Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 158

Re Tla Mamella

Re Tla Mamella

(Habakuke 2:3)

  1. 1. Re tsota botle

    ba fatshe lohle.

    O le bopile

    ka mamello yohle.

    Ntate, rea tseba

    hore ka le leng,

    Ka nako ya hao,

    o tla le lokisa.

    (KHORASE)

    Ntate, re letetse

    lefatshe le letjha.

    Re thuse ho mamella.

    Re kgodisehile:

    Tsatsi la hao Ntate

    Le ke ke la dieha.

    Re tla mamella.

  2. 2. O tla hopola

    le bafu ba hao.

    Rea tseba hore

    o ne o ba rata.

    O tla ba tsosa

    fatsheng le letjha.

    O re thuse hle,

    re se fele pelo.

    (KHORASE)

    Ntate, re letetse

    efatshe le letjha.

    Re thuse ho mamella.

    Re kgodisehile:

    Tsatsi la hao Ntate

    Le ke ke la dieha.

    Re tla mamella.

  3. 3. O mameletse,

    o ntse o batla

    Ba pelo di ntle,

    hore ba pholohe.

    Rea ba fumana,

    rea ba kgothatsa

    Ka Lentswe la hao

    mme le ba fa tshepo.

    (KHORASE)

    Ntate, re letetse

    lefatshe le letjha.

    Re thuse ho mamella.

    Re kgodisehile:

    Tsatsi la hao Ntate

    Le ke ke la dieha.

    Re tla mamella.

    Re thuse ho mamella.

(Sheba le Bakol. 1:11.)