Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Tsota Mesebetsi ya hao

Re Tsota Mesebetsi ya hao
  1. 1. Mosebetsi wa Mmuso ho theosa le dilemo,

    o mpha lentswe la hao Ntate, nnete le matlotlo.

    Mohlanka hao ya bohlale o mpha le lesedi,

    o nkalosa ka badisa, ba nang le lerato.

    Seo ke se lebelletseng kopanong se tla ba teng.

    Ha ke se fumana ke tla re: “ke sona seo.”

    Le dibokeng ke utlwa tlhokomelo ya hao.

    Ke ithuta ho bolela le ho paka hantle.

    (KHORASE)

    Re tsota Mmuso wa hao,

    le tse o di finyelletseng.

    Re rata Mmuso wa hao.

    Re hola tumelong ha re bona botho ba hao.

    Re lebelletse ho bona ditshepiso tsa hao.

  2. 2. O re fa tokelo ya ho sebetsa le wena.

    Le ho phetha thato ya hao, ho’a re kgotsofatsa.

    Bohlale bo kang kwetsa le kgotso ya hao Ntate,

    di re ruta tse hlwekileng, tsela ya ho phela.

    Ke bina hobane ke ananela ruri.

    Borapeding ba lelapa, ke fumana moya wa hao.

    Re ba bonngweng, le ha re tswa dipuong tse ngata,

    ho tiisa hore re na le lerato le ikhethang.

    (KHORASE)

    Re tsota Mmuso wa hao,

    le tse o di finyelletseng.

    Re rata Mmuso wa hao.

    Re hola tumelong ha re bona botho ba hao.

    Re lebelletse ho bona ditshepiso tsa hao.