Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mamelang Tayo Mme le Hlalefe”

“Mamelang Tayo Mme le Hlalefe”

“Lona bara, . . . mamelang tayo mme le hlalefe.”LIPROV. 8:32, 33.

DIPINA: 64, 120

1. Re ka ba bohlale jwang, hona ho ka re tswela molemo ofe?

JEHOVA ke yena Mohlodi wa bohlale, ebile o fana ka bona ho ba mo kopang. Lengolo la Jakobo 1:5 le re: “Haeba mang kapa mang wa lona a haellwa ke bohlale, a nne a kope Modimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.” Tsela e nngwe eo re ka fumanang bohlale ba Modimo ka yona ke ka ho amohela kgalemelo ya hae. Bohlale boo bo ka re thusa hore re kgone ho qoba ho etsa se fosahetseng, mme re dule re le haufi le Jehova. (Liprov. 2:10-12) Ha re etsa jwalo, re tla be re ‘ipoloka leratong la Modimo . . . ka tebello ya bophelo bo sa feleng.’—Juda 21.

2. Re ka thuswa keng hore re amohele kgalemelo e tswang ho Modimo?

2 Ka dinako tse ding ho ba thata ho amohela kgalemelo hobane re baetsadibe ebile re hodisitswe ka ditsela tse fapaneng. Empa ha re bona melemo ya ho kgalemelwa ke Jehova, re kgona ho utlwisisa hore ha e le hantle o a re rata. Lengolo la Liproverbia 3:11, 12 le re: “Wena mora wa ka, o se ke wa lahla tayo ya Jehova, . . . hobane Jehova o kgalemela eo a mo ratang.” Le ka mohla a re se keng ra lebala hore Jehova o re batlela dintho tse ntle. (Bala Baheberu 12:5-11.) Ka ha Modimo o re tseba ka ho felletseng, o kgona ho re kgalemela ka tekanyo e loketseng le ka tsela e nepahetseng. A re ke re hlahlobeng dikarolo tse nne tsa kgalemelo: (1) Ho ikgalemela, (2) kgalemelo eo re e fuwang ke batswadi, (3) kgalemelo eo re e fumanang ha re le dibokeng tsa Bokreste le (4) ntho e nngwe e ka re utlwisang bohloko ho feta ho kgalemelwa.

HO IKGALEMELA HO BONTSHA HORE RE BOHLALE

3. Ngwana a ka thuswa keng hore a be le boitshwaro? Fana ka mohlala.

3 Ho ikgalemela ke ho ithiba kapa ho itshwara hore o se ke wa etsa ntho e itseng le ho nahana ka yona. Re lokela ho ithuta ho ikgalemela hobane ha se ntho eo re tswalwang re na le yona. Ka mohlala, ha ngwana a qala ho ithuta ho palama baesekele, motswadi o mo tshwarela yona. Ha ngwana a ntse a ithuta ho dula kapa ho tshwarella baesekeleng hantle, motswadi hanyane ka hanyane o a mo tlohela. O tla etsa sena ho fihlela ngwana a se a tseba ho ikganella baesekele. Ka ho tshwanang, ha batswadi ka mamello ba kwetlisa bana ba bona “ka tayo le kelello e laolwang ke Jehova,” ba ruta bana ba bona ho ikgalemela le ho ba bohlale.—Baef. 6:4.

4, 5. (a) Ke hobaneng ha ho ikgalemela e le karolo ya bohlokwa ya “botho bo botjha”? (b) Ke hobaneng ha re sa lokela ho nyahama le haeba re ‘ka wa ka makgetlo a supileng’?

4 Melaomotheo e tshwanang e ka thusa le motho e moholo, eo e leng hona a ithutang ka Jehova. Ho ka etsahala hore motho eo o na le boitshwaro ho isa boholeng bo itseng, empa o hloka ho matlafatsa kamano ya hae le Modimo. Hanyane ka hanyane, a ka ithuta ho phela jwalo ka Mokreste mme a apare “botho bo botjha.” (Baef. 4:23, 24) Ho ikgalemela ho thusa motho hore a ithute ho tshaba Modimo le ho hana “ditakatso tsa lefatshe le ho phela ka ho hlaphohelwa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomodimo hara tsamaiso ena ya hona jwale ya dintho.”—Tite 2:12.

5 Le ha ho le jwalo, kaofela ha rona re baetsadibe. (Moek. 7:20) Haeba re etsa phoso, ha se kamehla seo se bolelang hore re na le bothata ba ho ithiba. Lengolo la Liproverbia 24:16 le re: “Etswe ya lokileng a ka nna a wa esita le ka makgetlo a supileng, mme ka sebele o tla ema.” Keng e tla mo thusa hore a eme? O tla thuswa ke moya wa Modimo. (Bala Bafilipi 4:13.) Ho ikgalemela ke ha bohlokwa hobane ho amana le ho ba le boitshwaro, e leng e nngwe ya ditholwana tsa moya o halalelang.

