Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batswadi, Thusang Bana ba Lona Hore ba Kolobetswe?

Batswadi, Thusang Bana ba Lona Hore ba Kolobetswe?

“Ke hobaneng ha o dieha? Ema mme o kolobetswe.” LIK. 22:16.

DIPINA: 59, 89

1. Batswadi ba lokela ho netefatsa eng pele bana ba bona ba kolobetswa?

“HO FETILE dikgwedi ke ntse ke bolella batswadi ba ka hore ke batla ho kolobetswa. Ba ile ba bua le nna ka makgetlo e le ho netefatsa hore na ke utlwisisa seo kolobetso e se bolelang. Ke ile ka qetella ke kolobeditswe ka la 31 December 1934.” Mantswe ana a builwe ke Moradiwabo rona Blossom Brandt. Batswadi ba bangata kajeno, ba etsa se tshwanang le se ileng sa etswa ke batswadi ba Blossom. Ho diehisa ngwana ho kolobetswa ho se na mabaka a utlwahalang, ho ka senya kamano ya hae le Jehova. (Jak. 4:17) Le ha ho le jwalo, pele ngwana a kolobetswa, batswadi ba lokela ho netefatsa hore na o se a loketse ho ba Mokreste.

2. (a) Balebedi ba bang ba potoloho ba tshwenyehile ka eng? (b) Re tlo bua kang sehloohong sena?

2 Balebedi ba potoloho ba tshwenyehile ka boemo boo ba kopanang le bona diphuthehong tse ding. Ho na le batjha ba dilemong tsa bo 20 ba holetseng malapeng a Bakreste, empa ba so kolobetswe. Bongata ba batjha bana, ba tla dibokeng kamehla mme ba tsamaya tshimo ebile ba ipitsa Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, ba tshaba ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa. Ebe lebaka ke lefe? Ba bang ba kgothalleditswe ke batswadi ba bona hore ba se ke ba potlakela ho kolobetswa. Sehloohong sena, re tla bua ka mabaka a mane a etsang hore batswadi ba bang ba Bakreste ba se ke ba kgothalletsa bana ba bona hore ba kolobetswe.

EBE NA NGWANA WA KA HA A MONYENYANE HAHOLO?

3. Batswadi ba Blossom ba ne ba amehile ka eng?

3 Batswadi ba Blossom eo re buileng ka yena qalong, ba ne ba amehile ka hore na ngwana wa bona o hodile ka ho lekaneng hore a ka utlwisisa se bolelwang ke kolobetso. Batswadi ba ka tseba jwang hore ngwana o se a loketse kolobetso?

4. Taelo e ho Matheu 28:19, 20, e ka thusa batswadi jwang ha ba ruta bana ba bona?

4 Bala Matheu 28:19, 20. Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, Bibele ha e bue hore na motho o lokela ho kolobetswa a le dilemo di kae. Le ha ho le jwalo, batswadi ba ka thuswa ke ho hopola se bolelwang ke ho etsa motho morutuwa. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “etsa barutuwa” ho Matheu 28:19, 20, le bolela ho ruta motho ka sepheo sa ho mo etsa morutuwa. Morutuwa ke motho ya utlwisisang dithuto tsa Jesu mme a ikemiseditse ho phela ka tsona. Ka lebaka leo, batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ho tloha boseeng ka sepheo sa ho ba thusa hore e be barutuwa ba Kreste. Ke nnete hore lesea ha le tshwanelehe hore le ka kolobetswa. Le ha ho le jwalo, Bibele e bontsha hore esita le bana ba banyenyane, ba ka kgona ho utlwisisa seo Bibele e se rutang.

5, 6. (a) Seo Bibele e se buang ka Timothea se re rutang ka kolobetso? (b) Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang?

5 Timothea o ile a etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova a sale monyenyane. Moapostola Pauluse o ile a re Timothea o ithutile Mangolo “ho tloha boseeng.” Le hoja Ntate wa Timothea e ne e se Mokreste, Mme wa Timothea le nkgono wa hae ba ile ba mo ruta Mangolo. Ka lebaka leo, o ile a ba le tumelo e matla ho Modimo. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Ha a le dilemo tse ka bang 20, o ne a se a tshwaneleha hore a ka fumana boikarabelo ka phuthehong.—Lik. 16:1-3.

