Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Amohela Baeti?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Amohela Baeti?

“Bontshanang kamohelo ya baeti le sa honothe.”1 PET. 4:9.

DIPINA: 124, 119

1. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba tobane le maemo afe?

DILEMONG tsa bo 62 le 64, moapostola Petrose o ile a ngolla “baahi ba nakwana ba hasahasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia le Bithynia.” (1 Pet. 1:1) Diphutheho tsena tse nyenyane tsa Asia Minor, e ne e le tsa merabe e fapaneng mme di ne di hloka ho kgothatswa. Bakreste ba diphuthehong tsena ba ne ba hloriswa ba bile ba nyefolwa. Ba ne ba phela dinakong tse thata ebile ba hlahelwa ke dintho tse bohloko. Petrose o ile a re: “bofelo ba dintho tsohle bo atametse.” Ho ne ho setse dilemo tse ka tlase ho tse 10 hore Jerusalema e fediswe. Jwale Bakreste bohle, ba ne ba tla thuswa keng dinakong tseo tse thata?—1 Pet. 4:4, 7, 12.

2, 3. Ke hobaneng ha Petrose a ne a kgothalletsa Bakreste ho amohela baeti? (Sheba setshwantsho se qalong.)

2 Moapostola Petrose o ile a re ho Bakrestemmoho le yena: “Bontshanang kamohelo ya baeti.” (1 Pet. 4:9) Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ho amohela baeti,” le bolela “ho ba mosa ho batho bao o sa ba tsebeng.” Le hoja Bakreste ba mehleng eo ba ne ba tsebana ba bile ba tlwaetse ho etsa dintho hammoho, ela hloko hore Petrose o ile a ba kgothalletsa hore ba ‘bontshane kamohelo ya baeti.’ Ho etsa jwalo ho ne ho tla ba thusa jwang?

3 Ho ne ho tla etsa hore ba momahane. Mohlomong o kile wa natefelwa ke ho mengwa ke modumedimmoho le wena. Ka ho tshwanang, ha o mema motho ha hao, setswalle sa lona se a tiya. Ha re mema bara le baradibabo rona moo re dulang teng, ho ba bonolo hore re ba tsebe. Bakreste ba mehleng ya Petrose, ba ne ba lokela ho momahana ka ha dintho di ne di ntse di mpefala. Ka ho tshwanang, le Bakreste ba “matsatsing a ho qetela” ba lokela ho momahana.—2 Tim. 3:1.

4. Re tla bua ka dipotso dife sehloohong sena?

4 Re na le menyetla efe ya ho bontshana kamohelo ya baeti? Re ka thuswa keng hore re se ke ra tshaba ho amohela baeti? Re lokela ho itshwara jwang ha re etetse batho malapeng a bona?

DITSELA TSA HO AMOHELA BAETI

5. Re ka amohela baeti jwang ha re le dibokeng tsa Bokreste?

5 Ha re le dibokeng: Re amohela bohle ba tlang dibokeng tsa rona tsa Bokreste hobane re baetimmoho le bona ntlong ya Modimo. Jehova le mokgatlo wa hae ke bona ba re memmeng. (Bar. 15:7) Re lokela ho etsa hore ba ikutlwe ba phutholohile, ho sa tsotellehe hore na ba apere jwang. (Jak. 2:1-4) Haeba o bona moeti a dutse a le mong, mohlomong o ka dula le yena. O ka mo thusa ka ho mo hlalosetsa tsela eo diboka di tshwarwang ka yona le ka ho mo phetlela Bibele. Ena ke tsela e ntle ya “ho amohela baeti.”—Bar. 12:13.

6. Ke baeti bafe ba bohlokwa bao re lokelang ho ba mema?

6 Ho memela batho dijong: Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ho amohela baeti lapeng ho ne ho akarelletsa ho ba fa dijo. (Gen. 18:1-8; Baahl. 13:15; Luka 24:28-30) Ha o mema motho dijong o ne o bontsha hore o batla ho bopa kgotso le ho ba motswalle wa hae. Ke baeti bafe ba bohlokwa bao re lokelang ho ba mema? Ke bara le baradi babo rona ka phuthehong. Ha maemo a lefatshe a ntse a mpefala, re tlo hloka ho thusana. Ka hoo, re lokela ho ba metswalle e tshepahallanang. Ka 2011, Sehlopha se Busang se ile sa fetola nako ya seboka sa Thuto ya Tora ya ho Lebela sa mantsiboya bakeng sa Bethele e United States hore se tshwarwe ka 6:15 ho e na le 6:45. Hobaneng? Tsebisong eo ho ile ha thwe ha seboka se fela ka nako, batho ba tla ba le monyetla wa ho qoqa le ho tsebana. Makala a mang a Bethele le ona a ile a etsa se tshwanang. Tokisetso ena e entse hore batho ba sebetsang Bethele ba momahane le ho feta.