6. Re ka ba baithuti ba hlwahlwa ba Lentswe la Modimo jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Ho rapela, ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re se balang ho tla re thusa ho ikgalemela. Empa o ka etsang haeba o thatafallwa ke ho bala Bibele kapa o sa rate ho bala? Dula o hopola hore Jehova o tla o thusa haeba o mo dumella. A ka o thusa hore o “hlaolele tabatabelo” ya ho ithuta Lentswe la hae. (1 Pet. 2:2) Ka hoo, rapela Jehova hore a o thuse hore o iphe nako ya ho bala Bibele. Mohlomong o ka qala ka ho nka nako e kgutshwanyane o e bala. Ha nako e ntse e ya, o tla nolofallwa ke ho ithuta Bibele ebile o tla thabela ho e bala. Ruri o tla utlwa ho le monate ho qeta nako o le mong o ntse o nahanisisa ka menahano ya Jehova!—1 Tim. 4:15.

7. Ho ikgalemela ho ka re thusa jwang hore re finyelle dintho tseo re batlang ho di etsa tshebeletsong ya Modimo?

7 Ho ikgalemela ho tla re thusa hore re finyelle dintho tseo re batlang ho di etsa tshebeletsong ya Modimo. Ka mohlala, monna e mong ya nang le lelapa o ile a hlokomela hore ha a sa rata tshimo. E le hore a lokise bothata bona, o ile a batla ho ba pulamadiboho ya kamehla mme a rapela ka taba eo a ba a bala le dihlooho tse buang ka yona. Ho etsa dintho tsena ho ile ha mo matlafatsa. Ebile o ne a nka bopulamadiboho bo thusang ha maemo a mo dumella. Na o ile a atleha? Ho sa tsotellehe mathata ao a neng a kopana le ona, qetellong o ile a kgona ho ba pulamadiboho ya kamehla.

HODISA BANA KA TAYO E TSWANG HO JEHOVA

Bana ba tswalwa ba sa tsebe se nepahetseng le se fosahetseng, ka hona ba hloka kwetliso (Sheba serapa 8)

8-10. Keng e ka thusang batswadi ba Bakreste hore ba kgothalletse bana ho sebelletsa Jehova? Hlalosa.

8 Jehova o file batswadi ba Bakreste boikarabelo ba ho hodisa bana ba bona ka “tayo le kelello e laolwang” ke yena. (Baef. 6:4) Empa ho thata ho etsa seo matsatsing ana a ho qetela. (2 Tim. 3:1-5) Bana ba tswalwa ba sa tsebe ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, ka lebaka leo, matswalo a bona ha a kgone ho ba tataisa. Ka hoo, batswadi ba hloka ho ba kwetlisa. (Bar. 2:14, 15) Setsebi se seng sa Bibele se ile sa hlalosa hore lentswe “tayo” ka Segerike le ka boela la fetolelwa e le ho hodisa ngwana hore a be le boikarabelo.

9 Ha batswadi ba kwetlisa bana ba bona ka lerato, bana ba ikutlwa ba sireletsehile. Ba tla ithuta ho ba le boitshwaro le hore ntho e nngwe le e nngwe eo ba e etsang e na le ditlamorao. Ka hona, ke ha bohlokwa hore batswadi ba Bakreste ba kope thuso ho Jehova ha ba hodisa bana. Hopola hore mekgwa ya ho hodisa bana e fapana ho ya ka dibaka, ebile entse e fetofetoha. Le ha ho le jwalo, ha batswadi ba itshetlehile ka Modimo ho e na le ho tshepa bokgoni ba bona, ba tla atleha ho hodisa bana.

10 Re ka ithuta ho itseng mohlaleng wa Noe. Ha Jehova a ne a mo bolella hore a hahe areka, Noe o ne a ke ke a kgona ho etsa seo ka matla a hae. O ne a lokela ho itshetleha ka Jehova, Bibele e re o ile “a fela a etsa jwalo,” ka mantswe a mang o ile a etsa sohle seo Jehova a neng a re a se etse. (Gen. 6:22) Na o ile a atleha? Noe o ile a atleha ho haha areka hobane o ne a itshetlehile ka Jehova. Ka ha Noe e ne e le hlooho ya lelapa, o ile boela a atleha ho ruta lelapa la hae hore le rate Modimo. Ho sa tsotellehe dintho tse mpe tseo batho ba mehleng ya Noe ba neng ba di etsa, Noe o ile a behela bana ba hae mohlala o motle wa ho phela ka tsela e thabisang Modimo.—Gen. 6:5.

11. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore batswadi ba sebetse ka thata ho kwetlisa bana ba bona?

