Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho

Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho

●○○ LEETO LA PELE

Potso: Ke hobaneng ha Modimo a bopile batho?

Lengolo: Ge 1:28

Potso ya Nakong e Tlang: Re tseba jwang hore seo Modimo a se rerileng ka batho se tla etsahala?

○●○ LEETO LA PELE LA HO BOELA

Potso: Re tseba jwang hore seo Modimo a se rerileng ka batho se tla etsahala?

Lengolo: Esa 55:11

Potso ya Nakong e Tlang: Bophelo bo tla ba jwang ha Modimo a se a phethahaditse seo a neng a se rerile ka batho?

○○● LEETO LA BOBEDI LA HO BOELA

Potso: Bophelo bo tla ba jwang ha Modimo a se a phethahaditse seo a neng a se rerile ka batho?

Lengolo: Pes 37:10, 11

Potso ya Nakong e Tlang: Re lokela ho etsang e le hore re tle re thabele ditshepiso tsa Modimo?

LETSHOLO LA HO MEMELA BATHO SEHOPOTSONG (14 March–7 April):

“Re ntse re memela batho ketsahalong ya bohlokwa ka ho fetisisa eo batho ba dimilione ba tla beng ba le teng ho yona, e leng Sehopotso sa lefu la Jesu.” Fana ka memo. “Memo ena e bontsha nako le sebaka seo ketsahalo ena e tla tshwarelwa ho sona. Re boetse re o memela ho tla mamela puo e kgethehileng e tla fanwa beke pele ho Sehopotso.”

Seo o ka se Buang Haeba Motho a Thahasella: Ke hobaneng ha Jesu a ile a shwa?