Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LIVING AS CHRISTIANS

Kgothatsa Mokreste ya Kgathetseng

Kgothatsa Mokreste ya Kgathetseng

Selemo le selemo, Bakreste ba bangata ba nkileng nako e telele ba sa tle dibokeng, ba ba teng Sehopotsong. Ba ile ba qala ho matha peisong ya bophelo empa ka mabaka a fapaneng ba kgathala. A mang a mabaka ao a hlalositswe bukaneng ya Kgutlela ho Jehova. (Heb 12:1) Le ha ho le jwalo, Jehova o ntse a ba rata hobane o ile a ba reka ka madi a Mora wa hae. (Lik 20:28; 1Pe 1:18, 19) Re ka ba thusa jwang hore ba kgutlele ka phuthehong?

Baholo ba batla ho fumana le ho thusa Bakreste ba kgathetseng, feela jwalo ka ha modisa a leka ka matla ho fumana nku e lahlehileng mohlapeng. (Lu 15:4-7) Sena se bontsha hore Jehova o a ba rata ebile o a ba kgathalla. (Jer 23:3, 4) Ha se baholo feela ba ka ba kgothatsang empa le rona re ka kenya letsoho. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona ha re bontsha mosa le lerato. (Lipr 19:17; Lik 20:35) Kahoo, nahana ka hore ke mang eo o ka mo kgothatsang mme o etse jwalo ntle ho tshenyo ya nako!

SHEBELLA VIDEO YA KGOTHATSA BA KGATHETSENG, EBE LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Abbey o entse boiteko bofe ha a ne a kopana le Paki eo a neng a sa e tsebe?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho ya ho baholo pele re nahana ka ho thusa motho ya kgathetseng?

  • Abbey o ile a etsang pele a etela Laura ka lekgetlo la bobedi?

  • Abbey o bontshitse boikemisetso, mamello le lerato jwang ha a ntse a leka ho kgothatsa Laura?

  • Re ka ithutang papisong ya Jesu e ho Luka 15:8-10?

  • Boiteko ba ho thusa Laura bo ile ba tlisa ditlhohonolofatso dife?