11 Haeba o motswadi o ka etsa jwang hore o hodise bana ba hao ka melao ya Jehova? O ka latela tataiso ya hae ka hore o sebedise Bibele le dikeletso tseo re di fumanang mokgatlong wa Jehova. Bana ba hao ba tla thaba hore ebe o ile wa ba thusa hore ba rate Modimo. Morabo rona e mong o ile a re: “Ke leboha batswadi ba ka ka tsela eo ba nkgodisitseng ka yona. Ba entse sohle hore ke rate Jehova. Ke bona ba entseng hore ke be motho eo ke leng yena kajeno.” Kennete hore bana ba ka lahla Jehova le hoja batswadi ba ba rutile ho rata Jehova. Empa batswadi ba lekileng ho ruta bana ba bona ho rata Jehova, ba na le letswalo le letle, ebile ba ka ba le tshepo ya hore ka le leng, bana ba bona ba tla kgutlela ho Jehova.

12, 13. (a) Batswadi ba Bakreste ba ka bontsha jwang hore ba mamela Modimo le ha ngwana wa bona a kgaotswe? (b) Lelapa le leng le ile la rua molemo jwang ha le ne le mamela Jehova?

12 Batswadi ba bang ba fumana ho le thata ho mamela melao ya Modimo ha ngwana wa bona a kgaotswe. Ka mohlala, ha ngwana wa Mme e mong a kgaolwa, Mme eo o ile a re: “Ke ne ke bala dingolwa tsa rona, ke batla mabaka a siko a hore ke qete nako le moradi le setloholo. Empa monna wa ka o ile a nthusa hore ke bone hore ngwana wa rona o ne a se a tswile matsohong a rona le hore re ne re sa lokela ho sitisa Jehova ha a ntse a mo kgalemela.”

13 Dilemo tse seng kae hamorao, moradi wa bona o ile a kgutlisetswa ka phuthehong. Mme eo o re: “Hona jwale o re founela kamehla. Ebile o a re hlompha hobane re ile ra mamela Modimo. Kamano ya rona le moradi wa rona e se e le ntle.” Haeba ngwana wa hao o kgaotswe, na o tla “tshepa Jehova ka pelo ya hao yohle mme o se ke wa itshetleha ka kutlwisiso ya hao”? (Liprov. 3:5, 6) Ha Jehova a re kgalemela, re kgona ho bona bohlale ba hae le kamoo a re ratang kateng. Hopola hore Jehova o ile a fana ka Mora wa hae bakeng sa batho bohle, ho akarelletsa le ngwana wa hao. Modimo ha a batle hore le ha e le mang a fediswe. (Bala 2 Petrose 3:9.) Ka hoo tshepa Jehova mme o kgodisehe hore kgalemelo le tataiso ya hae di nepahetse mme o mo mamele le ha o utlwa ho le thata. Sebedisana le Modimo ha a fana ka kgalemelo, e seng o be kgahlanong le yena.

KA PHUTHEHONG

14. Re rua molemo jwang tataisong eo Jehova a fanang ka yona a sebedisa “motsamaisi ya tshepahalang”?

14 Jehova o tshepisitse hore o tla hlokomela, a sireletse a be a rute phutheho ya Bokreste. O etsa dintho tsena ka ditsela tse mmalwa. Ka mohlala, Jehova o behile Jesu hore a hlokomele phutheho, mme Jesu o kgethile “motsamaisi ya tshepahalang” hore a thuse phutheho ya Bokreste hore e dule e le matla tumelong. (Luka 12:42) Ka dinako tse ding “motsamaisi ya tshepahalang” o re thusa ka ho re fa tataiso kapa kgalemelo. Na e kile ya re o mametse puo, kapa o bala sehlooho se itseng makasineng ya rona yaba se o thusa ho fetola tsela eo o nahanang kapa eo o etsang dintho ka yona? Haeba ho jwalo, tseba hore o dumella Jehova hore a o bope kapa a o kgalemele mme seo se tla o tswela molemo.—Liprov. 2:1-5.

15, 16. (a) Re ka rua molemo jwang mosebetsing o etswang ke baholo ka phuthehong? (b) Re ka thusa baholo jwang hore ba natefelwe ke mosebetsi wa bona?

15 Kreste o ile a fa phutheho baholo hore ba dise mohlape wa Modimo. Bibele e re baholo ke “dimpho.” (Baef. 4:8, 11-13) Re ka rua molemo jwang tataisong ya bona? Ka ho etsisa tumelo ya bona le ho latela mohlala wa bona o motle. Re ka boela ra ba mamela ha ba re eletsa ka Mangolo. (Bala Baheberu 13:7, 17.) Hopola hore baholo ba a re rata ebile ba batla hore re se ke ra kgaotsa ho sebelletsa Modimo. Ka mohlala, ba tla re thusa ka potlako ha ba bona hore re se re lofa diboka ebile ha re sa thabela ho ya tshimong. Ba tla re mamela ba be ba re kgothatse ka Mangolo. Na thuso ya bona ha e bontshe hore Jehova o a re rata?