6 Bana ha ba tshwane, ebile ha ba utlwisise nnete ya Bibele ka tsela e tshwanang. Ha ba etse diqeto tse tshwanang mme ba bang ba ka kgetha ho kolobetswa ba sa le banyenyane, ha ba bang bona ba kgetha ho kolobetswa ha ba se ba le baholo. Ke ka hoo batswadi ba sa lokelang ho hatella bana ba bona hore ba kolobetswe. Ho e na le hoo, ba lokela ho thusa bana ba bona ho rata Jehova le ho ba le kamano e ntle le yena. Batswadi ba a thaba ha ngwana a mamela keletso e ho Liproverbia 27:11. (E bale.) Ba lokela ho hopola hore sepheo sa bona ke ho thusa bana hore e be balatedi ba Kreste. Ka hoo, batswadi ba lokela ho ipotsa, ‘Na ebe ngwana wa ka o utlwisisa ka ho felletseng hore na ho kolobetswa ho bolelang?’

NA EBE NGWANA WA KA O A UTLWISISA?

7. Na motho o lokela ho ba le tsebo e ngata ka Bibele pele a ka kolobetswa? Hlalosa.

7 Ha batswadi ba ruta bana ba bona Bibele, ba lokela ho ba ruta ka tsela e ruisang molemo le e tla ba susumelletsa ho inehela ho Modimo. Sena ha se bolele hore ngwana o lokela ho tseba ntho e nngwe le e nngwe e ka Bibeleng pele a kolobetswa. Mokreste e mong le e mong o lokela ho tswela pele ho ithuta ka Modimo le ka mora hore a kolobetswe. (Bala Bakolose 1:9, 10.) Jwale, ho hlokahala hore motho a be le tsebo e kae pele a kolobetswa?

8, 9. Re ka ithutang mohlaleng wa Pauluse le molebedi wa teronko?

8 Mohlala ona o latelang o ka thusa batswadi. (Lik. 16:25-33) Hoo e ka bang ka selemo sa 50, ha Pauluse a ne a le leetong la hae la bobedi la boromuwa, o ile a etela motseng o bitswang Filipi. Ha Pauluse le Silase ba le moo, ba ile ba qoswa ka bohata mme ba kwallwa teronkong. Bosiung boo, ho ile ha ba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe e ileng ya bula menyako yohle ya teronko. Molebedi wa teronko o ne a batla ho ipolaya, ka ha o ne a nahana hore batshwaruwa ba balehile. Empa Pauluse o ile a mo thiba. Ka lebaka leo, Pauluse le Silase ba ile ba fumana monyetla wa ho bolella molebedi wa teronko le lelapa la hae ditaba tse molemo. Ba ile ba nka mohato ofe ka mora hore ba utlwe ditaba tse molemo? Ba ile ba kolobetswa hanghang. Re ithutang tlalehong ena?

9 Ho ka etsahala hore molebedi wa teronko e ne e le lesole la Moroma. Ka hoo, o ne a sa tsebe Bibele. E le hore a tsebe Bibele, o ne a lokela ho ithuta dithuto tsa yona tsa motheo, a utlwisise hore na ho bolelang ho ba mohlanka wa Modimo. O ne a boetse a lokela hore a ikemisetse ho mamela dithuto tsa Jesu. Seo a ileng a ithuta sona se e ile sa mo thusa hore a kolobetswe. O ile a tswela pele ho ithuta ka Modimo le ka mora hore a kolobetswe. Jwale o lokela ho etsang ha ngwana a o jwetsa hore o batla ho kolobetswa hobane a rata Jehova? Mo kgothalletse hore a bue le baholo, hore ba bone hore na o a tshwaneleha kapa tjhe. * Jwalo ka Bakreste ba bang kaofela, o tla tswela pele ho ithuta ka Jehova bophelo bohle ba hae le ha a se a le lefatsheng le letjha.—Bar. 11:33, 34.

