Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Fetola Mawa

Ke Fetola Mawa
  1. 1. Kgale ke nahana,

    mehla yohle.

    Borapedi ba ka,

    eka ke mokgwa feela.

    Ha se jwale ke fata nqa e le nngwe,

    ha e le nako ya papadi,

    e se e fedile.

    (KHORASE)

    Jwale ke qala botjha, ho qala kajeno.

    Ke fetola mawa, ha ke bapale.

    Ntate ke bona se nepahetseng.

    Ke fetola mawa, ke o tshepile.

  2. 2. Ke hloka sebete,

    jwale ke ya bona.

    Ho inahana hantle,

    ho ntsositse molota.

    Ke qala ntho tse ntjha tse nkgathollang,

    menyetla e bile mengata,

    empa ka e tlohela.

    (KHORASE)

    Se ke qala botjha, ke itjwetsitse,

    ke fetola mawa, letsatsi ka leng.

    Ntate ke bona se nepahetseng.

    Se ke qala botjha, ke o tshepile.

    (BOROKGO)

    Ke sa hopola pele,

    ha ke re nka se kgone.

    Ka dinako tse ding,

    ke ya ikwahlaya.

    Ke ya bona Jehova,

    o putsa sebete.

    O tla mputsa hape,

    haeba ke mamella.

    (KHORASE)

    Ke fetola mawa letsatsi ka leng,

    se ke fetola mona le mane.

    Ntate ke bona se nepahetseng.

    Jah wa nhlohonolofatsa, Modimo wa ka.

    (KHORASE)

    Jwale ke qala botjha, ho qala kajeno.

    Ke fetola mawa, ha ke bapale.

    Ntate ke bona se nepahetseng.

    Ke fetola mawa.

    (KHORASE)

    Se ke qala botjha, ke itjwetsitse.

    Ke fetola mawa, letsatsi ka leng.

    Ntate ke bona se nepahetseng.

    Ke fetola mawa, ke o tshepile.

    Ke o tshepile.