Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O se ke wa Dumella Letho ho o Amoha Moputso

O se ke wa Dumella Letho ho o Amoha Moputso

“Ho se ke ha eba le motho ya le amohang moputso.”BAKOL. 2:18.

DIPINA: 32, 134

1, 2. (a) Bahlanka ba Modimo ba labalabela ho fumana moputso ofe? (b) Keng se re thusang hore re dule re nahana ka moputso? (Sheba setshwantsho se qalong.)

JWALO ka moapostola Pauluse, kajeno Bakreste ba tlotsitsweng ba na le tshepo ya ho fumana “moputso wa pitso” ya ho ya lehodimong. (Bafil. 3:14) Batlotsuwa ba labalabela ho ya busa le Jesu Kreste lehodimong mme ba sebetse hammoho le yena ho thusa batho hore ba phethahale. (Tšen. 20:6) Ruri ba na le tshepo e babatsehang! Ka lehlakoreng le leng, dinku tse ding di na le tshepo e fapaneng. Di na le tshepo ya ho fumana moputso wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng!—2 Pet. 3:13.

2 Ha Pauluse a kgothatsa Bakreste ba tlotsitsweng hore ba dule ba tshepahala e le hore ba fumane moputso, o ile a re ho bona: “Bolokang dikelello tsa lona di tsepame dinthong tse hodimo.” (Bakol. 3:2) Ba ne ba lokela ho dula ba nahana ka tshepo kapa moputso wa bona wa ho ya phela lehodimong. (Bakol. 1:4, 5) Ho nahana ka ditshepiso tsa Jehova ho tla re thusa ho dula re nahanne ka moputso, ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lehodimong kapa lefatsheng.—1 Bakor. 9:24.

3. Pauluse o ile a lemosa Bakreste mmoho le yena ka dikotsi dife?

3 Pauluse o ile a lemosa Bakreste mmoho le yena ka dintho tse ka etsang hore ba se ke ba fumana moputso. Ka mohlala, o ile a ngolla phutheho ya Kolose mabapi le Bakreste ba bohata ba neng ba kgomaretse Molao wa Moshe ho e na le ho beha tumelo ho Kreste. (Bakol. 2:16-18) Pauluse o ile a boela a bua ka dikotsi tse ntseng di hlahela Bakreste le kajeno, tse ka etsang hore ba se ke ba fumana moputso. Ka mohlala, o ile a ba bolella seo ba neng ba lokela ho se etsa e le hore ba qobe ditakatso tse fosahetseng tsa thobalano, ba rarolle diqabang le kamoo ba ka sebetsanang le mathata a lelapa kateng. Keletso ya Pauluse e ka re thusa le kajeno. Kahoo a re hlahlobeng tse ding tsa dikotsi tseo Pauluse a ileng a lemosa Bakolose ka tsona.

BOLAYANG DITAKATSO TSE FOSAHETSENG

4. Ke hobaneng ha ditakatso tse fosahetseng di ka re amoha moputso?

4 Ka mora hore Pauluse a hopotse barababo ka tshepo eo ba nang le yona, o ile a re: “Ka hona, le bolaye ditho tsa mmele ya lona tse lefatsheng mabapi le bohlola, ho se hlweke, takatso ya botona kapa ya botshehadi, takatso e kotsi, le ho tjhatjheha ka mohono.” (Bakol. 3:5) Ditakatso tse fosahetseng di kotsi hobane di ka fedisa kamano ya rona le Modimo. Morabo rona e mong o ile a hlolwa ke ditakatso tseo. Ka mora hore a kgutlele ka phuthehong, o ile a re: “Ke ne ke utlwa eka ditakatso tseo di tshwana le matla a kgohedi, mme tsa nkgula ho fihlela ke wela sebeng.”

