Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ke Eng ya Bohlokwa ka ho Fetisisa Bophelong ba ka?

Ke Eng ya Bohlokwa ka ho Fetisisa Bophelong ba ka?

Jakobo o ile a lwantshana le lengeloi hobane a batla ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e leng tlhohonolofatso ya Jehova. (Ge 32:24-31; Hos 12:3, 4) Na le rona re ikemiseditse ho sebetsa ka thata ho mamela Jehova le ho fumana tlhohonolofatso ya hae? Ka mohlala, haeba re lokela ho kgetha pakeng tsa ho ya dibokeng le ho sebetsa dihora tse eketsehileng, re tla kgetha ho etsang? Ha re fa Jehova nako ya rona, matla a rona le dintho tseo re nang le tsona o tla re ‘hlohonolofatsa ho fihlela ho se ho se letho le hlokwang.’ (Mal 3:10) O tla re tataisa, a re sireletse a be a re hlokomele.​—Mat 6:33; Heb 13:⁠5.

SHEBELLA VIDEO E RENG DULA O TSEPAMISITSE KELELLO YA HAO DINTHONG TSEO O BATLANG HO DI FINYELLA TSHEBELETSONG, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ntho eo moradiwabo rona a e ratang e ile ya fetoha teko jwang?

  • Mosebetsi wa rona wa boiphediso o ka re leka jwang?

  • Ke hobaneng ha Timothea a ne a lokela ho dula a ipehela dintho tseo a batlang ho di finyella tshebeletsong, le hoja e ne e le Mokreste ya hodileng tsebong?​—1Ti 4:16

  • Ke eng ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hao?

    Re ka bontsha jwang hore ke mosebetsi ofe “o tlang pele” bophelong ba rona?