Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Toka le Mohau wa Jehova

Etsisa Toka le Mohau wa Jehova

“Etsang kahlolo ya lona ka toka ya nnete; mme le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”ZAK. 7:9.

DIPINA: 21, 69

1, 2. (a) Jesu o ne a ikutlwa jwang ka Molao wa Modimo? (b) Bangodi le Bafarisi ba ne ba bontsha jwang hore ha ba hlomphe Molao?

JESU o ne a rata Molao oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele, oo hamorao o ileng wa tsebahala e le Molao wa Moshe. Seo ha se makatse hobane Molao oo o ne o tswa ho Motho wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba Jesu, e leng Ntate wa hae Jehova. Bibele e ile ya profeta hore Jesu o ne a tla rata molao wa Modimo ho Pesaleme ya 40:8, moo a reng: “Ke thabetse ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka, molao wa hao o ka hara ditho tsa ka tse ka hare.” Jesu o ile a bontsha ka mantswe le ka diketso hore Molao wa Modimo o phethahetse, o tswela batho molemo le hore boprofeta ba ona bo tla phethahala.—Mat. 5:17-19.

2 E tlameha ebe Jesu o ile a utlwa bohloko hakakaang ha a bona bangodi le Bafarisi ba sa hlomphe Molao wa Ntate wa hae! Ba ne ba phetha dikarolo tse nyenyane tsa Molao oo, hobane Jesu o ile a re ho bona: “Le fana ka karolo ya leshome ya kwena [kapa minti] le dille le kumine.” Bothata ba bona e ne e le bofe? Jesu o ile a re: “Le hlokomolohile ditaba tse toma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botshepehi.” (Mat. 23:23) Ho fapana le Bafarisi bao, Jesu o ne a utlwisisa hore na ke hobaneng ha Modimo a ne a fane ka Molao oo, le hore karolo ka nngwe ya Molao e ne e senolang ka botho ba Jehova.

3. Sehloohong sena re tlo araba dipotso dife?

3 Jwalo ka Bakreste ha re tlasa Molao wa Moshe. (Bar. 7:6) Empa Modimo o ile a re ngolla Molao oo ka Lentsweng la hae Bibele. Ha a batle hore re kgathatsehe haholo ka dikarolo tsa ona tse nyenyane, empa o batla hore re utlwisise ‘ditaba tsa ona tse toma’ e leng melaomotheo ya molao oo. Ka mohlala, re ithuta melaomotheo efe tokisetsong ya metse ya setshabelo? Sehlooho se fetileng se ne se bontsha hore na re ka ithutang mehatong eo Moiseraele ya bolaileng e mong ka phoso a neng a lokela ho e nka. Empa metse ya setshabelo e boetse e re ruta ka Jehova le hore na re ka etsisa makgabane a hae jwang. Kahoo, sehloohong sena re tlo araba dipotso tse tharo: Metse ya setshabelo e bontsha jwang hore Jehova o mohau? E re rutang ka tsela eo Modimo a tadimang bophelo ka yona? E bontsha jwang hore o na le toka e phethahetseng? Ha re ntse re araba dipotso tsena, ela hloko hore na o ka etsisa Jehova jwang.—Bala Baefese 5:1.

METSE YA SETSHABELO KE PONTSHO YA MOHAU WA MODIMO

4, 5. (a) Ho ne ho etswang hore ho be bonolo ho fihla metseng ya setshabelo, hona hobaneng? (b) Metse ya setshabelo e re rutang ka Jehova?

4 Ho ne ho le bonolo ho fihla metseng e 6 ya setshabelo. Jehova o ile a re Baiseraele ba etse hore ho be le metse e meraro lehlakoreng ka leng la Noka ya Jordane. Hobaneng? E le hore ho be bonolo ho Moiseraele ya balehang ho fihla metseng eo kapele. (Num. 35:11-14) Ditsela tse yang metseng ya setshabelo di ne di dula di lokisitswe. (Deut. 19:3) Bajuda ba ne ba beha matshwao a tsela a neng a tataisa motho ya balehelang metseng ya setshabelo. Kaha ho ne ho na le metse eo, ho ne ho sa hlokahale hore motho ya balehang, a balehele naheng e nngwe, moo a neng a ka nna a kenella borapeding ba bohata.

5 Nahana ka sena: Jehova ke yena ya faneng ka molao wa hore Moiseraele ya bolaileng e mong ka boomo a bolawe. Le ha ho le jwalo, o ne a fa Moiseraele ya bolaileng e mong ka phoso monyetla wa hore a sireletsehe a be a qenehelwe! Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Ho ne ho etswa hore ntho e nngwe le e nngwe e be bonolo. Seo se ne se bontsha mosa wa Modimo.” Jehova ha se moahlodi ya sehloho, ya labalabelang ho fa bahlanka ba hae kotlo. Ho e na le hoo, ke Modimo ya mohau.—Baef. 2:4.

