Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Etsang Hore o Thabele ho Kopanela Phuthehong e Ntjha?

O ka Etsang Hore o Thabele ho Kopanela Phuthehong e Ntjha?

MORABO rona e mong ya bitswang Allen o sa tswa fallela phuthehong e bohole ba dikhilomitara tse ka bang 1 400 ho tloha habo. * Ha a bua ka phutheho eo, o re: “Ke ne ke tshaba ho fallela phuthehong ena. Ke ne ke ipotsa hore na ke tla fumana metswalle.”

Haeba o sa tswa fallela phuthehong e ntjha, ho ka etsahala hore ha o so tlwaele Bakreste mmoho le wena ba phuthehong eo. O ka thuswa keng hore o ba tlwaele? O ka etsang haeba o utlwa ho le boima ho tlwaelana le bona? Ka lehlakoreng le leng, o ka etsang ho thusa ba sa tswa fihla ka phuthehong ya heno hore ba tlwaele sebaka?

SEO O KA SE ETSANG HO TLWAELA PHUTHEHO E NTJHA

Nahana ka mohlala ona: Sefate se a lemala ha se tloswa moo se jetsweng teng mme se iswa sebakeng se seng. E le hore ho be bonolo ho se tsamaisa, mojadi o kgaola e meng ya metso kapa methapo ya sona. Ka mora hore se lenngwe mobung o motjha, se lokela ho mela metso e metjha hanghang hore se se ke sa shwa. Ka tsela e tshwanang, e ka nna yaba ho fallela phuthehong e nngwe ho ile ha ho lematsa ka tsela ya tshwantshetso. Ho tshwana le sefate, o ne o se o metse ka metso phuthehong eo o tswang ho yona hobane o ne o na le metswalle o bile o thabela ho sebeletsa Jehova. Hona jwale o lokela ho etsa metswalle e metjha e le hore o thabele sebaka seo o leng ho sona. Keng e tla o thusa hore o etse jwalo? O tla thuswa ke ho sebedisa melaomotheo ya Bibele. A re ke re hlahlobe e meng ya yona.

Motho ya balang Lentswe la Modimo kamehla o “jwalo ka sefate se lenngweng haufi le melapo ya metsi, se fanang ka ditholwana tsa sona nakong ya tsona, le seo makgasi a sona a sa poneng, ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e tla atleha.”Pes. 1:1-3.

Jwalo ka ha sefate se lokela ho fumana metsi kamehla hore se dule se phela, Mokreste le yena o lokela ho iphepa Lentswe la Modimo kamehla hore kamano ya hae le Modimo e be matla. Kahoo, le ha o se o le phuthehong e ntjha, tswela pele o bala Bibele kamehla mme o se ke wa kgaotsa ho ya dibokeng. Tswela pele o etsa borapedi ba lelapa le thuto ya botho. Ha o fihla phuthehong e ntjha, o se ke wa kgaotsa ho etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa ho matlafatsa kamano ya hao le Jehova.

Ya nosetsang kapa ya kgathollang ba bang ka bolokolohi [le yena] o tla nosetswa ka bolokolohi.”Liprov. 11:25.

Ho ya tshimong kamehla ho tla o kgatholla mme ho tla o thusa ho tlwaela sebaka le phutheho eo kapele. Moholo e mong ya bitswang Kevin o re: “Nna le mosadi wa ka re ile ra thuswa ke ho nka bopulamadiboho bo thusang hang feela ha re fihla phuthehong e ntjha. Ho etsa jwalo ho ile ha re thusa hore re tlwaele Bakreste mmoho le rona, bopulamadiboho le tshimo ya rona.” Roger, ya seng a kopanela phuthehong e bohole ba dikhilomitara tse fetang 1 600 ho tloha moo a neng a dula teng, o re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho tlwaela phutheho e ntjha ke ho ya tshimong hangata kamoo o ka kgonang kateng. Etsa dintho tse tla bontsha baholo hore o ikemiseditse ho sebediswa, tse kang ho ithaopela dipuo dibokeng, ho hlwekisa Holo kapa ho thusa mohweletsi e mong ka transpoto ya ho tla dibokeng. Ho tla ba bonolo hore bara le baradibabo rona e be metswalle ya hao haeba o bontsha moya wa boitelo.”