5. Ke mehato efe eo re ka e nkang ha re le maemong a ka etsang hore re tlole melao ya Jehova?

5 Re lokela ho ba hlokolosi le ho feta ha re shebane le maemo a ka etsang hore re tlole melao ya Jehova ya boitshwaro. E ka ba bohlale hore, di sa tloha feela, Mokreste a dumellane le motho eo a ratanang le yena hore ba ke ke ba tlola melao ya Modimo ya boitshwaro nakong eo ba ratanang ka yona. Ka mohlala, ba lokela ho dumellana hore ba tla qoba dintho tse kang ho tshwarana, ho sunana esita le ho ba babedi feela moo ba sa bonweng ke batho ba bang. (Liprov. 22:3) Diteko tse ding tabeng ya boitshwaro di ka hlaha ha Mokreste a ile sebakeng se hole ka mosebetsi kapa ha a sebetsa le motho wa bong bo fapaneng. (Liprov. 2:10-12, 16) Haeba o iphumana o le maemong ana, ho molemo ho bua di sa tloha feela hore o Paki ya Jehova le hore o itshware ka tsela e hlomphehang. Mosebetsi mmoho le wena a ka nna a bua kapa a etsa dintho tse bontshang hore o batla ho ratana le wena. Hopola hore ho dumella seo ho ka ba le diphello tse kotsi. Ho ka ba bonolo le ho feta ho wela lerabeng leo haeba o ikutlwa o nyahame kapa o jewa ke bodutu. Ha o le boemong boo, o ka thabela motho le ha e le ofe ya ka o mamelang le ya tla bontsha hore o a o tsotella esita le haeba e se Paki. Haeba o ka tobana le boemo bona, rapela mme o kope thuso ya Jehova e le hore o se ke wa lahlehelwa ke moputso oo a o tshepisitseng.—Bala Pesaleme ya 34:18; Liproverbia 13:20.

6. Re lokela ho hopolang ha re kgetha boithabiso?

6 Re boetse re lokela ho qoba boithabiso bo kgothalletsang thobalano. Boithabiso ba matsatsing ana bo tshwana le ba mehleng ya Sodoma le Gomora. (Juda 7) Boithabiso bo etsa hore ho bonahale ho se phoso hore batho ba sa nyalanang ba etse thobalano. Kahoo ha re a lokela ho amohela boithabiso bo bong le bo bong. Re lokela ho kgetha boithabiso ka hloko, e le hore re se ke ra lahlehelwa ke moputso wa bophelo bo sa feleng.—Liprov. 4:23.

“LE IKAPESE LERATO” LE MOSA

7. Ke mathata afe a ka nnang a hlaha ka phuthehong?

7 Re thabela ho ba karolo ya phutheho ya Bokreste. Tshehetso eo Bakreste mmoho le rona ba re fang yona le dithuto tse thehilweng Bibeleng tseo re di fumanang, di re thusa hore re dule tsepamisitse mahlo a rona moputsong. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding re ka nna ra qabana le ba bang ka phuthehong. Haeba re sa rarolle diqabang tseo, di ka etsa hore re qetelle re hloile bana babo rona.—Bala 1 Petrose 3:8, 9.

8, 9. (a) Ke makgabane afe a tla re thusa hore re fumane moputso? (b) Re ka thuswa keng ho boloka kgotso haeba Mokreste e mong a re sitelwa?

8 Re ka etsang hore diqabang di se ke tsa re amoha monyetla wa ho fumana moputso? Pauluse o ile a ngolla Bakolose a re: “Jwalo ka bakgethwa ba Modimo, ba halalelang le ba ratwang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tswelang pele le mamellana le ho tshwarelana ka bolokolohi. Esita le jwalo ka ha Jehova a ile a le tshwarela ka bolokolohi, le etse jwalo le lona. Empa, ntle ho dintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etswe ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.”—Bakol. 3:12-14.

9 Lerato le mosa di ka re thusa hore re tshwarelane. Ka mohlala, haeba re kgopisitswe ke mantswe kapa diketso tsa Bakreste mmoho le rona, re ka hopola kamoo le rona re kileng ra etsa se tshwanang ho ba bang. Re thaba hakaakang hore ebe bara le baradibabo rona ba bang ba ile ba hlokomoloha diphoso tsa rona nakong e fetileng! (Bala Moeklesia 7:21, 22.) Re boetse re ananela hore ebe Kreste o ile a re tlisa ka phuthehong ya hae e nang le bonngwe. (Bakol. 3:15) Re rapela Modimo a le mong, re bolela molaetsa o tshwanang ebile re shebana le mathata a tshwanang. Ha re tshwarela ba bang ka bolokolohi, re bontsha hore re ananela bonngwe bona mme re ke ke ra lahlehelwa ke moputso wa bophelo.