7, 8. Re ka bontsha kamohelo ya baeti jwang ho batho ba re behelang dipuo diphuthehong tsa rona?

7 Re boetse re fumana monyetla wa ho amohela baeti hape ha morabo rona e mong a tlo fana ka puo phuthehong ya rona, ha molebedi wa potoloho a re etetse le ha re etetswe ke molebedi wa lekala. (Bala 3 Johanne 5-8.) Na le wena o ka ba mema?

8 Moradi e mong wabo rona ya dulang United States o re: “E se e le dilemo nna le monna wa ka re ntse re mema dibui tsa baeti hammoho le basadi ba bona lelapeng la rona. Nako le nako ha ba tlile, ho ba monate ebile re ithuta dintho tse ngata ho bona. Ha ho na mohlang re kileng ra ikwahlaya ka ho ba mema.”

9, 10. (a) Ke bomang bao re ka qetang nako e telele re ba amohetse malapeng a rona? (b) Na batho ba nang le matlo a manyenyane ba ka thusa? Fana ka mohlala.

9 Baeti ba dulang nako e telele: Mehleng ya kgale, ho amohela baeti ho ne ho akarelletsa ho ba fa marobalo. (Jobo 31:32; Filem. 22) Le rona ka dinako tse ding re lokela ho etsa jwalo. Hangata bapotolohi ba hloka moo ba ka dulang teng ha ba ntse ba etela diphutheho. Ka dinako tse ding, baithuti ba dikolo tse hlophiswang ke mokgatlo wa Jehova le baithaopi ba etsang mosebetsi wa kaho, le bona ba hloka moo ba dulang teng. Athe ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bang ba iphumana ba senyehetswe ke matlo ka lebaka la dikoduwa, ebe ba hloka moo ba ka dulang teng ho fihlela matlo a bona a lokisitswe. Ha re a lokela ho nahana hore ke batho ba nang le matlo a maholo feela ba lokelang ho ba thusa, hobane mohlomong ba se ba ba thusitse ka makgetlo a mangata. Na le wena o ka thusa le haeba o na le ntlo e nyenyane?

10 Morabo rona e mong ya dulang South Korea o hopola nakong eo ka yona a neng a amohetse baithuti ba dikolo tse hlophiswang ke mokgatlo wa Jehova. O re: “Qalong ke ne ke tshaba, hobane re ne re sa tswa nyalana ebile re dula ntlong e nyenyane. Empa ho ne ho le monate haholo ho dula le baithuti bao. Jwalo ka banyalani ba batjha, re ile ra bona hore banyalani ba ka thaba haeba ba sebeletsa Jehova hammoho.”

11. Ke hobaneng ha batho ba sa tswa fihla phuthehong ya heno ba hloka ho amohelwa ka mofuthu?

11 Batho ba sa tswa fihla phuthehong: Ka dinako tse ding ho ka ba le Bakreste ba fallelang motseng wa heno. Mohlomong ba tlile tlhokahalong. Kapa ho ka etsahala hore bopulamadiboho ba rometswe phuthehong ya heno hobane e hloka thuso. Ena ke phetoho e kgolo ho bona ka ha jwale ba lokela ho tlwaela sebaka le phutheho e ntjha, ba boele ba ithute puo le setso sa moo. Ha re ba mema malapeng a rona le ha re entse mmoka, seo se tla ba thusa ho etsa metswalle le ho tlwaela sebaka kapele.

12. Ke ketsahalo efe e bontshang hore ha ho hlokahale hore re etse dijo tse ngata ha re amohela baeti?

12 Ha ho hlokahale hore o be le dijo tse ngata ha o mema batho. (Bala Luka 10:41, 42.) Ha morabo rona a hopola nako eo yena le mosadi wa hae ba neng ba qala ho ba baromuwa ka yona, o re: “Re ne re le batjha, re so tsebe mosebetsi hantle re bile re hopotse hae. Bosiung bo bong mosadi wa ka o ne a hopotse habo. Ke ile ka leka ho mo kgothatsa empa ho ne ho tshwana.” Ka 7:30 mantsiboya re ile ra utlwa motho a kokota monyako. E ne e le e mong wa batho ba ntseng ba ballwa mme a re tliseditse dilamunu tse tharo. O ne a tlo bona hore na re ntse re ya jwang, ka ha re ne re sa tswa fihla. Re ile ra re a kene. Yaba re mo fa metsi mme hamorao ra etsa tee le hot chocolate. Ka nako eo, re ne re sa tsebe Seswahili mme le yena a sa tsebe Sekgowa. Ketsahalo ena, e ile ya re thusa hore re qale ho ba le metswalle ka phuthehong mme re thabele kabelo ya rona.

