Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qoba Menahano ya Lefatshe

Qoba Menahano ya Lefatshe

“Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ya tla le nka jwalo ka phofu ya hae ka filosofi le thetso ya lefeela . . . [ya] lefatshe.”BAKOL. 2:8.

DIPINA: 60, 26

1. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste temoso efe? (Sheba setshwantsho se qalong.)

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba phuthehong ya Kolose ha a ntse a le teronkong Roma, hoo e ka bang ka selemo sa 60 ho ya ho sa 61. O ile a ba kgothalletsa ho ba le “kutlwisiso ya moya,” e leng bokgoni ba ho tadima dintho ka tsela eo Jehova a di tadimang ka yona. (Bakol. 1:9) Pauluse o ile a tswela pele ho re ho bona: “Ke bolela sena e le hore ho se ke ha eba le motho ya ka le qhekellang ka dikgang tse susumetsang. Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ya tla le nka jwalo ka phofu ya hae ka filosofi le thetso ya lefeela ho ya ka neano ya batho, ho ya ka dintho tsa motheo tsa lefatshe eseng ho ya ka Kreste.” (Bakol. 2:4, 8) Pauluse o ile a tswela pele ho hlalosa hore na ke hobaneng ha menahano e meng e tletseng lefatsheng e fosahetse le hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba bona eka e nepahetse. Ka mohlala, ka lebaka la menahano eo, ba bang ba ka nna ba inka ba phahametse batho ba bang. Lengolo la Pauluse le yang ho Bakolose le ne le reretswe ho thusa Bakreste hore ba qobe menahano ena ya lefatshe le mekgwa ya lona e fosahetseng.—Bakol. 2:16, 17, 23.

2. Ke hobaneng ha re tlilo bua ka mehlala ya menahano ya lefatshe?

2 Motho ya nang le monahano wa lefatshe o hlokomoloha le ho qhelela ka thoko melao ya Jehova. Monahano oo o ka etsa hore tumelo ya Mokreste e fokole butlebutle. Kajeno, re bona batho ba nang le menahano ya lefatshe ha re le mesebetsing, sekolong, Inthaneteng le ha re shebile TV. Sehloohong sena, re tla bona kamoo re ka itshireletsang kateng kgahlanong le menahano e jwalo. Re tla boela re tshohle mehlala e mehlano ya menahano ya lefatshe le kamoo re ka e qobang kateng.

NA RE LOKELA HO DUMELA HO MODIMO?

3. Ke monahano ofe oo batho ba bangata ba nang le ona kajeno, hona hobaneng?

3 “Ha ke hloke ho dumela ho Modimo hore ke be motho ya lokileng.” Dinaheng tse ngata, ho tlwaelehile ho utlwa batho ba bangata ba re ha ba dumele ho Modimo. Ho ka etsahala hore ha ba so ka ba hlahloba bopaki ba hore Modimo o teng kapa tjhe, empa ba thabela hore ba a itaola. (Bala Pesaleme ya 10:4.) Ba bang ba nahanang hore ba hlalefile, ba tlwaetse ho bua mantswe a kang ana: “Nka kgona ho ba le boitshwaro bo botle ke ntse ke sa dumele ho Modimo.”

4. Re ka bontshana mabaka jwang le motho ya reng dintho ha di a boptjwa?

4 Na ke ho utlwahalang ho dumela hore dintho di ikentse ho e na le hore di boptjwe? Dikarabo tsa saense tabeng ena di ferekanya batho. Empa bonneteng, karabo yona e bonolo. Haeba mohaho kapa ntlo e hloka hore ho be le motho ya e hahang, hakakaang he ka dintho tse phelang! Ha e le hantle, esita le dintho tse nyenyane jwalo ka disele tsa mmele di kgona ho etsa ntho eo ho seng ntlo e ka e etsang, e leng ho ikatisa. Disele tsena di kgona ho boloka boitsebiso bo di thusang ho etsa sena. Ke mang ya entseng disele? Bibele e araba ka hore: “Ntlo e nngwe le e nngwe e hahwa ke motho ya itseng, empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo.”—Baheb. 3:4.

5. Na kgopolo ya hore motho a ka kgona ho etsa dintho tse lokileng empa a sa dumele ho Modimo e nepahetse?

5 Na kgopolo ya hore motho a ka kgona ho etsa dintho tse lokileng empa a sa dumele ho Modimo e nepahetse? Ke nnete hore Bibele e re ka dinako tse ding batho ba sa dumeleng ho Modimo ba ka nna ba ba le mekgwa e metle. (Bar. 2:14, 15) Ka mohlala, ba ka nna ba hlompha le ho rata batswadi ba bona. Empa haeba motho a sa dumele hore Modimo o teng le hore ke yena ya re fang melao, a ka nna a etsa diqeto tse fosahetseng ka dinako tse ding. (Esa. 33:22) Kajeno batho ba bangata ba nang le temoho, ba a dumela hore ke Modimo ya ka re thusang ho rarolla mathata a lefatshe lena. (Bala Jeremia 10:23.) Kahoo ha re a lokela ho nahana hore motho a ka etsa dintho tse lokileng dikarolong tsohle tsa bophelo ba hae empa a sa dumele ho Modimo le ho latela melao ya hae.—Pes. 146:3.