NA NGWANA WA KA O LOKELA HO YA UNIVESITHI?

10, 11. (a) Batswadi ba bang ba reng? (b) Keng seo batswadi ba lokelang ho kgathatseha ka sona?

10 Batswadi ba bang ba batla hore bana ba bona ba rutehe kapa ba fumane mesebetsi e patalang hantle, pele ba ka nahana ka ho kolobetswa. Mabaka ao a ka bonahala eka a a utlwahala, empa batswadi ba lokela ho ipotsa: ‘Na see se tla thusa ngwana wa ka ho atleha bophelong? Na see se dumellana le melaomotheo ya Bibele? Jehova o batla hore re phele ka tsela efe?’—Bala Moeklesia 12:1.

11 Ke ha bohlokwa ho hopola hore lefatshe lena le kgahlanong le tsela eo Jehova a batlang hore re nahane le ho etsa dintho ka yona. (Jak. 4:7, 8; 1 Joh. 2:15-17; 5:19) Ha ngwana a na le kamano e ntle le Jehova, o tla kgona ho hlola diteko tsa Satane. Haeba batswadi ba kgothalletsa bana ba bona ho ya univesithi le ho batla mosebetsi o patalang tjhelete e ngata, ba ka etsa hore ngwana a nke maruo e le a bohlokwa ho feta ho ba le kamano e ntle le Jehova. Na motswadi wa Mokreste a ka dumella hore lefatshe le susumetse tsela eo ngwana a nahanang ka yona ka maruo? Thabo ya sebele e tliswa ke ha feela motho a sebeletsa Jehova, e seng maruo.—Bala Pesaleme ya 1:2, 3.

HO TLA ETSAHALANG HA NGWANA WA KA A KA ETSA SEBE SE TEBILENG?

12. Ke hobaneng ha batswadi ba bang ba kgothalletsa bana ba bona hore ba eme hanyane pele ba kolobetswa?

12 Ha mme e mong wa Mokreste a hlalosa hore na ke hobaneng ha a ne a sa batle hore ngwana wa hae a kolobetswe, o ile a re: “Ke hobane ke ne ke tshaba hore o tla kgaolwa.” Jwalo ka mme enwa, batswadi ba bangata ba re ba bona ho le betere hore bana ba bona ba diehe ho kolobetswa ho fihlela ba se ba hodile mme ba tlohetse ho etsa dintho tse bowatla. (Gen. 8:21; Liprov. 22:15) Ba nahana hore ha feela bana ba bona ba sa kolobetswa, ba ke ke ba kgaolwa. Ke hobaneng ha ho fosahetse ho nahana jwalo?—Jak. 1:22.

13. Na ha motho a sa kolobetswa ha a ikarabelle ho Jehova? Hlalosa.

13 Ke nnete hore batswadi ha ba batle hore bana ba bona ba kolobetswe ba so ka ba hola ka ho lekaneng hore ba ka etsa qeto ya ho inehela ho Modimo. Empa ha re a lokela ho nahana hore ha ngwana a so ka a kolobetswa ha a ikarabelle ho Modimo. Hobaneng? Ha re ikarabelle ho Modimo hobane feela re kolobeditswe. Ha e le hantle, ngwana o ikarabella ho Modimo ho tloha ha a tseba se nepahetseng le se fosahetseng. (Bala Jakobo 4:17.) Kahoo batswadi ba sebetsa ka thata ho behela bana ba bona mohlala o motle, ho e na le ho ba nyahamisa. Ba ba ruta ho rata melao ya Jehova ya boitshwaro ho tloha ba sa le banyenyane. (Luka 6:40) Ho rata Jehova ho tla sireletsa ngwana hore a se ke a etsa sebe se tebileng hobane o tla be a batla ho thabisa Jehova.—Esa. 35:8.

