Ikemisetse ho Bala le ho Ruta​—Divideo

Eba le bokgoni ba ho bala le ho ruta ha o le hara batho ba bangata.

THUTO YA 1

Mantswe a Susumetsang

O ka etsang e le hore bamamedi ba hao ba batle ho mamela seo o se buang?

THUTO YA 2

Mokgwa wa ho Qoqa

O ka etsang e le hore bamamedi ba hao ba phutholohe ha o bua le bona?

THUTO YA 3

Sebedisa Dipotso

Ke jwang o ka botsang dipotso tse tla etsa hore batho ba batle ho tseba dikarabo, ba bone bohlokwa ba sehlooho hape ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa?

THUTO YA 4

Buella Mangolo Hantle

O ka hlalosetsa bamamedi ba hao jwang hore ba bone bohlokwa ba hore ke hobaneng ha o tlo bala lengolo leo?

THUTO YA 5

Bala Hantle

Ke dintlha dife tse ka re thusang hore re bale hantle se ngotsweng leqepheng?

THUTO YA 6

Hlakisa Mangolo

O lokela ho etsang ha o ntse o bala lengolo le ha o qeta ho le bala, ho thusa bamamedi ba hao ho utlwisisa bohlokwa ba ho bala temana eo?

THUTO YA 7

Dintlha Tse Nepahetseng

O ka etsang hore o se ke wa fetola moelelo wa seo Bibele e se rutang?

THUTO YA 8

Sebedisa Mehlala

Jwalo ka Jesu,O ka sebedisa mehlala hantle jwang?

THUTO YA 9

Sebedisa Ditshwantsho

O ka sebedisa ditshwantsho jwang ho thusa bamamedi ba hao hore ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa?

THUTO YA 10

Fetofetola Modumo wa Lentswe

O ka fetofetola modumo wa lentswe jwang hore o fetise dintlha ka tsela e hlakileng mme o ame bamamedi ba hao?

THUTO YA 11

Mafolofolo

O ka bua ka mafolofolo jwang e le hore o thuse bamamedi ba hao ho nka kgato?

THUTO YA 12

Kutlwelo Bohloko

O ka bontsha kutlwelo bohloko jwang ho bamamedi ba hao?

THUTO YA 13

Hlakisa Dintlha

O ka bua jwang ka tsela e tla etsa hore bamamedi ba hao ba utlwisise dintlha tseo o buang ka tsona mme ba susumelletsehe ho nka kgato?

THUTO 14

Hatisa Dintlha Tsa Bohlokwa

Thusa bamamedi ba hao hore ba o mamele, ba utlwisise mme ba hopole dintlha tsa puo ka ho hatisa dintlha tsa bohlokwa.

THUTO YA 15

Bontsha Kgodiseho

O ka bua ka kgodiseho jwang ha o fana ka puo kapa ha o le tshimong?

THUTO YA 16

Eba ya Kgothatsang

Ke dintho dife tse tharo tseo o ka buang ka tsona tse ka kgothatsang bamamedi ba hao?

THUTO YA 17

Dintlha di Hlakile

Ke dintho dife tseo o sa lokelang ho di etsa ha o leka ho thusa bamamedi ba hao hore ba utlwisise molaetsa wa hao?

THUTO YA 18

Puo e Rutang

O ka etsa jwang hore bamamedi ba hao ba nahane ka taba eo o buang ka yona le hore ba ithute dintlha tsa bohlokwa?

THUTO YA 19

Leka ho Ama Dipelo

O ka thusa bamamedi ba hao jwang hore ba utlwisise bohlokwa ba puo ya hao le hore ba sebedise seo ba ithutileng sona?

THUTO YA 20

Qetella ka se Tla Ama Maikutlo

O ka etsang hore mantswe a qetellang puo ya hao a etse hore bamamedi ba hao ba a amohele le hore ba sebedise seo ba ithutang sona?

O ka Nna wa Rata le Tsena

DIBUKA & DIBUKANA

Ikemisetse ho Bala le ho Ruta

Bukana ena e etseditswe ho o thusa ho matlafatsa bokgoni ba hao ba ho bala le ho ruta.