NA RE HLOKA BODUMEDI?

6. Batho ba bangata ba ikutlwa jwang ka bodumedi?

6 “Nka thaba le hoja ke sa kene kereke.” Batho ba bangata ba ikutlwa ka tsela ena hobane ba nka ho kena kereke e le ntho e siilweng ke nako. Ba bang ha ba sa ya ho tsona hobane di ruta batho hore ba ya diheleng, di ba qobella ho ntsha menehelo ebile baruti ba kenella dipolotiking. Ke kahoo batho ba bangata ba reng ba ka phela ha monate ntle le ho kena kereke! Ba bangata ba bona ba re: “Ke rata Modimo empa ha ke batIe ho kena kereke.”

7. Ke jwang bodumedi ba nnete bo etsang hore batho ba thabe?

7 Na ke nnete hore motho a ka thaba ha ho se na bodumedi boo a kopanelang ho bona? Ke nnete hore motho a ka thaba ha a sa kopanele bodumeding ba bohata. Empa ho hang a ke ke a thaba e le kannete haeba a se na kamano e ntle le Jehova, eo Bibele e reng ke “Modimo ya thabileng.” (1 Tim. 1:11) Ntho e nngwe le e nngwe eo Modimo a e etsang e thusa batho. Bahlanka ba hae le bona ba thabile hobane ba thusa batho ba bang. (Lik. 20:35) Ka mohlala, nahana kamoo borapedi ba nnete bo thusang malapa hore a thabe kateng. Borapedi ba nnete bo ruta batho ho bontshana lerato, ho hlompha balekane ba bona le dikano tsa lenyalo, hore ba se ke ba feba le hore ba hodise bana ba hlomphang. Kahoo borapedi ba nnete bo thusa batho hore ba thabe ba be ba momahane ka diphuthehong lefatsheng lohle.—Bala Esaia 65:13, 14.

8. Ho ya ka Luka 11:28, ha e le hantle keng e etsang hore batho ba thabe?

8 Na kannete motho a ka thaba le hoja a sa sebeletse Modimo? Ha e le hantle keng e etsang hore batho ba thabe? Batho ba bang ba thabiswa ke mesebetsi ya bona ya maemo kapa dintho tse kang dipapadi. Ba bang bona ba thabiswa ke ho hlokomela malapa le metswalle ya bona. Dintho tsena di ka nna tsa re thabisa, empa ho na le ntho e ka re tlisetsang thabo ya ka ho sa feleng. Ho fapana le diphoofolo, rona re ka ithuta ka Mmopi mme ra mo sebeletsa ka botshepehi. Ho latela kamoo Modimo a re bopileng kateng, ntho feela e ka etsang hore re thabe e le kannete ke ho mo sebeletsa. (Bala Luka 11:28.) Ka mohlala, barapedi ba nnete ba a thaba ha ba bokane hammoho bakeng sa ho sebeletsa Jehova. (Pes. 133:1) Ba thabela bonngwe le barababo bona lefatsheng lohle, ba na le tshepo ebile ba na le boitshwaro bo botle.

NA RE HLOKA MELAO YA BOITSHWARO?

9. (a) Batho ba bangata ba nahanang ka thobalano? (b) Ke hobaneng ha Bibele e re ha re a lokela ho etsa thobalano le batho bao re sa nyalanang le bona?

9 Ha ke hloke ho nyala e le hore ke etse thobalano.” Batho ba ka nna ba re ho rona: “O se ke wa iphedisa ka thata. Ke hobaneng ha o batla ho nyala pele o ka etsa thobalano?” Taba ya hore ha ho phoso hore Mokreste a etse thobalano pele a nyala e fosahetse. Hobaneng? Hobane Bibele e re ha re a lokela ho etsa bohlola kapa thobalano pele ho lenyalo. * (Bala 1 Bathesalonika 4:3-8.) Jehova o na le tokelo ya ho re behela melao hobane ke yena ya re bopileng. Molao wa Modimo o re ke monna le mosadi ba nyalaneng feela ba ka etsang thobalano. Modimo o re fa melao hobane o a re rata mme melao eo e ya re thusa. Malapa a hlomphang melao ya Modimo a a ratana, a a hlomphana ebile a ikutlwa a sireletsehile. Modimo o hloile batho ba tlolang melao ya hae ka boomo.—Baheb. 13:4.

