Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 146

‘Dintho Tsohle di ba Ntjha’

‘Dintho Tsohle di ba Ntjha’

(Tšenolo 21:1-5)

  1. 1. “Dipontsho tsa dinako” jwale di teng.

    Jesu Kreste o dutse teroneng.

    Jwale Satane o lelekuwe,

    Thato’a Jah e tla etswa lefatsheng.

    (CHORUS)

    Thabang hobane Modimo

    O tla dula hara batho!

    O tla hlakola meokgo yohle,

    Le motsu wa lefu o tla fela.

    Modim’o tla ntjhafatsa ntho tsohle.

    Mantswe ana ke nnete.

  2. 2. Bonang monyaduwa wa Kreste Jesu,

    Ke Jerusalema e phatsimang.

    Ke motse o motjha o ratehang,

    Jehova ke Yena ya o kgantshang.

    (CHORUS)

    Thabang hobane Modimo

    O tla dula hara batho!

    O tla hlakola meokgo yohle,

    Le motsu wa lefu o tla fela.

    Modim’o tla ntjhafatsa ntho tsohle.

    Mantswe ana ke nnete.

  3. 3. Ke motse oo bohle ba tla o rata.

    Menyako ya wona ha e kwalwe.

    Ditjhaba di phallela ho wona.

    Kganya ya wona e’a bonahala.

    (CHORUS)

    Thabang hobane Modimo

    O tla dula hara batho!

    O tla hlakola meokgo yohle,

    Le motsu wa lefu o tla fela.

    Modim’o tla ntjhafatsa ntho tsohle.

    Mantswe ana ke nnete.