Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Fetofetoha le Maemo

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Fetofetoha le Maemo

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Batlotsuwa le ba bongata bo boholo ba mema batho ba mefuta yohle hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tše 22:17) Metsi a na a tshwantshetso a emela dintho tsohle tseo Jehova a fanang ka tsona ho pholosa batho ba mamelang sebeng le lefung. E le hore re thuse batho ba nang le ditso le ditumelo tse sa tshwaneng, re lokela ho bolela “ditaba tse molemo tse sa feleng” ka tsela e kgahlang e mong le e mong wa bona.​—Tše 14:6.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Kgetha ho bua ka taba e itseng kapa lengolo le tla ama batho ba tshimong ya heno. O ka kgetha ho bua o sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho kapa wa kgetha ho bua ka molaetsa oo o kileng wa o sebedisa ka katleho. Batho ba tshimong ya heno ba thabela ho bua ka ditaba dife le mangolo afe? Na ho na le ntho e hlahileng ditabeng eo batho ba nahanang ka yona le eo ba buang ka yona? Ke taba efe e ka kgahlang monna kapa mosadi?

  • Dumedisa batho bao o buisanang le bona ka tsela e tlwaelehileng sebakeng sa heno.​2Ko 6:3, 4

  • Tseba dingolwa le divideo tse hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta e le hore o di bontshe motho ya thahasellang

  • Downloada divideo le dingolwa ka dipuo tsa batho ba tshimong ya heno

  • Fetola molaetsa wa hao ho latela ditlhoko tsa mongantlo. (1Ko 9:19-23) Ka mohlala, o ka reng haeba o utlwa hore mongantlo o sa tswa hlokahallwa?

SHEBELLA VIDEO, EBE KA MORA MOO O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng eo mohweletsi a qadileng ho bua ka yona le mongantlo?

  • Mongantlo o ne a etsahallwa ke eng bophelong ba hae?

  • Lengolo le neng le le molemo boemo boo ke lefe, hona hobaneng?

  • O fetola molaetsa wa hao jwang hore o kgahle batho ba tshimong ya heno?