10. Mokreste o lokela ho etsang hore a qobe bohlola?

10 Bibele e re bolella seo re lokelang ho se etsa e le hore re qobe bohlola, e leng ho etsa thobalano le motho eo re sa nyalanang le yena. Tsela e nngwe ya ho etsa sena, ke ho ela hloko dintho tseo re di shebang. Jesu o itse: “E mong le e mong ya ntseng a tswela pele ho sheba mosadi e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le yena ka pelong ya hae. Jwale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore o kgoptjwe, o le honye mme o le lahlele hole le wena.” (Mat. 5:28, 29) Kahoo Mokreste ha a lokela ho sheba pornography kapa ho mamela mmino o buang ka thobalano. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste mmoho le yena: “Le bolaye ditho tsa mmele ya lona tse lefatsheng mabapi le bohlola.” (Bakol. 3:5) Ho ekelletsa moo, re boetse re lokela ela hloko dintho tseo re nahanang le ho bua ka tsona.—Baef. 5:3-5.

NA RE LOKELA HO BATLA MOSEBETSI WA MAEMO?

11. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba hahamalla mesebetsi ya maemo?

11 “Ho ba le mosebetsi wa maemo ho tla etsa hore ke thabe.” Batho ba bangata ba re kgothalletsa ho hahamalla ho fumana mosebetsi wa maemo. Mosebetsi o jwalo o ka etsa hore re hlahelle mme re be le tjhelete e ngata. Kaha batho ba bangata kajeno ba hahamalla mesebetsi e jwalo, le rona re ka qetella re se re nahana jwalo ka bona.

12. Na ho ba le mosebetsi wa maemo ho etsa hore motho a thabe?

12 Na ho ba le mosebetsi wa maemo, o patalang tjhelete e ngata, ho etsa hore motho a thabe e le kannete? Tjhe. Hopola hore Satane o ne a rata maemo a bile a batla ho busa batho ba bang. Ho e na le hore a thabiswe ke ho fumana dintho tseo, Bibele e re o halefile. (Mat. 4:8, 9; Tšen. 12:12) Ho ba le mosebetsi wa maemo ho tlisa thabo ya nakwana. Ho ekelletsa moo, batho ba hahamallang mesebetsi e jwalo ba na le moya wa tlhodisano ebile ba jellana mona. Kahoo, ho a hlaka hore ho hahamalla mosebetsi wa maemo ho tshwana le “ho lelekisa moya.” (Moek. 4:4) Empa ho thusa batho ho ithuta ka Modimo le ditshepiso tsa hae ho re tlisetsa thabo ya ka ho sa feleng.

13. (a) Re lokela ho ba le pono efe ka mosebetsi? (b) Ho ya ka lengolo leo a ileng a le ngolla Bathesalonika, Pauluse o ne a thabiswa keng?

13 Ke nnete hore re lokela ho sebetsa e le hore re phele, ebile ha ho phoso ho kgetha mosebetsi oo re o ratang. Empa mosebetsi ha o a lokela ho tla pele bophelong ba rona. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi; kaha o tla hloya e mong mme a rate e mong, kapa o tla kgomarela e mong mme a nyedise e mong. Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Ha ho na ntho e ka re thabisang ho feta ho etsa hore ho sebeletsa Jehova ho tle pele bophelong ba rona. Moapostola Pauluse o ile a etsa sona seo. Ha a sa le motjha, Pauluse o ne a hahamalla mosebetsi wa maemo. Empa o ile a fumana thabo ya sebele ha e se e le mmoledi wa ditaba tse molemo. O ne a thabiswa ke ho bona kamoo molaetsa wa Bibele o neng o thusa batho kateng. (Bala 1 Bathesalonika 2:13, 19, 20.) Ha ho na mosebetsi o mong o ka tlisetsang motho thabo e kaalo.

Re a thaba ha re thusa ba bang ho ithuta ka Modimo (Sheba serapa sa 12, 13)

NA RE KA RAROLLA MATHATA A LEFATSHE?

14. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba rata kgopolo ya ho itharolella mathata a bona?

14 “Re ka kgona ho rarolla mathata a rona ntle le thuso ya Modimo.” Batho ba bangata ba rata kgopolo ena hobane ha ba batle ho tataiswa ke Modimo, empa ba batla ho itaola. Kaha ditlaleho tse ding di re dintwa, tlolo ya molao, malwetse le bofutsana di ntse di fokotseha, batho ba bang ba ka nna ba dumela hore ba ka kgona ho rarolla mathata a bona. Tlaleho e nngwe e re: “Bophelo bo ntse bo ntlafala hobane batho ba ikemiseditse ho rarolla mathata a lefatshe.” Na see se bolela hore batho ba se ba fumane tharollo bakeng sa mathata a bona? Ho araba potso eo, a re qaleng ka ho hlahloba a mang a mathata ao.

