Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Binelang Jehova le Thabile!

Binelang Jehova le Thabile!

“Ke ntho e ntle ho binela Modimo wa rona dipina tsa thoriso.”PES. 147:1.

DIPINA: 9, 138

1. Ho bina ho re thusa ho etsang?

MONGODI e mong wa mantswe a dipina o ile a re: “Mantswe a etsa hore o nahane. Mmino ona o etsa hore o ikutlwe ka tsela e itseng.” Ka sebele dipina tsa rona di etsa hore re “nahane” mehopolo ya Ntate wa rona Jehova le ho “ikutlwa” re atamelane le yena. Ke ka lebaka leo mmino e leng karolo ya bohlokwa haholo ya borapedi ba rona. Sena ke nnete ho sa tsotellehe hore re binela Jehova moo re leng bang kapa re bina le phutheho.

2, 3. (a) Ba bang ba ka nna ba ikutlwa jwang ka ho binela hodimo ha ba le dibokeng? (b) Re tlo tshohla dipotso dife?

2 Empa wena o ikutlwa jwang ka ho binela hodimo ha o le dibokeng? Na ke ntho eo o swabelang ho e etsa? Meetlong e meng, banna ba swabela ho bina ha ba le hara batho. Boikutlo bona bo ka lematsa phutheho yohle, haholoholo haeba baholo ba sa bine le phutheho mme ba tshwareha ka mesebetsi e meng ha ho binwa.—Pes. 30:12.

3 Haeba re na le boikutlo bo nepahetseng ka mmino, re ke ke ra fetwa ke karolo ena ya borapedi ba rona, mohlomong ka ho tswela ka ntle nakong ya pina. Kahoo, e mong le e mong wa rona o lokela ho ipotsa: ‘Na ke nka ho bina dibokeng e le ha bohlokwa? Nka etsang haeba ke le dihlong ho bina ka hara batho ba bang? Nka etsa jwang hore ke bine ho tswa pelong?’

MMINO KE KAROLO YA BOHLOKWA HAHOLO YA BORAPEDI BA NNETE

4, 5. Ke ditlhophiso dife tse neng di entswe bakeng sa mmino Iseraele ya boholoholo?

4 E se e le nako e telele barapedi ba Jehova ba sebedisa mmino hore ba mo rorise. Ho a thahasellisa hore nakong eo setjhaba sa Iseraele se neng se sebeletsa Jehova ka botshepehi, mmino e ne e le karolo e ka sehloohong ya borapedi ba sona. Ka mohlala, Morena Davida o ile a hlophisa hore ho be le sehlopha sa dibini tse 4 000 sa Balevi tempeleng. Hara dibini tsena, ba 288 e ne e le “ba kwetliseditsweng ho binela Jehova, kaofela e le ditsebi.”—1 Likron. 23:5; 25:7.

5 Mmino e ne e boetse e le karolo e ka sehloohong ha ho ne ho nehelwa tempele. Bibele e re: “Eitse hang ha diletsi tsa diterompeta le dibini di le jwalo ka motho a le mong ka ho etsa hore modumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utlwahale, le hang ha di phahamisitse modumo ka diterompeta le dicymbala le ka diletsa tsa pina le ka ho rorisa Jehova, . . . kganya ya Jehova [ya tlala] ntlo ya Modimo wa nnete.” E ne e le ketsahalo e matlafatsang tumelo hakakaang!—2 Likron. 5:13, 14; 7:6.

6. Hlalosa kamoo mmino o ileng wa sebediswa kateng mehleng ya Nehemia.

6 Ha Baiseraele ba ne ba tsosolosa marako a Jerusalema, Nehemia o ile a hlophisa sehlopha sa Balevi se neng se bina se tshwere diletsa tsa mmino. Ha mosebetsi oo o fela, mmino o ile wa boela wa sebediswa ha ho nehelwa mohaho. Lekgetlong lena, ho ne ho na le “dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini.” Dihlopha tsena di ne di tsamaya di ntse di bina, ho fihlela di kopana pela tempele mme modumo wa pina wa eketseha hoo o neng o utlwahala hole. (Neh. 12:27, 28, 31, 38, 40, 43) Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a thabela pina eo e monate, e neng e binwa ka tjheseho.

7. Jesu o ile a bontsha jwang hore ho binela Jehova ke ha bohlokwa?

7 Hamorao ha phutheho ya Bokreste e thehwa, mmino o ile wa tswela pele ho ba karolo ya bohlokwa ya borapedi ba nnete. Bosiung ba bohlokwa ka ho fetisisa historing, e leng ha Jesu a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba bina dipina tsa thoriso.—Bala Matheu 26:30.

8. Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba re behela mohlala jwang tabeng ya ho sebedisa mmino borapeding?

