kapa mang ya batlang ho ba morutuwa wa hae o lokela ho kolobetswa. (Mat. 11:29, 30) E le hore motho a sebeletse Modimo ka tsela e mo kgahlisang, o lokela ho dumela hore Jehova o sebedisa Jesu ho etsa thato ya hae. Ka mora moo motho eo a ka kolobetswa mme Modimo o tla mo amohela. Bibele e fana ka bopaki ba hore Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba ne ba lokela ho kolobetswa mme ba ne ba sa diehe ho etsa jwalo.—Lik. 2:41; 9:18; 16:14, 15, 32, 33.

O SE KE WA DIEHA

9, 10. Re ithutang ka kolobetso mohlaleng wa monna wa Moethiopia le mohlaleng wa moapostola Pauluse?

9 Bala Liketso 8:35, 36. Bibele e bua ka monna wa Moethiopia ya neng a tswa Jerusalema ho ya rapela. Lengeloi la Jehova le ile la re Filipi a bollele monna eo “ditaba tse molemo mabapi le Jesu.” Na monna wa Moethiopia o ile a mamela? Seo a ileng a se etsa se bontsha hore o ile a mamela. O ile a utlwisisa dintho tseo Filipi a neng a mo ruta tsona mme a kolobetswa hanghang.

10 Mohlala wa bobedi ke wa monna wa Mojuda ya bitswang Saule ya neng a hlorisa Bakreste. Le hoja setjhaba sa habo sa Bajuda e ne e le sa Modimo, hamorao se ile sa lahlehelwa ke kamano ya sona le Jehova. Saule o ne a kgodisehile hore o etsa thato ya Modimo ha a ne a hlorisa Bakreste. Empa ka letsatsi le leng, Jesu o ile a bolella Saule ditaba tse molemo. Na Saule o ile a mamela? E ho jwalo, o ile a ba a amohela thuso ho molatedi wa Jesu e leng Ananiase. Bibele e re Saule o ile a “ema mme a kolobetswa.” (Lik. 9:17,18; Bagal. 1:14) Hamorao o ile a tsejwa e le moapostola Pauluse. Ela hloko hore Pauluse o ile a kolobetswa ka mora hore a utlwisise karolo eo Jesu a e phethang morerong wa Modimo.—Bala Liketso 22:12-16.

11. (a) Keng e etsang hore batho ba ntseng ba ithuta Bibele ba batle ho kolobetswa? (b) Re ikutlwa jwang ha re bona batho ba kolobetswa?

11 Kajeno ho etsahala se tshwanang ka batho ba ithutang Bibele, ho sa tsotellehe hore na ke bana kapa ke batho ba baholo. Ka ha ba na le tumelo mme ba rata seo ba ithutang sona Bibeleng, ba inehela ho Modimo mme ba a kolobetswa. Kamehla ho a thabisa ho mamela puo ya kolobetso dikopanong tse kgolo le tse nyenyane. Dipaki Tsa Jehova di a thaba ha di bona moithuti wa Bibele a hatela pele mme a kolobetswa. Batswadi ba Bakreste ba a thaba ha ba bona bana ba bona ba etsa se tshwanang. Ka selemo sa tshebeletso sa 2017 batho ba fetang 284 000 ba ile ba inehela ho Jehova ka kolobetso. (Lik. 13:48) Ho hlakile hore batho bana ba a utlwisisa hore Mokreste o lokela ho kolobetswa. Empa ke mehato efe eo ba ileng ba e nka pele ba kolobetswa?

12. Ke mehato efe eo batho ba batlang ho kolobetswa ba lokelang ho e nka?

12 Pele motho a kolobetswa, o lokela ho ba le tumelo ho Modimo le ho tseba thato ya hae. (1 Tim. 2:3-6) Ho ba le tumelo ho thusa motho hore a mamele melao ya Jehova. (Lik. 3:19) Ho hlakile hore haeba motho a ntse a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova, a ke ke a tshwaneleha ho kolobetswa. (1 Bakor. 6:9, 10). Empa ho hlokahala hore re etse ho fetang ho mamela melao ya Modimo ya boitshwaro. Motho ya batlang ho kolobetswa o lokela ho ba teng dibokeng tsa Bokreste mme a nke karolo mosebetsing wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Jesu o ile a re mosebetsi ona o tla etswa ke barutuwa ba hae ba nnete. (Lik. 1:8) Motho ya batlang ho kolobetswa o lokela ho etsa dintho tsena kaofela, mme ka mora moo a inehele ka thapelo ho Jehova mme a kolobetswe ka pela batho ba bang e le pontsho ya hore o inehetse ho Jehova.

