Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 153

Mphe Sebete

Mphe Sebete

(2 Marena 6:16)

  1. 1. Letswalo le’a nkotla​—

    Ho hotsho moo ke yang.

    Empa Jah o’a ntataisa,

    O tla nlwanela.

    Le ha ho le thata,

    Ke kgodisehile:

    O ke ke be wa mphuralla,

    O ntshireleditse.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    O nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    Hlakoreng la rona.

    Ako mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    O Ya Matla Ohle.

  2. 2. Re batho re’a tshoha.

    Re fellwa ke matla.

    Empa o lefika la ka,

    Ke wena ya hlolang.

    Ke kopa sebete,

    Ke se tshabe letho.

    Teronko kapa lebitla​—

    Ha se letho ho nna.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    O nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    ’Hlakoreng la rona.

    Ako mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    O Ya Matla Ohle.

    (KHORASE)

    Jehova, mphe tumelo hle,

    O nthuse ke bone

    Hore ba bangata hakaakang

    ’Hlakoreng la rona.

    Ako mphe sebete,

    Ke tle ke mamelle.

    Jehova, mphe sebete,

    O Ya Matla Ohle.

    Jehova, mphe sebete,

    O Ya Matla Ohle.