Dipaki Tsa Jehova di ruta molaetsa wa Bibele Cambodia

BUKANA YA SEBOKA SA BOPHELO BA BOKRESTE LE TSHEBELETSO YA RONA February 2018

Mehlala ya Seo o ka se Buang le Batho

Mehlala ya seo o ka se buang e thehilwe dipotsong tse lateng: Na Bibele e ntse e le molemo mehleng ya rona? Na e dumellana le saense? Na keletso ya yona e ya sebetsa?

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

Papiso ya Koro le Mofoka

Jesu o hlalosa eng papisong ya hae ya koro le mofoka? Ke bomang ba emelang mojadi, sera le mokotudi?

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Re ka Ithutang Dipapisong Tsa Mmuso?

Jesu o ile a sebedisa dipapiso tse bonolo ho ruta dithuto tse tebileng. Re ka ithutang dithutong tse ho Matheu kgaolo ya 13?

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae

Jesu o ile a laela barutuwa ba hae hore ba fepe batho ba bangata le hoja ba ne ba e na le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi feela?

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Hlompha Ntatao le Mmao”

Jesu o ile a hatisa bohlokwa ba ho hlompha ‘mmao le ntatao.’ Na taelo ee ya ho hlompha batswadi e na le moedi?

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

O Nahana Menahano ya Mang?

Re lokela ho etsang e le hore re tataiswe ke Modimo, eseng Satane? Jesu o ile a bontsha dintho tse tharo tseo re lokelang ho di etsa e le hore re qobe monahano o fosahetseng.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding​—⁠Ka ho Sebedisa Dipotso ka Tsela e Atlehang

Jesu o ile a botsa dipotso ho ruta bamamedi ba hae dithuto tsa bohlokwa. Re ka etsisa bokgoni ba hae ba ho ruta jwang tshebeletsong ya rona?

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

Qoba ho Ikgopisa le ho Kgopisa ba Bang

Jesu o ile a etsa dipapiso ho bontsha hore na ho kgopiswa kapa ho kgopisa ba bang ke ntho e tebileng hakae. Keng e ka bang kgopiso bophelong ba hao?