8 Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba re behela mohlala tabeng ya ho sebedisa mmino borapeding. Le hoja ba ne ba kopanela ka malapeng, seo ha se a ka sa ba thibela ho binela Jehova ka tjheseho. Moapostola Pauluse o ile a re ho barababo ba Bakreste: “Le nne le rutane le ho eletsana ka dipesaleme, dithoriso ho Modimo, dipina tsa moya ka mosa, le binela Jehova ka dipelong tsa lona.” (Bakol. 3:16) Dipina tse ka bukeng ya rona ya dipina di re matlafatsa tumelo. Ke tse ding tsa dijo tseo re di fuwang ke “lekgoba le tshepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.

O KA HLOLA TSHABO YA HO BINA JWANG?

9. (a) Keng se ka nnang sa etsa hore batho ba bang ba tshabe ho bina ha ba le dibokeng le dikopanong? (b) Re lokela ho binela Jehova jwang, hona ke bomang ba lokelang ho re etella pele ha re bina? (Sheba setshwantsho se qalong.)

9 O ka etsang haeba lelapeng leno kapa setsong sa habo lona le sa tlwaela ho bina? Mohlomong o thabela ho mamela mmino wa dikgeleke. Empa haeba o ipapisa le tsona o ka nna wa utlwa eka wena ha o kgone ho bina. Seo ha se a lokela ho etsa hore o kgaotse boikarabelo ba hao ba ho binela Jehova. Ho e na le hoo, o lokela ho phahamisa hlooho le buka ya hao mme o bine ho tswa pelong! (Esdr. 3:11; bala Pesaleme ya 147:1.) Diholong tse ngata tsa Mmuso ho na le discreen tse hlahisang mantswe a dipina. Kahoo, ha re bina re shebile discreen tseo, re kgona ho phahamisa mantswe. Hape ho a thabisa ho tseba hore ho bina dipina tsa Mmuso e se e le karolo ya thupelo ya baholo ya Sekolo sa Tshebeletso sa Mmuso. Sena se hatisa ntlha ya hore ha ho binwa ka phuthehong, baholo ke bona ba lokelang ho etella pele.

10. Keng seo re lokelang ho se hopola haeba re tshaba ho bina?

10 Ho tshaba ho ka etsa hore batho ba bang ba binele tlase kapa ba thole ha ho binwa. Motho e mong a ka nna a tshaba hore o tla hlahella kapa hore ba bang ba tla utlwa eka o a tlaila. Bibele e re “re kgoptjwa hangata” ha re bua. (Jak. 3:2) Le ha ho le jwalo, ha ho mohla re kgaotsang ho bua hobane re re ha re a phethahala. Kahoo ha re a lokela ho dumella mantswe a rona a sa phethahalang ho re thibela ho rorisa Jehova ka dipina.

11, 12. Keng e ka re thusang hore re ntlafatse tsela eo re binang ka yona?

11 Mohlomong re tshaba ho bina hobane ha re tsebe hore re lokela ho bina jwang. Empa ho na le dintlha tse ka re thusang ho ntlafatsa tsela eo re binang ka yona. *

12 Ho hula moya ka tsela e nepahetseng ho ka o thusa hore o bine ka lentswe le matla le le hodimo. Feela jwalo ka ha motlakase o fa lebone matla, le moya o tswang matshwafong o ka etsa hore lentswe la hao le be matla. O lokela ho bina ka lentswe le lekanang le leo o le sebedisang ha o bua kapa le fetang leo. (Sheba ditlhahiso tse bukeng ya Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqephe 181 ho ya ho 184, tlasa sehloohwana se reng “Laola ho Phefumoloha ha Hao Hantle.”) Ha e le hantle, ha Bibele e kgothalletsa barapedi ba Jehova ho mo binela dithoriso, e re ba ‘hweletse ka thabo.’—Pes. 33:1-3.

13. Hlalosa hore na re ka etsang hore re kgone ho binela hodimo.

13 Nakong ya borapedi ba lelapa kapa ha o etsa thuto ya botho, leka ho etsa dintho tse latelang: Kgetha pina eo o e ratang bukeng ya rona ya dipina. Bala mantswe a pina eo ka lentswe le phahameng. Ka mora moo, kga moya ha nngwe ebe o bala polelo e le nngwe o be o e qete. Jwale, bina polelo eo o sebedisa lentswe leo o neng o bala ka lona. (Esa. 24:14) Lekgetlong lena o tla kgona ho binela hodimo. O se ke wa hlajwa ke dihlong!

14. (a) Ho bula molomo haholo ha re bina, ho ka re thusa jwang? (Sheba lebokose le reng “ Tsela ya ho Ntlafatsa Lentswe la Hao.”) (b) O ka thuswa ke ditlhahiso dife haeba lentswe la hao le na le bothata?

14 O ke ke wa bina ha monate haeba o bula molomo hanyane ha o bina. Ho bula molomo ho feta kamoo re o bulang kateng ha re bua ho ka re thusa. O lokela ho etsang haeba o na le lentswe le fokolang kapa le hlabang? O ka fumana ditlhahiso tse buang ka ho rarolla mathata ao bukeng ya Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 184, lebokoseng le reng “Ho Hlola Mathata a Tobileng.”

