Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ya Fanang ka Seatla se Bulehileng o Tla Hlohonolofatswa

Ya Fanang ka Seatla se Bulehileng o Tla Hlohonolofatswa

HAESALE mahlabelo a phetha karolo ya bohlokwa borapeding ba nnete. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba etsa mahlabelo a diphoofolo ha Bakreste bona ba fana ka “sehlabelo sa thoriso.” Le ha ho le jwalo, ho na le mahlabelo a mang a kgahlisang Modimo haholo. (Baheb. 13:15, 16) Mahlabelo ao a etsa hore ba fanang ka ona ba thabe le hore ba hlohonolofatswe ke Modimo. Re bona sena mehlaleng e latelang.

Anna e leng mohlanka wa Modimo ya tshepahalang wa mehleng ya boholoholo, o ne a batla ho ba le mora empa a sa kgone ho ba le bana. Thapelong, o ile a tshepisa Jehova hore ha a ne a ka mo fa mora, o ne a tla fana ka ngwana eo ho Jehova. (1 Sam. 1:10, 11) Ha nako e ntse e ya, Anna o ile a ima mme a tswala mora, eo a ileng a mo bitsa Samuele. Ha Samuele a sa tswa tlohela letswele, Anna o ile a mo isa tabernakeleng feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Jehova o ile a hlohonolofatsa Anna bakeng sa moya wa hae wa boitelo. O ile a fumana bana ba bang ba bahlano mme Samuele ya eba moprofeta le mongodi wa Bibele.—1 Sam. 2:21.

Jwalo ka Anna le Samuele, le rona kajeno re na le tokelo ya ho sebedisa bophelo ba rona tshebeletsong ya Modimo. Ho feta moo, Jesu o ile a re tshepisa hore re tla hlohonolofatswa ka ho enneng bakeng sa boitelo bofe kapa bofe boo re bo etsang tshebeletsong ya Jehova.—Mar. 10:28-30.

Mehleng ya baapostola, mosadi e mong ya bitswang Dorkase o ne a tsebahala ka “diketso tse molemo le dimpho tsa mohau,” e leng dintho tse molemo tseo a neng a di etsetsa ba bang. Ka maswabi, ka letsatsi le leng o ile “a kula a ba a shwa,” mme seo sa utlwisa phutheho yohle bohloko. Barutuwa ba ile ba kopa hore Petrose a tle hanghang, kaha ba ne ba utlwile hore o teng sebakeng seo. O ka nahana feela kamoo ba ileng ba thaba kateng ha Petrose a tla mme a tsosa Dorkase bafung! Ha Petrose a etsa mohlolo ona, e bile yena moapostola wa pele eo Bibele e reng o ile a tsosa motho bafung. (Lik. 9:36-41) Ho hlakile hore Modimo o ne a sa lebala mesebetsi e metle eo Dorkase a neng a e entse. (Baheb. 6:10) Mohlala wa hae wa ho fana ka seatla se bulehileng o ngotswe ka Bibeleng e le hore re ka o etsisa.

Moapostola Pauluse ke e mong wa batho ba ileng ba sebedisa nako ya bona ho thusa batho ba bang. Ha a ngolla phutheho ya Korinthe, Pauluse o ile a re: “Ka nyakallo e kgolo ke tla sebedisa le ho sebediswa ka ho feletseng bakeng sa . . . lona.” (2 Bakor. 12:15) Pauluse o ne a tseba hore ho itela bakeng sa batho ba bang ho etsa hore motho a thabe. Ha bohlokwa le ho feta, o ne a tseba hore ho etsa hore motho a amohelwe le ho hlohonolofatswa ke Jehova.—Lik. 20:24, 35.

Ho hlakile hore Jehova o a thaba ha re sebedisa nako le matla a rona tshebeletsong ya hae esita le ha re thusa badumedi mmoho le rona. Empa na ho na le ditsela tse ding tseo re ka tshehetsang mosebetsi wa boboledi ka tsona? E, di teng! Ntle le ho paka le ho thusa ba bang, re ka boetse ra rorisa Modimo ka ho ntsha menehelo ya boithatelo. Menehelo ya rona e sebediswa ho ntshetsa pele mosebetsi wa ho paka lefatsheng lohle, o akarelletsang ho tshehetsa baromuwa, balebedi ba potoloho, bopulamadiboho ba kgethehileng le ba sebeletsang Bethele. E boetse e sebedisetswa ho thusa ha ho hlahile dikoduwa, ho haha Diholo Tsa Mmuso le hore ho etswe dingolwa tse thehilweng Bibeleng le divideo. Re ka kgodiseha hore ya fanang ka seatla se bulehileng “o tla hlohonolofatswa.” Ho feta moo, ha re fana ka dintho tsa rona tsa bohlokwa, re rorisa Jehova mme re bontsha hore re a mo hlompha.—Liprov. 3:9; 22:9.