HO HLOLA TSHABO YA HO AMOHELA BAETI

13. Re fumana melemo efe ha re amohela baeti?

13 Na o kile wa tshaba ho amohela baeti? Haeba, ho jwalo o fetilwe ke monyetla wa etsa setswalle le bara le baradi beno. Ho amohela baeti ho etsa hore motho a se ke a jewa ke bodutu. Empa o ka nna wa ipotsa: ‘Ke hobaneng ha ba bang ba tshaba ho amohela baeti?’ Ho na le mabaka a mmalwa.

14. Re lokela ho etsang haeba re se na nako ya ho amohela baeti?

14 Ho kgathala le ho se be le nako: Hangata bahlanka ba Jehova ba dula ba phathahane. Ba bang ba re ha ba na nako le matla a ho thabela setswalle le ba bang. Haeba le wena o boemong boo, mohlomong o ka fokotsa dintho tse o jellang nako ya ho etela kapa ya ho mema badumedimmoho le wena. Hobane Bibele e kgothalletsa Bakreste hore ba amohele baeti. (Baheb. 13:2) Ho amohela baeti ke ntho ya bohlokwa. Empa mohlomong re tla lokela ho tela dintho tse ding hore re iphe nako ya ho etsa jwalo.

15. Keng eo batho ba bang ba e tshabang ka ho amohela baeti?

15 Ho inyatsa: Na o kile wa utlwa o tshaba ho mema batho? Mohlomong o ne o tshaba hore moqoqo o tla fela ebe baeti ba hao ba a boreha. Kapa mohlomong o nahana hore ba bang ka phuthehong ba ka amohela baeti betere ho o feta, hobane wena ha o na tjhelete e kaalo. Empa hopola hore ha o hloke tjhelete e ngata kapa ntlo e kgolo. Ntho ya bohlokwa ke hore ntlo ya hao, e be makgethe le hore o be botswalle ho baeti ba hao.

16, 17. Keng e ka etsang hore motho a tshohe ha a tlo ba le baeti?

16 Batho ba bangata ba a tshoha ha ba tlo ba le baeti. Moholo e mong ya dulang Britain o re: “Ho a tshosa ho lokisetsa baeti.” Empa le ha ho le jwalo, morabo rona o re ho amohela baeti ho ba tlisetsa thabo le melemo e mengata. O re o thabela ho dula le ho qoqa le bona ha ba ntse ba inwella kofi. Hopola hore ke ha bohlokwa hore re bontshe baeti ba rona thahasello. (Bafil. 2:4) Batho ba rata ho qoqa ka dintho tseo ba kopaneng le tsona bophelong, mme ho ba mmokeng ho re fa monyetla wa ho etsa jwalo. Moholo e mong o re: “Ho mema bara le baradibabo rona lelapeng la ka ho nthusa hore ke ba tsebe haholwanyane le hore ke tsebe hore na ho tlile jwang hore e be Dipaki.” Ho bontsha ba bang thahasello ho tla etsa hore ho be monate mmokeng.

17 Moradiwabo rona e mong wa pulamadiboho eo le yena a neng a amohetse baithuti, o ile a re: “Qalong, ke ne ke tshwenyehile hobane ntlo ya ka ha se ya maemo ebile le fenetjhara yaka ke ya kgala. Empa mosadi wa e mong wa barupedi o ile a nkgothatsa haholo. O ile a re ha yena le molekane wa hae ba etsa mosebetsi wa potoloho, ba ne ba thabela ho dula ha motho ya ratang tshebeletso le ho phela bophelo bo bonolo jwalo ka bona. Sena se ile sa nkgopotsa mantswe ao mme wa ka a neng a rata ho a bua, a reng: ‘Ho molemo ho ja meroho moo ho nang le lerato.’” (Liprov. 15:17) Haeba o mema batho hobane o ba rata, ha ho hlokahale hore o tshwenyehe.

18, 19. Ho amohela baeti ho ka re thusa jwang hore re lokise ditaba le ba bang?

