Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 78

Ho “Ruta Lentswe la Modimo”

Ho “Ruta Lentswe la Modimo”

(Liketso 18:11)

  1. 1. Baboledi ba Ntswe la Jah,

    ba dula ka thabo,

    Ba fumana mahlo’nolo

    A maholo ruri.

    Re etsisa Mora wa Jah

    Ya ratileng batho.

    Ha re ba ruta,

    Ba tla atamela ho Modimo.

  2. 2.Ha re ruta Lentswe la Jah,

    Re etsa thato’a hae.

    Re batla bohle ba bone

    Kganya ya Modimo.

    Ha re ithuta Bibele,

    Re rua molemo.

    Ha re fa ba bang letlotlo leo

    Re a matlafala.

  3. 3.Jehova o re fa tsohle

    Hore re bolele.

    Ha re kopa thuso ya hae,

    O tla re mamela.

    Re rata se ka Ntsweng la Jah,

    Re’a tseba ke nnete.

    Ha re rata bao re ba rutang,

    Ba tla tseba Mmopi!