“Le atolohe.”2 Bakor. 6:13.

Atoloha ka hore o etse metswalle. Ka mora hore Melissa le ba lelapa la hae ba fihle phuthehong e ntjha, ba ile ba ikemisetsa ho etsa metswalle e metjha. O re: “Re ne re rata ho qoqa le batho pele diboka di qala le ka mora tsona. Sena se ile sa re thusa ho ba le meqoqo e monate le bona, e seng ho ba dumedisa feela.” Ho etsa jwalo ho ile ha thusa lelapa labo Melissa ho tseba mabitso a bara le baradibabo rona ka phuthehong. Ho ekelletsa moo, ba ile ba mema ba bang lapeng la bona mme seo sa etsa hore setswalle sa bona se tiye. Melissa o re: “Re ile ra fana ka dinomoro tsa rona e le hore barababo rona ba ka re tsebisa ha ho na le mmoka, tshimo kapa dintho tse ding.”

Haeba o utlwa ho le thata ho qala moqoqo le batho bao o sa ba tsebeng, leka ho etsa dintho tse nyenyane tse kang ho bososela le bona. Ho bososela ho tla etsa hore ho be bonolo hore batho ba qoqe le wena. Rachel ya seng a dula hole le moo a holetseng teng, o re: “Ha esale ke le motho ya dihlong. Ka dinako tse ding ho ba thata haholo hore ke qoqe le bara le baradibabo rona ka phuthehong. Ke rata ho dula pela motho ya dutseng a le mong mme a sa qoqe le ba bang, kaha ho ka etsahala hore o dihlong jwalo ka nna.” Ikemisetse ho qoqa le motho a le mong pele diboka di qala le ka mora hore di tswe.

Ka lehlakoreng le leng, dibekeng tsa pele ha o sa tswa fihla, o ka nna wa utlwa ho le monate ho kopana le batho bao o sa ba tsebeng. Empa ha nako e ntse e ya, o ka utlwa o se o jewa ke bodutu. O se ke wa dumella boikutlo boo ho o etsa hore o kgaotse ho etsa metswalle e metjha.

Ha difate di iswa sebakeng se seng, metso ya tsona e ya pongwa, empa ha di lengwa sebakeng se seng di mela metso e meng

HO TLWAELA PHUTHEHO HO NKA NAKO

Ho nka nako hore difate tse ding di mele hantle ha di fihla sebakeng se seng. Ka tsela e tshwanang, ha se batho bohle ba tlwaelang phutheho e ntjha kapele. Haeba e se e le nako o le phuthehong e ntjha mme o ntse o utlwa ho le thata hore o e tlwaele, ho sebedisa melamotheo e latelang ho ka o thusa:

“A re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa kgathale.”Bagal. 6:9.

Iphe nako e eketsehileng ya hore o tlwaele phutheho e ntjha. Ka mohlala, baromuwa ba bangata ba qeta dilemo tse mmalwa naheng eo ba abetsweng ho yona pele ba etela dinaheng tsa habo bona. Ho etsa jwalo ho ba thusa hore ba tlwaele barababo bona le setso sa bona.

Alejandro o se a ile a tjhentjha diphutheho ka makgetlo a mmalwa mme o re o a tseba hore ho nka nako ho tlwaela phutheho e ntjha. O re: “Ha re sa tswa fihla mona, mosadi wa ka o ile a lla ka hore o siile metswalle ya hae phuthehong eo re tswang ho yona!” Ha ba ne ba fihla phuthehong eo ba tswang ho yona dilemong tse pedi tse fetileng, mosadi wa Alejandro o ile a ikutlwa ka tsela e tshwanang. Empa Alejandro o ile a mo hopotsa kamoo a ileng a thaba kateng ha a qala ho etsa metswalle phuthehong eo.