6. Bafarisi ba ne ba fapane jwang le Modimo tabeng ya ho bontsha mohau?

6 Ka lehlakoreng le leng Bafarisi ba ne ba sa rate ho bontsha ba bang mohau. Ka mohlala, ba ne ba sa dumele ho tshwarela motho ka makgetlo a fetang a mararo bakeng sa phoso e tshwanang. Ho re thusa ho utlwisisa kamoo Bafarisi ba neng ba ikutlwa kateng ka bafosi, Jesu o ile a etsa papiso ya Mofarisi le mmokelli wa lekgetho, ba ileng ba ya tempeleng ho ya rapela. Mofarisi o ile a re: “Modimo, ke a o leboha ka hore ebe ha ke jwalo ka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le jwalo ka mmokelli enwa wa lekgetho.” Mmokelli wa lekgetho yena o ne a rapella mohau wa Modimo ka boikokobetso. Ke hobaneng ha Bafarisi ba ne ba sa batle ho bontsha ba bang mohau? Bibele e re ba ne “ba nka [batho] ba bang kaofela e se letho.”—Luka 18:9-14.

Etsa hore ho be bonolo hore batho ba o kope tshwarelo ka ho ba motho ya atamelehang (Sheba serapa sa 4-8)

7, 8. (a) O ka etsisa Jehova jwang ha motho e mong a o sitetswe? (b) Ke hobaneng ha ho tshwarela e le bopaki ba hore re ikokobeditse?

7 Etsisa Jehova, e seng Bafarisi. Eba le qenehelo. (Bala Bakolose 3:13.) O se ke wa etsa hore ho be thata hore batho ba o kope tshwarelo. (Luka 17:3, 4) Ipotse: ‘Na ke tshwarela batho ka bolokolohi le haeba ba ntshitelwa hangata? Na ke ikemiseditse ho bopa kgotso le motho ya nkutlwisitseng bohloko?’

8 Ha re tshwarela motho e mong re bontsha hore re ikokobeditse. Bafarisi ba ne ba sa ikokobetsa hobane ba ne ba nka hore ba phahametse batho ba bang. Jwalo ka Bakreste, re lokela ho ‘nka hore ba bang ba re phahametse’ mme re ba tshwarele. (Bafil. 2:3) Na o tla etsisa Jehova mme o bontshe boikokobetso? Haeba o ikokobeditse, ho tla ba bonolo hore batho ba o kope tshwarelo ha ba o foseditse, ebile o tla ba tshwarela ka bolokolohi. O se ke wa potlakela ho kgopeha, ho e na le hoo, o potlakele ho bontsa ba bang mohau.—Moek. 7:8, 9.

HLOMPHA BOPHELO MME O QOBE “MOLATO WA MADI”

9. Jehova o ile a bontsha Baiseraele jwang hore bophelo ba motho ke ba bohlokwa?

9 Morero o ka sehloohong wa metse ya setshabelo e ne e le ho sireletsa Baiseraele molatong wa madi. (Deut. 19:10) Jehova o rata bophelo mme o hloile batho ba “tshollang madi a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) Kaha Modimo o a halalela ha a kgone ho iphapanyetsa tshollo ya madi le haeba e entswe ka phoso. Ke nnete hore Moiseraele ya neng a bolaile e mong ka phoso o ne a hauhelwa. Le ha ho jwalo, o ne a lokela ho hlaha ka pela baholo, mme haeba ba re o entse seo ka phoso o ne a tla dula motseng wa setshabelo ho fihlela moprista ya phahameng a shwa. Sena se ne se bolela hore o ne a ka nna a qeta bophelo bohle ba hae motseng wa setshabelo. Ditlamorao tsena tse bohloko di ile tsa etsa hore Baiseraele ba nke bophelo ba motho e le ba bohlokwa. E le hore ba hlomphe Mofani wa Bophelo, ba ne ba lokela ho qoba diketso tse neng di ka beha bophelo ba motho e mong kotsing.

10. Ho ya ka Jesu, bangodi le Bafarisi ba ile ba bontsha jwang hore ha ba hlomphe bophelo?

10 Ho fapana le Jehova, bangodi le Bafarisi ba ne ba sa hlomphe bophelo. Jwang? Jesu o ile a re ho bona: “Le ile la tlosa senotlolo sa tsebo; ha le a ka la kena, mme ba kenang le ile la ba sitisa!” (Luka 11:52) Ba ne ba lokela ho hlalosetsa batho Lentswe la Modimo le ho ba thusa hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Empa ho e na le hoo, ba ne ba thibela batho ho ya ho “Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo,” e leng Jesu. Ka ho etsa jwalo, ba ne ba lebisa batho timetsong. (Lik. 3:15) Bangodi le Bafarisi ba ne ba se na taba le bophelo ba batho ba bang. Ba ne ba le sehloho hakakaang!

11. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontsha jwang hore o hlompha bophelo jwalo ka Modimo? (b) Re ka thuswa keng hore re etsise Pauluse ha re le tshimong?

11 Re ka qoba ho ba le boikutlo boo bangodi le Bafarisi ba neng ba e na le bona jwang mme ra etsisa Jehova? Ka hore re hlomphe mpho ya bophelo. Moapostola Pauluse o ile a etsa jwalo ha a ne a bolella batho molaetsa wa Bibele. Kahoo, o ne a ka re: “Ke hlwekile mading a batho bohle.” (Bala Liketso 20:26, 27.) Pauluse o ne a sa etse mosebetsi wa boboledi hobane a susumetswa ke letswalo le molato kapa a ikutlwa a qobelletswe. Ho e na le hoo, o ne a rata batho mme a batla hore ba pholohe. (1 Bakor. 9:19-23) Jwalo ka Jehova, le rona re lokela ho nka bophelo e le ba bohlokwa. Jehova “o lakatsa hore [batho] bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Na le wena o ikutlwa jwalo? Ha o na le mohau, o tla thabela tshebeletso ya hao haholwanyane.

12. Ke hobaneng ha batho ba Modimo ba nka ho latela melao ya tshireletseho e le ntho ya bohlokwa?

12 Re boetse re bontsha hore re hlompha bophelo ka ho nka melao ya tshireletseho e le ya bohlokwa. Re lokela ho latela melao ya tshireletseho ha re kganna, ha re sebetsa, ha re aha le ha re ya dibakeng tsa rona tsa borapedi. O se ke wa nka tjhelete kapa ho qeta mosebetsi ka nako e le dintho tsa bohlokwa ho feta bophelo ba hao. Modimo wa rona ya nang le toka o dula a etsa dintho ka tsela e nepahetseng. Kahoo re batla ho mo etsisa. Ha baholo ba etsa mosebetsi o itseng, ba etsa bonnete ba hore ba sireletsehile hammoho le ba bang. (Liprov. 22:3) Kahoo haeba moholo a o kgothaletsa ho hlompha melao ya tshireletseho, o amohele keletso eo. (Bagal. 6:1) Haeba o hlompha bophelo jwalo ka Jehova, ‘o ke ke wa ba le molato wa madi.’

LE “AHLOLE . . . HO YA KA DIKAHLOLO TSENA”

13, 14. Baholo ba Baiseraele ba ne ba ka etsisa toka ya Jehova jwang?

13 Jehova o ne a laetse baholo ba Baiseraele hore ba etsise toka ya hae. Ntho ya pele eo baholo ba neng ba lokela ho e etsa, e ne e le ho netefatsa dintlha kaofela ha ba sebetsa nyewe. Pele baholo ba bontsha mmolai mohau, ba ne ba leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a entse ketso eo le hore o ikutlwa jwang ka yona. Hape ba ne ba boetse ba nahana ka diketso tsa hae tsa nakong e fetileng. E le hore ba etsise toka ya Modimo, baholo ba ne ba lokela ho hlahloba hore na mmolai o bolaile mofu hobane a ne a mo hloile kapa tjhe. (Bala Numere 35:20-24.) Haeba ho ne ho hlokahala dipaki pele ho ka etswa qeto, ho ne ho sebediswa bonyane tse pedi.—Num. 35:30.

14 Ka mora ho hlahloba dintlha kaofela, baholo ba ne ba sheba hore na mmolai ke motho wa mofuta ofe ho e na le ho sheba feela ketso e mpe eo a e entseng. Ba ne ba lokela ho ba le temoho, hore ba kgone ho lemoha le dintlha tse poteletseng tsa taba. Empa ha bohlokwa le ho feta, ba ne ba hloka moya o halalelang wa Modimo ho ba thusa ho etsisa Jehova tabeng ya ho bontsha temoho, mohau le toka.—Ex. 34:6, 7.