16 Ka dinako tse ding ho thata hore baholo ba tle ho rona ha re hloka kgalemelo. Ka mohlala, nahana feela hore na e ka nna yaba ho ne ho le thata hakae hore moprofeta Nathane a bue le Davida ka mora hore Davida a leke ho pata sebe sa hae. (2 Sam. 12:1-14) Ka ho tshwanang, le moapostola Pauluse o ile a tlameha ho ba le sebete ha a ne a kgalemela Petrose, e leng e mong wa baapostola ba 12 nakong eo a neng a tshwara Bakreste bao e seng Bajuda ka leeme. (Bagal. 2:11-14) Jwale, o ka thusa baholo jwang phuthehong ya heno? E ba motho ya ikokobeditseng, ya atamelehang le ya nang le kananelo. Nka thuso ya baholo e le tsela eo Jehova a o bontshang ka yona hore o a o rata. Ho etsa jwalo ho tla o thusa ebile ho tla etsa hore baholo ba thabele mosebetsi wa bona.

17. Baholo ba ile ba thusa moradi e mong wabo rona jwang?

17 Moradi e mong wabo rona o utlwa ho le thata ho rata Jehova ka lebaka la tsela eo a neng a phela ka yona pele. O re: “Ke ne ke tetebela maikutlo ha ke hopola dintho tseo ke neng ke di etsa pele. Ka hoo ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho bua le baholo. Ha ba a ka ba nkomanya kapa ba ntshwaya diphoso, empa ba ile ba nkgothatsa. Kamehla ha diboka ditswa, ho sa tsotellehe hore na ba phathahane hakae ba ne ba etsa bonnete ba hore e mong wa bona o bua le nna, ho utlwa hore na ke ntse ke ya jwang. Ka lebaka la tsela eo ke neng ke phela ka yona pele, ke ne ke utlwa ke sa tshwanelehe hore nka ratwa ke Modimo. Empa ka makgetlo, Jehova o ile a sebedisa baholo le phutheho ho mpontsha hore o a nthata. Ke rapela hore le ka mohla ke se ke ka mo lahla.”

KE NTHO EFE E BOHLOKO HO FETA HO KGALEMELWA?

18, 19. Ke ntho efe e bohloko ho feta ho kgalemelwa? Hlalosa.

18 Ke nnete hore ho kgalemelwa kapa ho fuwa tayo ho bohloko, empa ntho e bohloko ka ho fetisisa ke ditlamorao tsa ho hana ho kgalemelwa. (Baheb. 12:11) Nahana ka mohlala wa Kaine le wa Morena Tsedekia. Ha Modimo a bona hore Kaine o hloile Abele ebile o batla ho mo bolaya, Modimo o ile a lemosa Kaine a re: “Ke hobaneng ha o tuka ke bohale mme ke hobaneng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba o fetoha hore o etse se molemo, na ho phahamiswa ho ke ke ha e ba teng? Empa haeba o sa fetohe hore o etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile se a o lakatsa; na o tla se laola?” (Gen. 4:6, 7) Kaine ha a ka a mamela. O ile a bolaya Abele. Ka mora moo, Kaine o ile a hlahelwa ke ditlamorao tse bohloko haholo. (Gen. 4:11, 12) Ho mamela kgalemelo ho ne ho ke ke ha mo tlisetsa bohloko bo bokaalo.

19 Tsedekia e ne e le morena ya kgopo. Ha a ne a busa Jerusalema, batho ba ne ba etsa dintho tse mpe. Moprofeta Jeremia o ile a kgalemela Tsedekia ka makgetlo, hore a tlohele ho etsa dintho tse mpe, empa morena o ile a hana. Ka lebaka leo, o ile a hlahelwa ke dintho tse bohloko. (Jer. 52:8-11) Jehova o batla ho re sireletsa hore re se ke ra hlahelwa ke ditlamorao tse bohloko.—Bala Esaia 48:17, 18.

20. Ho tla etsahalang ka batho ba amohelang kgalemelo ya Jehova le ba sa e amoheleng?

20 Batho ba bangata mona lefatsheng ba nyatsa kgalemelo ya Modimo. Empa haufinyane batho bohle ba sa batleng ho kgalemelwa ke Modimo ba tla kotula seo ba se jetseng. (Liprov. 1:24-31) Ka hoo e se eka re ka ‘mamela kgalemelo ya Jehova mme re hlalefe.’ Liproverbia 4:13 e re: “Tshwara tayo [kapa kgalemelo]; o se ke wa e tlohela. E sireletse, etswe ke bophelo ba hao.”