10, 11. (a) Ke hobaneng ha mona o le kotsi? (b) Re ka etsang hore re se ke ra lahlehelwa ke moputso ka lebaka la mona?

10 Bibele e na le mehlala e re hopotsang kamoo mona o ka re amohang moputso wa bophelo kateng. Ka mohlala, mona o ile wa etsa hore Kaine a bolaye morabo e leng Abele. Kora, Dathane, le Abirame ba ile ba hanyetsa Moshe ka lebaka la mona. Hape, Morena Saule o ile a jella Davida mona mme a leka ho mo bolaya. Ke kahoo Bibele e reng: “Moo [mona] le ho rata dikgang di leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e nngwe le e nngwe e mpe di leng teng.”—Jak. 3:16.

11 Ho ke ke ha ba bonolo hore re be le mona haeba re na le lerato le mosa. Lentswe la Modimo le re: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa. Lerato ha le boulele [kapa ha le na mona].” (1 Bakor. 13:4) E le hore re se ke ra ba le mona, re lokela ho sheba bara le baradibabo rona ka tsela eo Jehova a ba shebang ka yona. Re hopole hore le bona ke ditho tsa phutheho. Haeba re etsa jwalo, re tla be re bontsha hore re dumellana le mantswe a Bibele a reng: “Haeba setho se seng se tlotliswa, ditho tse ding tsohle di thaba le sona.” (1 Bakor. 12:16-18, 26) Kahoo, re ke ke ra ba le mona, empa re tla thaba ha re bona Jehova a hlohonolofatsa ba bang ba badumedi mmoho le rona. Nahana ka mohlala wa Jonathane, mora wa Morena Saule. Ha a ka a ba le mona ha Davida a ne a kgethwa hore e be morena. Ho e na le hoo, o ile a mo kgothatsa. (1 Sam. 23:16-18) E se e ka le rona re ka bontsha ba bang mosa le lerato jwalo ka Jonathane.

FUMANANG MOPUTSO LE LE LELAPA

12. Ke keletso efe ya Bibele e ka thusang malapa ho fumana moputso?

12 Ho sebedisa melamotheo ya Bibele ho ka thusa lelapa hore le thabe, le be le kgotso le hore le fumane moputso. Pauluse o ile a fa Bakreste ba Kolose keletso efe bakeng sa malapa? O ile a re: “Lona basadi, le ipehe tlasa banna ba lona, kaha ho a tshwaneleha Moreneng. Lona banna, le nne le rate basadi ba lona mme le se ke la ba halefela ka matla. Lona bana, le mamele batswadi ba lona nthong e nngwe le e nngwe, etswe sena se kgahlisa haholo Moreneng. Lona bontate, le se ke la kgentsha bana ba lona, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakol. 3:18-21) Ruri keletso ena e ka thusa malapa.

13. Moradiwabo rona a ka etsang hore monna wa hae e qetelle e le Paki?

13 Haeba o mosadi, o ka etsang haeba o bona eka monna wa hao, eo e seng Paki, ha a o tshware hantle? Na o tla mo omanya hore a etse dintho hantle? Haeba o mo omanya, na qetellong e tla ba Paki? Tjhe. Empa haeba o hlompha monna wa hao jwalo ka hlooho ya lelapa, o tla kgahlisa Jehova mme ho tla ba le kgotso ka lelapeng la hao. Ebile boitshwaro ba hao bo botle bo ka etsa hore molekane wa hao a batle ho sebeletsa Jehova, ebe qetellong le fumana moputso le le babedi.—Bala 1 Petrose 3:1, 2.