RORISA JEHOVA HO TSWA PELONG

15. (a) Ho ile ha etswa tsebiso efe sebokeng sa selemo sa 2016? (b) Ke hobaneng ha ho ile ha etswa buka e ntjha ya dipina?

15 Batho ba bangata ba ile ba thaba haholo sebokeng sa selemo sa 2016 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, ha Morabo rona Stephen Lett wa Sehlopha se Busang a ne a phatlalatsa hore haufinyane dibokeng ho se ho tla sebediswa buka e ntjha ya dipina e bitswang Binelang Jehova le Thabile. Morabo rona Lett o ile a hlalosa hore lebaka le leng le entseng hore ho etswe buka ena e ntjha e ne e le ho etsa hore dipina di dumellane le Bibele e ntlafaditsweng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ya 2013. Mantswe a ileng a fetolwa Bibeleng eo e ntlafaditsweng a ile a boela a fetolwa bukeng e ntjha ya dipina. Ho phaella moo, ho ile ha eketswa dipina tse ntjha tse buang ka mosebetsi wa boboledi le thekollo. Kaha ho bina ke karolo ya bohlokwa ya borapedi ba rona, Sehlopha se Busang se ne se batla ho etsa buka ya boleng bo phahameng, e nang le lekoko le tshwanang le la Bibele e ntlafaditsweng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

16, 17. Ho ile ha etswa diphetoho dife bukeng e ntjha ya dipina?

16 Dipina tse bukeng ya Binelang Jehova le Thabile di hlophisitswe ho ya ka dihlooho e le ho etsa hore ho be bonolo ho e sebedisa. Ka mohlala, dipina tse 12 tse qalang di bua ka Jehova, tse 8 tse latelang di bua ka Jesu le thekollo. Ho na le lethathamo la dihlooho le tla thusa dibui ho fumana dipina bakeng sa puo ya phatlalatsa.

17 Mantswe le dihlooho tsa dipina tse ding di fetotswe e le hore ho ntlafatswe moelelo. Ka mohlala, sehlooho se reng “Lebelang Dipelo tsa Lona” se ile sa fetolwa hore e be “Re Lebela Dipelo Tsa Rona.” Hobaneng? Hobane ha motho a bina pina ena o ne a bolella ba bang hore ba etseng. Sena se ne se etsa hore ho se ke ha ba bonolo ho baeti, batjha le baradibabo rona ba tlileng dibokeng le dikopanong hore ba bine pina eo. Kahoo sehlooho le mantswe a pina eo di ile tsa fetolwa.

Ithuteng dipina nakong ya borapedi ba lelapa(Sheba serapa sa 18)

18. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta dipina tse bukeng ya rona e ntjha ya dipina? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

18 Dipina tse ngata tse bukeng ena ya Binelang Jehova le Thabile ke dithapelo. Kahoo, dipina tsena di ka o thusa ho bolella Jehova maikutlo a hao. Tse ding tsa tsona di ka re thusa hore re “susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” (Baheb. 10:24) Ke kahoo ho leng bohlokwa hore re tsebe mantswe le morethetho wa dipina tsa rona. Ho mamela mmino wa mantswe websaeteng ya jw.org ho tla o thusa ho etsa seo. Ho bina dipina tsena ha o le lapeng, ho tla o thusa hore o tsebe ho di bina ka kgodiseho le ho tswa pelong. *

19. Motho e mong le e mong ka phuthehong a ka etsang hore a nke karolo borapeding ba Jehova?

19 Hopola hore ho bina ke karolo ya bohlokwa ya borapedi ba rona. Ke tsela eo re bontshang Jehova ka yona hore re a mo rata le ho mo ananela. (Bala Esaia 12:5.) Ha o bina ho tswa pelong, o tla susumetsa ba bang ho etsa se tshwanang. Kahoo bohle ka phuthehong ho sa tsotellehe hore na ke bana, batho ba baholo kapa ba tlwaetseng ho re etela, ba ka rorisa Jehova ka ho mminela. Kahoo o se ke wa tshaba ho bina ha o le dibokeng. Ho e na le hoo, e se eka o ka mamela mopesaleme ha a re ho rona: “Binelang Jehova!” E, binela Jehova o thabile!—Pes. 96:1.

^ par. 11 Bakeng sa dintlha tse eketsehileng mabapi le ho ntlafatsa tsela eo o binang ka yona, sheba JW Broadcasting ya Sekgowa ya December 2014 (Sheba tlasa FROM OUR STUDIO).

^ par. 18 Dikopanong ho bapalwa mmino o nkang metsotso e 10 pele lenaneo le qala e le ho re thusa ho itokisetsa ho bina. Mmino ona wa diletsa o re thusa ho lokisa dipelo tsa rona bakeng sa lenaneo le tla latela. Kahoo re kgothalletswa hore re dule fatshe ha mmino ona o qala mme re o mamele ka hloko.