SEO BATHO BAO RE ITHUTANG BIBELE LE BONA BA BATLANG HO SE FINYELLA

Hlalosetsa motho eo o mo ballang hore kolobetso ke ya bohlokwa. (Sheba serapa sa 13)

13. Ke hobaneng ha re lokela ho bua le batho bao re ba rutang Bibele ka ho kolobetswa?

13 E le hore bana ba rona le batho bao re ithutang Bibele le bona e be barutuwa ba Jesu, ba lokela ho kolobetswa. Haeba re dula re hopola seo, re ke ke ra tshaba ho bua le bona ka ho kolobetswa. Re batla hore qetellong bana ba rona le batho bao re ithutang Bibele le bona ba kolobetswe.

14. Ke hobaneng ha re sa lokela ho qobella batho ho kolobetswa?

14 Ha ho na motho ya lokelang ho qobellwa ke motswadi, motho ya mo rutang Bibele kapa motho le ha e le ofe ka phuthehong hore a kolobetswe. Jehova ha a re qobelle hore re mo sebeletse. (1 Joh. 4:8) Ho e na le ho ba qobella, re lokela ho ba kgothalletsa hore ba be le kamano e ntle le Modimo. Haeba motho a rata dintho tseo a ithutang tsona ka Bibeleng, a bile a batla ho ba Mokreste, o tla kolobetswa.—2 Bakor. 5:14, 15.

15, 16. (a) Motho o lokela ho ba dilemo di kae pele a kolobetswa? Hlalosa. (b) Ke hobaneng ha motho a lokela ho kolobetswa e le e mong wa Dipaki tsa Jehova, le hoja a ile a kolobetswa kerekeng eo a neng a le ho yona pele?

15 Ha ho hlokahale hore motho a be le dilemo tse itseng hore a kolobetswe. Batho ha ba tshwane mme ba bang ba utlwisisa dintho kapele ho feta ba bang. Batho ba bang ba kolobetswa ba le banyenyane, ebe ba tswela pele ba tshepahalla Jehova ba sa kgaotse. Athe ba bang ba kolobetswa ba se ba hodile hobane ba ithuta Bibele dilemo di se di ile, mohlomong ba bang ba le dilemo tse fetang 100!

16 Nkgono e mong o ile a botsa Paki e neng e mo balla hore na ho a hlokahala hore a kolobetswe ka ha o ne a se a ile a kolobetswa dikerekeng tseo a neng a di kena pele. Paki eo e ile ya mo hlalosetsa taba eo e sebedisa Mangolo. Ka mora moo, nkgono eo o ile a kolobetswa hobane o ne a se a utlwisisa hore na ho hlokahalang hore motho a kolobetswe. Le hoja a ne a le dilemo tse ka tlasenyana ho 80, o ile a bona hore ho a hlokahala hore a kolobetswe. Ka hoo, ho hlakile hore ka mora hore motho fumane tsebo e nepahetseng ka Jehova le ka thato ya hae, o lokela ho kolobetswa, esita le haeba a ne a kolobeditswe kerekeng eo a neng a le ho yona pele.—Bala Liketso 19:3-5.

17. Motho o lokela ho nahana kang ka letsatsi la hae la kolobetso?

17 Letsatsi la kolobetso ke letsatsi le thabisang. Empa ho na le dintho tseo motho ya kolobetswang a lokelang ho nahana ka tsona letsatsing leo. O lokela ho hopola hore ha ho na ba bonolo ho phelela boinehelo ba hae. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ho ba Mokreste ho tshwana le ho jara joko. Ke ha bohlokwa hore Bakreste “ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ya ileng a ba shwela mme a tsoswa.”—2 Bakor. 5:15; Mat. 16:24.

18. Re tlo araba dipotso dife sehloohong se latelang?

18 Ho kolobetswa ke ntho e tebileng. Ke ka hoo mme wa Maria a neng a ipotsa dipotso tseo re buileng ka tsona qalong ya sehlooho sena. Haeba o motswadi, e ka nna yaba o a ipotsa: ‘Na ngwana wa ka o se a loketse ho kolobetswa? Na o na le tsebo e lekaneng hore a ka inehela ho Modimo? Na ngwana wa ka o lokela ho ya univesithi kapa college le ho fumana mosebetsi pele a ka kolobetswa?’ Ho tla etsahalang ha ngwana wa ka a ka etsa sebe se tebileng ka mora hore a kolobetswe? Sehloohong se latelang re tla araba dipotso tsena.