14. Morabo rona o lokela ho etsang haeba mosadi wa hae eo e seng Paki a sa mo hlomphe?

14 Haeba o morabo rona, o ka etsang haeba mosadi wa hao eo e seng Paki a sa o hlomphe? Na o tla o hlompha haholwanyane haeba o mo omanya, o re o hlooho ya lelapa? Tjhe. Modimo o lebelletse hore o etsise Jesu ka hore o be hlooho ya lelapa e nang le lerato. (Baef. 5:23) Jesu jwalo ka hlooho ya phutheho, o na le lerato le mamello. (Luka 9:46-48) Haeba o etsisa mohlala wa Jesu, ha nako e ntse e ya mosadi wa hao e ka qetella e le Paki.

15. Monna wa Mokreste a ka bontsha mosadi wa hae jwang hore o a mo rata?

15 Bibele e re ho banna: “Le nne le rate basadi ba lona mme le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakol. 3:19) Monna a ka bontsha mosadi wa hae tlhompho ka ho mo mamela le ka ho nka seo mosadi wa hae a se buang e le sa bohlokwa. (1 Pet. 3:7) Le hoja a ke ke a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo mosadi wa hae a e kopang, ho mo mamela ho tla mo thusa hore a etse diqeto tse molemo. (Liprov. 15:22) Monna wa Mokreste o leka ka hohle ho etsa dintho tse tla etsa hore mosadi wa hae a mo hlomphe ho e na le ho tsitlella hore mosadi a mo hlomphe. Ha monna a rata mosadi le bana ba hae, lelapa la hae le tla sebeletsa Jehova le thabile mme le tla fumana moputso.

Jwalo ka malapa, le se ke la dumella letho ho le amoha moputso (Sheba serapa sa 13-15)

BATJHA, HAHAMALLANG MOPUTSO!

16, 17. Jwalo ka motjha, o ka etsang haeba o nahana hore batswadi ba hao ha ba o utlwisise?

16 Jwalo ka motjha, na o na le ho utlwa eka batswadi ba hao ha ba o utlwisise le hore ba o behela melao e mengata haholo? Boemo boo bo ka nna ba o ferekanya hoo o ka qetellang o se o sa bone bohlokwa ba ho tswela pele o sebeletsa Jehova. Empa o tla be o etsa phoso e kgolo ha o ka kgaotsa ho sebeletsa Jehova mme hamorao o tla hlokomela hore batswadi ba hao ba Bakreste le phutheho ya heno ba ne ba hlile ba o rata e le kannete.

17 Haeba batswadi ba hao ba ne ba ka itholela feela ha o etsa diphoso, ho ne ho tla hlaka hore ha ba o rate. (Baheb. 12:8) Ho ka etsahala hore ha o rate tsela eo batswadi ba hao ba o kgalemelang ka yona. Ho e na le ho tshwenyeha ka tsela eo ba buang le wena ka yona, ho ka ba bohlale ho nka keletso ya bona le ho hopola hore ba amehile maikutlo hobane ba o rata. Kahoo kgoba matshwafo mme o bontshe hore o ananela keletso ya bona. Lentswe la Modimo le re: “Mang kapa mang ya tshwarang dipolelo tsa hae o na le tsebo, mme motho ya nang le temoho o na le moya o kgutsitseng.” (Liprov. 17:27) Kahoo lwanela ho ba motho ya kgobang matshwafo ha o kgalemelwa mme o amohele keletso ho e na le ho tshwenyeha ka tsela eo e fanweng ka yona. (Liprov. 1:8) Ananela hore o na le batswadi ba ratang Jehova e le kannete. Ba batla ho o thusa hore le wena o fumane moputso wa bophelo.

18. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho fumana moputso?

18 Moputso wa bophelo bo sa feleng ke o babatsehang, ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho phela lefatsheng kapa lehodimong. Re tla feela re fumane moputso oo hobane re o tshepisitswe ke Mmopi ka boyena. Ha Modimo a bua ka lefatshe le letjha, o re: “Ka sebele lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova.” (Esa. 11:9) Ka nako eo, batho ba tla beng ba phela lefatsheng e tla be e le ba rutwang ke Modimo. Ka sebele re batla ho ba teng ka nako eo. Kahoo, dula o nahana ka ditshepiso tsa Jehova mme o se ke wa dumella letho ho o amoha moputso!