15. Re tseba jwang hore mathata a lefatshe a tebile?

15 Dintwa: Dintwa tse pedi tsa lefatshe di ile tsa bolaya batho ba fetang dimilione tse ka bang 60. Esita le ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, dintwa ha di a ka tsa kgaotsa. Ho theosa le dilemo ho tla fihlela ka 2015, batho ba ka bang dimilione tse 65 ba ile ba tlameha ho tloha malapeng a bona ka lebaka la dintwa le mahloriso. Palong eo, ba ka hodimo ho dimilione tse 12, ke ba ileng ba baleha malapeng a bona ka selemo sa 2015 feela. Tlolo ya molao: Le hoja mefuta e meng ya tlolo ya molao e fokotsehile, e meng e kang bonokwane ba inthaneteng, tlhekefetso ya ka malapeng le bokgukguni e ntse e eketseha ka sekgahla se tshosang. Ho phaella moo, batho ba bangata ba dumela hore bobodu bo ntse bo eketseha lefatsheng lohle. Batho ha ba kgone ho fedisa bonokwane. Malwetse: Malwetse a mang a a phekoleha. Empa ka 2013, tlaleho e nngwe e ile ya re selemo le selemo batho ba ka bang dimilione tse 9, ba ka tlase ho dilemo tse 60, ba bolawa ke lefu la pelo, stroke, kankere, lefu la tswekere le mafu a kang asthma. Bofutsana: Ho ya ka World Bank, ka 1990 ho ne ho na le batho ba dimilione tse 280 ba futsanehileng ka ho fetisisa Afrika. Empa ka 2012 palo eo e ile ya nyolohela ho dimilione tse 330.

16. (a) Ke hobaneng ha e le Mmuso wa Modimo feela o ka fedisang mathata a batho? (b) Ke dintho dife tse boletsweng esale pele bukeng ya Esaia le ya Lipesaleme, tseo Mmuso wa Modimo o tla di etsetsa batho?

16 Kajeno dikgwebo le mekgatlo ya dipolotiki e laolwa ke batho ba meharo. Kahoo, ho hlakile hore batho ba jwalo ba ke ke ba fedisa tlolo ya molao, malwetse le bofutsana. Ke Mmuso wa Modimo feela o ka fedisang dintho tsena. Nahana ka seo Jehova a tla se etsetsa batho. Ntwa: Mmuso wa Modimo o tla fedisa dintho tse bakang dintwa, jwalo ka batho ba meharo, ba ratang dinaha tsa habo bona, bobodu, bodumedi ba bohata le Satane ka boyena. (Pes. 46:8, 9) Tlolo ya molao: Hona jwale Mmuso wa Modimo o se o ntse o ruta batho ba dimilione hore ba ratane le ho tshepana, e leng seo mebuso e meng e hlolehang ho se etsa. (Esa. 11:9) Malwetse: Jehova o tlo fedisa ho kula. (Esa. 35:5, 6) Bofutsana: Jehova o tlo bo fedisa, a be a etse hore batho ba be le ntho ya bohlokwa ho feta maruo, e leng kamano e ntle le yena.—Pes. 72:12, 13.

“LE TSEBE KAMOO LE TSHWANELANG HO FANA KA KARABO”

17. O ka qoba menahano ya lefatshe jwang?

17 Haeba monahano kapa kgopolo e itseng ya lefatshe e leka tumelo ya hao, etsa dipatlisiso ka Bibeleng mme o buisane le Mokreste e mong ya hodileng tsebong ka taba eo. Ipotse hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba rata kgopolo eo, hore na ke hobaneng ha e fosahetse le hore o ka e qoba jwang. Kaofela ha rona re ka itshireletsa kgahlanong le menahano e fosahetseng ya lefatshe ka ho latela keletso eo Pauluse a ileng a e fa phutheho ya Kolose, ha a ne a re: “Tswelang pele le tsamaya ka bohlale mabapi le ba ka ntle . . . le tsebe kamoo le tshwanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakol. 4:5, 6.

^ par. 9 Batho ba bangata ha ba tsebe hore tlaleho e ho Johanne 7:53–8:11 e fumanehang Dibibeleng tse ding, e ne e le siyo ha ho ne ho ngolwa Bibele, empa ke karolo e ileng ya ikenyetswa ke bakopitsi ba bang ba Bibele. Ditemana tsena di etsa batho ba bang ba nahane hore ke motho ya se nang sebe feela ya ka ahlolang e mong hore o entse bofebe. Empa molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele o ne o re: “Haeba monna a fumanwa a robetse le mosadi [wa monna e mong], ka bobedi ba tla shwa hammoho.”—Deut. 22:22.