18 Haeba o sa utlwane le motho e mong: Na phuthehong ya heno ho na le motho eo o sa utlwaneng le yena? Boemo bona bo ka mpefala haeba o sa etse letho ho bo lokisa. Ka ha wena le motho eo le na le botho bo fapaneng, sena se ka etsa hore ho be thata hore le thabele botswalle hammoho. Kapa mohlomong ho na le motho ya o utlwisitseng bohloko nakong e fetileng mme o sitwa ho lebala taba eo.

19 Bibele e re ho amohela baeti ho etsa hore batho ba bope kgotso. (Bala Liproverbia 25:21, 22.) Ho ka etsa hore o bone makgabane a matle a motho ya o foseditseng, ao Jehova a a boneng ha a ne a hulela motho eo borapeding ba nnete. (Joh. 6:44) Haeba ka lerato o mema motho a sa lebella, le ka qetella le le metswalle ya hlooho ya kgomo. O ka tseba jwang hore o mema batho hobane o susumetswa ke lerato? O ka sebedisa molaomotheo o hlahang ho Bafilipi 2:3: ‘Ka ho ikokobetsa kelellong o nke hore ba bang ba o phahametse.’ Ho lemoha ka moo bara le baradibabo rona ba bontshang tumelo, mamello, sebete kapa makgabane a mang a Bokreste ho re feta, ho tla etsa hore re ba rate mme re batle ho ba mema malapeng a rona.

O KA BA MOETI YA MOLEMO JWANG?

Hangata batho ba sebetsa ka thata ho hlophisetsa baeti (Sheba serapa sa 20)

20. Ke hobaneng ha re lokela ho tshepahala ha ba bang ba re memme?

20 Davida o ile a botsa a re: “Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ya hao?” (Pes. 15:1) Ka mora ho botsa potso eo, o ile a hlalosa hore na Modimo o amohela batho ba jwang. Modimo o batla hore re tshepahale. Bibele e re Modimo o rata batho ba sa hlanoheleng ditshepiso tsa bona. (Pes. 15:4) Haeba re tshepisitse batho hore re tla ba teng moo ba re memmeng, re lokela ho ya. Hobane mohlomong ba se ba re hlophiseditse dintho mme ha re sa ye, boiteko ba bona e tla ba ba lefeela. (Mat. 5:37) Ba bang ba hlanohela batho ba ba memmeng hore feela ba amohele memo ya motho e mong ya nang le maemo a phahameng. Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore ha re rate batho ba bang ebile ha re ba hlomphe. Re lokela ho ananela ntho le ha e le efe eo batho ba re memmeng ba re fang yona. (Luka 10:7) Empa haeba ho hlaha maemo a etsang hore re se ke ra ya moo re menngweng teng, re lokela ho tsebisa batho ba re memmeng nako esale teng.

21. Ho hlompha setso sa moo re dulang teng ho ka re thusa jwang hore re be baeti ba molemo?

21 Ke ha bohlokwa hore re hlomphe tsela eo batho ba etsang dintho ka yona sebakeng sa habo rona. Batho ba ditso tse ding, ha ba rate baeti ba etang ba sa ba jwetsa hore ba a tla, empa ditsong tse ding teng, seo ha se bothata. Dibakeng tse ding monga lelapa o fa baeti dijo tse monate ho feta tseo a di fang ba lelapa la hae. Athe dibakeng tse ding teng, baeti ba tshwarwa ka tsela e tshwanang le ya ba lelapa. Dibakeng tse ding ho tlwaelehile hore moeti a tle le dijo kapa terenki, empa dibakeng tse ding ha ho jwalo. Batho ba ditso tse ding ba a utlwisisa ha motho a re a ke ke a kgona ho ba teng moo ba mo memelang teng, empa ho tse ding ho etsa jwalo ke ho se bontshe kananelo. Ka hoo, e se e ka re ka etsa sohle se matleng a rona hore re se ke ra kgopisa batho ba re memmeng.

22. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re ‘bontshane kamohelo ya baeti’?

22 Bibele e re: “Bofelo ba dintho tsohle bo atametse.” Ha e le hantle, bo atametse ho feta le ha e le neng pele. (1 Pet. 4:7) Haufinyane re tlo tobana le matshwenyeho a maholo a so kang a ba teng lefatsheng. Ha mathata a rona a ntse a eketseha, re tlo hloka ho bontshana lerato jwalo ka Bakrestemmoho. Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Bontshanang kamohelo ya baeti.” Kajeno re hloka ho sebedisa keletso ena ho feta le ha e le neng pele, ebile e tla re tswela molemo le nakong e tlang.—1 Pet. 4:9