Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Dipina Tsa Mmuso di re Tsosa Molota

Dipina Tsa Mmuso di re Tsosa Molota

Pauluse le Silase ba ne ba rorisa Modimo ka ho bina ha ba ntse ba le teronkong. (Lik 16:25) Mehleng ena, Dipaki tse ding di ile tsa bina dipina tsa Mmuso ha di ntse di le kampong ya mahloriso ya Manazi Germany e Sachsenhausen. Le ha di lelekilwe naheng ya ha bo tsona di isitswe Siberia di ne di ntse di bina. Mehlala ena e bontsha kamoo dipina di nang le matla a ho etsa hore re be sebete kateng ha re kopana le diteko.

Haufinyana dipuo tse ding le tsona di tla ba le buka ya dipina e ntjha e nang le sehlooho se reng ‘Binelang Jehova le Thabile’. Ha re se re iphumanetse yona, re ka di bina nakong ya borapedi ba lelapa e le hore re di tshware ka hlooho. (Ef 5:19) Ha re etsa jwalo, moya o halalelang o tla re thusa hore re di hopole ha re hlahelwa ke diteko. Dipina tsa Mmuso di tla boela di re thuse hore re dule re tadimile moputsong. Di tla re kgothatsa ha re hlahelwa ke diteko. Nakong eo re ikutlwang re thabile, mantswe a pina e re tsosang molota a etsa hore re ‘binele Jehova re thabile’ le ho feta, ka lebaka la boemo bo botle ba pelo. (1Ko 15:16; Pes 33:1-3) E se eka kaofela ha rona, re ka sebedisa dipina tsena tsa Mmuso!

SHEBELLA VIDEO YA PINA E ILENG YA KGOTHATSA BARABABO RONA. EBE LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke maemo afe a ileng a susumelletsa Morabo rona Frost hore a ngole pina?

  • Pina eo e ile ya kgothatsa barababo rona ba neng ba le kampong ya mahloriso e Sachsenhausen jwang?

  • Ke maemong afe bophelong ba letsatsi le letsatsi moo dipina tsa Mmuso di ka o matlafatsang?

  • Ke dipina dife tsa Mmuso tseo o ka thabelang ho di tshwara ka hlooho?