“O se ke wa re: ‘Ke hobaneng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’ etswe hase ka lebaka la bohlale o botsitseng ka sena.” Moek. 7:10.

O se ke wa bapisa phutheho eo o leng ho yona le eo o tswang ho yona. Ka mohlala, ho ka etsahala hore bahweletsi ba phutheho e ntjha ha ba bue haholo ho tshwana le ba moo o tswang. O se ke wa sheba mefokolo ya bona, jwalo ka ha le wena o ke ke wa rata ha ba ka etsa jwalo ho wena. Ba bang ba ile ba hlokomela hore ho fallela phuthehong e ntjha ho entse hore ba ipotse hore na ehlile ba rata “mokgatlo wohle wa barababo rona.”—1 Pet. 2:17.

Le nne le kope, mme le tla fuwa.”Luka 11:9.

Tswela pele ho rapella thuso ya Jehova. Moholo e mong ya bitswang David o re: “O se ke wa nahana hore o tla hlola bothata bona ka matla a hao. Dintho tse ding re kgona ho di etsa feela ka thuso ya Jehova. Kahoo, mo kope hore a o thuse!” Rachel eo re buileng ka yena pejana, le yena o re: “Ha nna le molekane wa ka re utlwa eka re mekgelo phuthehong ya rona, re etsa thapelo e tobileng ho Jehova, re re: ‘Re kopa o re thuse ho bona hore na keng eo re e etsang, e etsang hore bara le baradibabo rona ba se ke ba re atamela.’ Ka mora moo re leka ho qeta nako e eketsehileng re na le Bakreste mmoho le rona.”

Haeba o motswadi mme bana ba hao ba thatafallwa ke ho tlwaelana le ba bang ka phuthehong, rapela le bona ka taba ena. Ba thuse ho fumana metswalle e metle, mohlomong ka ho mema Bakreste ba behang mohlala ha hao.

THUSA BA SA TSWA FIHLA PHUTHEHONG YA HENO

O ka etsang ho thusa ba sa tswa fihla phuthehong ya heno? E ba motswalle wa sebele di sa tloha feela. Tshwara batho ba sa tswa fihla ka tsela eo o neng o ka thabela ho tshwarwa ka yona haeba o ne o le motjha phuthehong e itseng. (Mat. 7:12) Mohlomong o ka ba memela ha hao bakeng sa borapedi ba lelapa kapa ho tla shebella lenaneo la JW Broadcasting. Kapa o ka sebetsa le bona tshimong. Haeba o ka ba mema hore ba tlo ja le lelapa la hao, ba ke ke ba lebala kamohelo ya lona. O ka boela wa ba thusa jwang?

Morabo rona Carlos o re: “Ha re fihla phuthehong e ntjha, moradiwabo rona e mong o ile a re fa lethathamo la dishopo tse rekisang dintho ka theko e tlase. Seo se ile sa re thusa haholo.” Kaha boemo ba lehodimo bo a fapana ho ya ka dibaka, o ka thusa ba sa tswa fihla sebakeng sa heno ho fumana diaparo tse loketseng maemo a sebaka. O ka boela wa ba thusa ho atleha tshimong ka ho ba hlalosetsa histori ya batho ba tshimong ya lona, meetlo ya bona le hore na ba dumelang.

HO IKITLAETSA HO A PUTSA

Allen eo re buileng ka yena qalong, o se a qetile selemo a le phuthehong e ntjha. O re: “Qalong ho ne ho le boima ho tlwaela bara le baradibabo rona. Empa hona jwale ke se ke ba tlwaetse hoo e ka reng re lelapa.” Allen o a hlokomela hore ho falla ha ho a etsa hore a lahlehelwe ke metswalle. Ho e na le hoo, o fumane metswalle e eketsehileng, batho bao e tla bang metswalle ya hae ka ho sa feleng.

^ par. 2 Mabitso a mang a fetotswe.