Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Lahlang Medimo Esele”

“Lahlang Medimo Esele”

Le hoja Jehova a ne a e so ka a fana ka molao mabapi le ho rapela medimo ya ditshwantsho, Jakobo o ne a tseba hore Jehova o tshwanelwa ke boinehelo bo kgethehileng. (Ex 20:3-5) Ka hoo, ka mora hore Jehova a mo bolelle hore a kgutlele Bethele, Jakobo o ile a laela bohle ba neng ba e na le yena hore ba lahle medimo ya bona ya ditshwantsho. Jakobo o ile a lahla medimo ya ditshwantsho ho akarelletsa le masale ao ho ka etsahalang hore a ne a rwalwa ho itshireletsa ho bademona. (Ge 35:1-4) Re ka kgodiseha hore Jehova o ile a kgahliswa ke seo Jakobo a se entseng.

Re ka fa Jehova boinehelo bo kgethehileng jwang mehleng ee? Ntho ya bohlokwa eo re lokelang ho e etsa ke ho qoba ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba ditshwantsho kapa bodemona. Sena se akarelletsa ho lahla ntho le ha e le efe e amanang le boloi ha mmoho le ho hlahloba boithabiso ba rona ka hloko. Ka mohlala, ipotse: ‘Na ke thabela ho bala dibuka kapa ho shebella dimuvi tse hlahisang dinwamadi, dithotsela kapa batho ba nang le matla a fetang a tlhaho? Na dintho tseo di bontsha boselamose, boloi kapa ho bitsetsa batho ba bang bomadimabe ho bonahale eka ha ho kotsi?’ Re lokela ho ba hole le dintho tseo Jehova a di hloileng.​—Pes 97:10.

SHEBELLA VIDEO E RENG “HANYETSA DIABOLOSE,” EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Palesa ya neng a ithuta Bibele o ile a hlahelwa ke bothata bofe?

  • Ke hobaneng ha o lokela ho kopa thuso ho baholo haeba wena kapa motho eo o ithutang Bibele le yena a sokodiswa ke bademona?

  • Hanyetsa Diabolose, mme o atamele ho Modimo.​—Jak 4:7, 8

    Haeba re batla hore Jehova a re sireletse, ke dintho dife tseo re lokelang ho di lahla?

  • Palesa o ile a nka kgato efe?

  • O ka qoba ho susumetswa ke bademona ka ditsela dife moo o dulang teng?