15. Bontsha hore na Jesu o ne a fapane jwang le Bafarisi ho latela kamoo a neng a tshwara baetsadibe kateng.

15 Bafarisi ba ne ba sheba feela sebe seo motho a se entseng, ho e na le ho nahana ka hore na motho eo ke motho ya jwang. Ha Bafarisi ba bona Jesu a le moketeng lelapeng la Matheu, ba ile ba re ho barutuwa ba hae: “Ke hobaneng ha mosuwe wa lona a ja le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?” Jesu o ile a re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Jwale, e yang, mme le ithute hore na sena se bolelang, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’ Etswe ke tlilo bitsa baetsadibe, eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:9-13) Na Jesu o ne a buella baetsadibe bao? Tjhe. Ha e le hantle, e nngwe ya dintho tse ka sehloohong tseo Jesu a neng a di ruta, e ne e le ho bakela dibe. (Mat. 4:17) Jesu o ile a lemoha hore ba bang ba “babokelli ba lekgetho le baetsadibe” ba ne ba batla ho fetoha. Ha se hore ba ne ba tletse dijo feela ha Matheu. Ho e na le hoo, ba bangata ba bona e ne e le balatedi ba Jesu. (Mar. 2:15) Empa Bafarisi ba ne ba sa bone seo Jesu a neng a se bona ho batho bana. Ho e na le ho etsisa mohau wa Modimo, Bafarisi ba ne ba sa dumele hore baetsadibe ba ka fetoha le hore ba lokela ho hauhelwa.

16. Baholo ba komiting ya boahlodi ba lokela ho lemoha eng ho moetsadibe?

16 “Jehova o rata toka” mme baholo ba lokela ho mo etsisa. (Pes. 37:28) Ha ba sebetsana le taba e itseng, ba lokela ho qala ka hore ‘ba batlisise mme ba botsisise’ ho netefatsa hore na kannete sebe se entswe. Haeba ho le jwalo, ba tla latela tataiso ya Mangolo ho sebetsa taba eo. (Deut. 13:12-14) Baholo ba komiting ya boahlodi ba lokela ho lemoha hore na Mokreste ya entseng sebe se tebileng o bakile kapa tjhe. Ena ha se ntho e bonolo, kaha ba lokela ho lemoha se ka pelong ya motho le hore o ikutlwa jwang ka sebe seo a se entseng. (Tšen. 3:3) E le hore moetsadibe a hauhelwe, o lokela ho baka. *

17, 18. Baholo ba ka tseba jwang hore motho o bakile e le kannete? (Sheba setshwantsho se qalong.)

17 Ho fapana le Jehova le Jesu, baholo ha ba kgone ho bona se ka pelong ya motho. Haeba o moholo, o ka tseba jwang hore motho o bakile e le kannete? Qala ka ho kopa hore Jehova a o fe bohlale le temoho. (1 Mar. 3:9) Ka mora moo, sebedisa Lentswe la Modimo le dingolwa tse tswang ho lekgoba le tshepahalang ho o thusa ho bona phapang pakeng tsa “ho hlomoha ha lefatshe” le “ho hlomoha” ka tsela eo Modimo a e amohelang, e leng ho baka e le kannete. (2 Bakor. 7:10, 11) Ela hloko hore na Mangolo a reng ka batho ba ileng ba bakela dibe tsa bona le ba sa kang ba di bakela. Leka ho bona hore na ba ne ba ikutlwa jwang ka dibe tsa bona.

18 Qetellong, nahana ka motho ya entseng sebe. Ipotse hore na ke hobaneng ha a le ka tsela eo a leng ka yona. Leka ho lemoha mefokolo ya hae le hore na ke hobaneng ha a entse sebe seo. Ha Bibele e profeta ka hlooho ya phutheho ya Bokreste e leng Jesu, e ile ya re: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a kgalemela feela ho ya ka ntho e utlwilweng ke ditsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlase ka ho loka, mme o tla fana ka kgalemelo ka ho loka molemong wa ba bonolo ba lefatshe.” (Esa. 11:3, 4) Baholo, Jesu o kgethile lona hore le hlokomele phutheho ya hae mme o tla le thusa hore le ahlole jwalo ka yena. (Mat. 18:18-20) Re thaba hakakaang hore ebe re na le baholo ba re ahlolang ka toka le ka mohau! Ruri re ananela boiteko boo ba bo etsang ho re kgothalletsa ho bontshana mohau le toka ka phuthehong!

19. O ithutileng tlalehong ya metse ya setshabelo?

19 Molao wa Moshe e ne e le “moralo wa tsebo le wa nnete” mme o re ruta ka Jehova le melaomotheo ya hae. (Bar. 2:20) Ka mohlala, metse ya setshabelo e ruta baholo ho ahlola “ka toka ya nnete.” E boetse e re ruta hore re ratane le ho hauhelana. (Zak. 7:9) Bakreste ha ba tlasa Molao wa Moshe. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a so fetohe. O ntse a rata toka le mohau. Ruri re a thaba hore Modimo o re bopile ka setshwantsho sa hae le hore re kgona ho etsisa makgabane a hae le ho mo etsa setshabelo sa rona!

^ par. 16 Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa wa September 15, 2006, leq. 30.