BATHO BA BANG BA KA THUSA

14. Baholo ba ka thusa jwang batswadi ba ntseng ba kgothalletsa bana ba bona hore ba kolobetswe?

14 Baholo ba ka thusa batswadi ka hore ba bue hantle ka ho sebeletsa Jehova. Moradiwabo rona e mong ya qetileng dilemo tse fetang 70 e le pulamadiboho, o hopola kamoo Morabo rona Charles T. Russell a ileng a mo kgothatsa kateng ha a le dilemo di 6. O re : “Morabo rona Russell o ile a nka metsotso e 15 a ntse a nkgothalletsa ho sebeletsa Jehova.” Kgothatso e jwalo e ka thusa motho haholo. (Liprov. 25:11) Baholo ba ka boela ba mema batswadi le bana ba bona ho tla thusa ka mesebetsi e itseng Holong mme ba ka abela bana mesebetsi ho ya ka dilemo tsa bona.

15. Batho ba bang ka phuthehong ba ka kgothalletsa batjha jwang hore ba kolobetswe?

15 Batho ba bang ka phuthehong ba ka thusa batjha ka hore ba ba bontshe hore ba a ba rata. Ka mohlala, ba ka babatsa motjha haeba a fana ka dikarabo tse lokiseditsweng hantle, a hlotse diteko tse itseng kapa haeba a bolela molaetsa wa Bibele ka sebete sekolong. O se ke wa senya nako ho babatsa batjha ba jwalo. Pele diboka di qala kapa ka mora tsona, mohlomong o ka ikemisetsa ho bua le e mong wa batjha mme o mo kgothatse. Ha re etsa jwalo, batjha ba tla bona hore ke karolo ya ‘phutheho e kgolo.’—Pes. 35:18.

THUSA NGWANA WA HAO HORE A KOLOBETSWE

16, 17. (a) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore motho a kolobetswe?(b) Ke thabo efe eo batswadi bohle ba Bakreste ba e labalabelang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

16 Ntho e nngwe eo batswadi ba e thabelang ka ho fetisisa ke ho hodisa ngwana “ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova.” (Baef. 6:4; Pes. 127:3) Ho fapana le bana ba setjhaba sa Iseraele ya boholoholo, bana ba Bakreste ha ba tswalwe ba na le kamano e kgethehileng le Jehova. Ngwana a ke ke a ba le kamano e ntle le Modimo hobane feela batswadi ba hae ba na le yona. Ke ka hoo batswadi ba lokelang ho ruta bana ba bona ka sepheo sa hore qetellong ba inehele ho Jehova ba be ba kolobetswe. Ho kolobetswa ke ha bohlokwa haholo. Ke boikarabelo ba motho ka bomong hore a kolobetswe, a inehele ho Jehova a be a mo sebeletse ka botshepehi e le hore a pholohe matshwenyeho a maholo a larileng kapele.—Mat. 24:13.

Batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ka sepheo sa hore qetellong e be balatedi ba Kreste (Sheba serapa sa 16 le 17)

17 Ha moradiwabo rona Blossom Brandt a ne a batla ho kolobetswa, batswadi ba hae ba ne ba batla ho etsa bonnete ba hore o kgodisehile ka qeto eo a e etsang. Ha ba bona hore o kgodisehile, ba ile ba mo tshehetsa. Bosiung ba pele a ilo kolobetswa, ntate wa hae o ile a etsa ntho e ileng ya thabisa Blossom. O re: “Ntate o ile a re kaofela re kgumame, yaba o a rapela. O ile a bolella Jehova hore o thabetse qeto eo moradi wa hae a e entseng ya ho inehela ho Yena.” Dilemo tse 60 hamorao, Blossom o ile a re: “Le ka mohla nke ke ka lebala bosiu boo!” E se e ka lona batswadi le ka latswa thabo e tliswang ke ho bona bana ba lona ba inehela ho Jehova ba bile ba kolobetswa.

^ par. 9 Batswadi ba ka bala le bana ba bona buka ya Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ya 2 leq. 304-310. Sheba hape le “Lebokose la Lipotso” le hlahang ho Tshebeletso ea Rona ea Mmuso ya April 2011 leq. 2.